Feta

BIBELE E FETOLA BOPHELO BA BATHO

“Ke ne ke Itjhekela Lebitla”

“Ke ne ke Itjhekela Lebitla”
  • Ke Hlahile ka: 1978

  • Naha ya Heso: El Salvador

  • Pele: Ke ne ke le Setho sa Kenke e Mabifi

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG

“Haeba o batla ho ithuta ka Modimo, o lokela ho tswela pele o ithuta le Dipaki Tsa Jehova.” Ke ile ka makala haholo ha ke utlwa taba ena. Ka nako eo ke ne ke se ke ntse ke ithuta le Dipaki Tsa Jehova. Empa e le hore o utlwisise hore na ke hobaneng ha ke ne ke maketse, e re ke o bolelle hanyane ka bophelo baka.

Ke hlahetse Quezaltepeque e teropong ya El Salvador. Ke ne ke le ngwana wa bo tshelela ho ba bana ba 15. Batswadi baka ba ile ba leka ho nruta hore ke be ngwana ya buang nnete le ya mamelang melao. Ho ekeletsa moo, hangata Leonardo le ba bang ba Dipaki Tsa Jehova ba ne ba re ruta Bibele. Empa ha ke a ka ka mamela seo ke neng ke se rutwa mme ka etsa diqeto tse fosahetseng. Ha ke le dilemo di 14, ke ile ka qala ho nwa jwala le ho sebedisa dithethefatsi le metswalle yaka eo ke neng ke kena sekolo le yona. Ba ile ba tlohela sekolo hore e lo ba karolo ya kenke e nngwe mme ke ile ka latela mohlala wa bona o mobe. Re ne re qeta letshehare kaofela re le seterateng, re qobella batho hore ba re fe tjhelete ya bona le ho utswa e le hore re kgone ho patalla dintho tse mpe tseo re neng re di etsa.

Kenke ena e ile ya ba lelapa leso. Ke ne ke nahana hore ke lokela ho dula ke ba tshepahalla. Ka mohlala, ka letsatsi le leng e mong wa kenke ya rona o ne a le tlasa tshusumetso ya dithethefatsi mme o ile a lwantsha e mong wa baahelani ba ka. Ha ba ntse ba lwana, moahelani wa ka o ile a kgona ho hlola motswalle wa ka mme a founela mapolesa. Ke ne ke halefile haholo, ka hoo ka qala ho senya koloi ya moahelani wa ka ka koto ke leka ho etsa hore a tlohele motswalle enwa wa ka. Moahelani o ile a nkopa ka tiyo hore ke emise ha ke ntse ke otla difenstere tsa hae le ho senya koloi empa ha ke a ka ka mo mamela.

Ha ke le dilemo di 18, re ile ra lwantsha mapolesa. Ha ke ne ke lahleha bomo eo re neng re iketseditse yona ho mapolesa, e ile ya phatloha ka matsohong a ka. Seo ke se hopolang ke hore ke ile ka bona letsoho la ka le robehile dikoto mme ke ile ka akgeha. Ke tsohile ke se ke le sepetlele mme ka bona hore ha ke sa na letsoho le letona, tsebe ya ka e ka lehlakoreng le letona ha e sa utlwa hantle le leihlo le ka le ka lehlakoreng le letona ha le sa bona hantle.

Ho sa tsotellehe maqeba ao ke neng ke ena le ona, ka mora hore ke tswe sepetlele ke ile ka kgutlela hona sehlopheng seo. Nakwana ka mora moo, mapolesa a ile a ntshwara mme ka ya teronkong. Ha re ntse re le teronkong re ile ra ba metswalle e matla haholo re le ditho tsa kenke ena. Ka ha re ne re etsa dintho ha mmoho letsatsi lohle, ho tloha ha re qala ho tsuba matekwane pele re ja dijo tsa hoseng ho fihlela re robala bosiu.

KA MOO BIBELE E ILENG YA FETOLA BOPHELO BAKA KA TENG

Ha ke ntse ke le teronkong Leonardo o ile a ntjhakela. Ha re ntse re bua o ile a supa di tattoo tse ka letsohong la ka le letona. Yaba o re: “Na o a tseba hore di tattoo tsena tse tharo di bolelang?” Ke ile ka re: “Ho jwalo, di bolela thobalano, dithethefatsi le monate.” Empa Leonardo o ile a re: “Nna nkare di bolela sepetlele, teronko le lefu. O se o tswa sepetlele, hona jwale o teronkong, na o a tseba hore na keng se tla latela?”

Seo Leonardo a ileng a se bua se ile sa ntshosa. O ne a nepile, ke ne ke itjhekela lebitla. Leonardo o ile a nkopa hore ke ithute Bibele le yena mme ke ile ka dumela. Seo ke ithutileng sona ka Bibeleng se ile sa fetola bophelo baka. Ka mohlala, Bibele e re “ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Ka hoo, ntho ya pele eo ke neng ke lokela ho e etsa ke ho ba le metswalle e metjha. Ke ile ka qala ho ya dibokeng tsa Dipaki Tsa Jehova tse neng di tshwarelwa mona teronkong ho ena le ho ya dikopanong tsa kenke ya ka. Ke ile ka kopana le motshwaruwammoho e leng Andrés ya ileng a kolobelletswa hona mona teronkong. O ile a re re tlo ja dijo tsa hoseng ha mmoho. Ka mora moo ke ile ka tlohela ho tsuba matekwane. Ho e na le hoo, nna le Andrés re ne re buisana ka temana ya Bibele hoseng ho hong le ho hong.

Kenke e ile ya hlokomela hore ke ntse ke fetoha. Ka lebaka leo motho ya etellang kenke ena pele o ile a kopa ho bua le nna. Ke ne ke tshohile. Ka ha ke ne ke sa tsebe hore na o ne a tla nketsang haeba a ka tseba hore ke ne ke batla ho tlohela kenke. O ile a re ho nna: “Re bone hore ha o sa tla dikopanong tsa rona empa o ya dibokeng tsa Dipaki Tsa Jehova. O ikemiseditse ho etsang?” Ke ile ka mo bolella hore ke batla ho tswela pele ke ithuta Bibele le ho fetola bophelo ba ka. Ke ile ka makala ha a re ho nna kenke e tla hlompha qeto ya ka ha feela ke bontsha hore ka nnete ke batla ho ba Paki ya Jehova. O ile a boela a re: “Haeba o batla ho ithuta ka Modimo, o lokela ho tswela pele o ithuta le Dipaki Tsa Jehova. Re lebelletse hore o tlohelle ho etsa dintho tse mpe. Ke a o babatsa. O kgethile tsela e nepahetseng. Dipaki di ka o thusa haholo. Ke ne ke bala le bona kwana United States mme ba bang ba lelapa leso ke Dipaki Tsa Jehova. O se ke wa tshoha empa o tswele pele.” Ke ne ke ntse ke tshohile empa ka nako e tshwanang ke thabile haholo. Ke ile ka leboha Jehova ka pelong. Ke ile ka ikutlwa eka ke nonyana e ntshitsweng ka lebokoseng mme ke ile ka utlwisisa mantswe a Jesu ha a ne a re: “Le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.”​—Johanne 8:32.

Le ha ho le jwalo, ba bang bao e neng e le metswalle yaka, ba ile ba mpha dithethefatsi. Ho bua nnete ka dinako tse ding ke ne ke dumela ho di tsuba. Empa ha nako e ntse e ya, ka mora hore ke rapele haholo ke ile ka tlohela mekgwa ena e mebe.​—Pesaleme ya 51:10, 11.

Ka mora hore ke lokollwe teronkong, batho ba bangata ba ne ba nahana hore ke tlo kgutlela mekgweng yaka e mebe empa ha ke a ka ka kgutlela. Ho e na le hoo, hangata ke ne ka ya teronkong ke lo bolella batho bao ke neng ke tshwerwe le bona ka seo ke ithutileng sona ka Bibeleng. Qetellong metswalle yaka ya pele e ile ya kgodiseha hore ke fetohile. Ho utlwisang bohloko ke hore bao e neng e le dira tsa ka bona ba ne ba sa kgolwe seo.

Ka letsatsi le leng ha re ntse re tshimong, nna le motho eo ke neng ke tsamaya le yena re ile ra potapotwa ke batho ba neng ba tshwere dibetsa, bao e neng e le ditho tsa kenke e neng e le dira tsa kenke eo ke neng ke le ho yona pele mme ba ne ba batla ho mpolaya. Ka bonolo motho eo ke neng ke tsamaya le yena o ile a ba hlalosetsa hore ha ke sale setho sa kenke eo. Ka nako e tshwanang, ke ile ka leka ho dula ke kgobile matshwafo. Ka mora hore ba nshape ba ile ba mpolella hore ke se ke ka hlola ke ya sebakeng seo mme ba ile ba re tlohela hore re tsamaye. Ka nnete Bibele e fetotse bophelo ba ka. Nakong e fetile, nkabe ke ile ka leka ho iphethetsa. Empa hona jwale ke mamela taelo ya Bibele e ho 1 Bathesalonika 5:15 e reng: “Tiisang hore ho se ke ha eba le ya busetsang bobe ka bobe ho mang kapa mang, empa ka mehla e mong a phehelle se molemo ho e mong le ho ba bang kaofela.”

Ho tloha ha ke ne ke eba Paki ya Jehova, ke ile ka leka ho dula ke le motho ya buang nnete empa ho ne ho se bonolo. Le ha ho le jwalo ka thuso ya Jehova, keletso eo ke e fumanang ka Bibeleng le ka moo metswalle yaka e neng e ntsheheditse ka teng, ke ile ka kgona. Ha ke batle ho kgutle mekgweng yaka e mebe.​—2 Petrose 2:22.

KA MOO KE ILENG KA HLOHONOLOFALA KA TENG

Ke ne ke le motho ya mabifi ebile ke dula ke halefile. Ke kgodisehile hore haeba ke ile ka tswela pele ke phela ka tsela eo, nka be ke shwele hona jwale. Seo ke ithutileng sona ka Bibeleng se ile sa fetola bophelo baka. Ka hoo, ke ile ka tlohela ho itshwara ha mpe mme ka ba le kgotso le dira tsaka. (Luka 6:27) Ho na jwale ke na le metswalle e nthusang hore ke itshware hantle. (Liproverbia 13:20) Hona jwale ke a tseba hore ke phelelang ebile ke thabela ho sebeletsa Modimo ya ikemiseditseng ho tshwarela dintho tsohle tse mpe tseo ke di entseng.​—Esaia 1:18.

Ka 2006, ke ile ka ya kwetlisong e ikgethang ya baevangedi ba Bakreste ba masoha. Dilemo ka mora moo, ke ile ka nyala mme ra ba le ngwana wa ngwanana. Hona jwale ke qeta nako e ngata ke ruta batho ba bang melaomotheo ya Bibele e ileng ya nthusa. Ke boetse ke moholo phuthehong ya heso mme ke leka ho thusa batjha hore ba se ke ba etsa diphoso tseo ke ileng ka di etsa ha ke ne ke le dilemong tsa bona. Ho ena le hore ke itjhekele lebitla, ke na le tshepo ya bokamoso boo Modimo a re tshepisang bona ka Bibeleng.