Feta

Ho Kganna Dithuto Tsa Bibele ka Public Fono

Ho Kganna Dithuto Tsa Bibele ka Public Fono

 Daiane ke Paki ya Jehova e dulang Brazil mme o sebedisa nako ya hae ho bolella batho molaetsa wa Bibele. Ka letsatsi le leng ha a ntse a bolella batho molaetsa wa Bibele ka fono, o ile a bua le banyalani ba batjha ba ileng ba rata molaetsa oo. Le ha ho le jwalo, ba ile ba mo bolella hore ba se ba e yo dula mahaeng moo ho se nang motlakase le Inthanete le hore ha ho na Dipaki Tsa Jehova sebakeng seo. Ka hoo banyalani bao ba ile ba fa Daiane dinomoro tsa public fono ya motseng e le hore ba tswele pele ho bua ka Bibele. Ba ile ba dumellana ba le bararo hore na ba tla bua ka nako efe le letsatsing lefe.

 Jwalo ka ha ba ne ba dumellane, Daiane o ile a letsa yaba ba a araba. Dibekeng tse pedi tse latellanang, ba ile ba bua ka makgetlo a mararo ka beke.

 Le ha ho le jwalo, banyalani bao ba ile ba kgaotsa ho araba fono ka mora dibeke tseo tse pedi. Daiane ha a ka a nyahama empa o ile a nna a letsa ka makgetlo a mararo ka beke mme o ne a bua le mang kapa mang ya arabang fono. Ka lebaka leo, Daiane o ile a kgona ho bua le batho ba mmalwa ka Bibele motseng oo.

 Ka letsatsi le leng ha Daiane le monna wa hae ba ntse ba ithuta Bibele le mohlankana e mong, moetapele wa kereke e nngwe motseng moo o ile a utlwa ditaba tsa bona. O ile a atamela pela mohlankana eo e le hore a utlwe hantle. Yaba o kopa ho bua le Daiane le monna wa hae. O ile a thabela dintho tseo a ithutileng tsona yaba le yena o kopa ho ithuta Bibele le bona.

 Ha nako e ntse e eya Daiane le monna wa hae ba ile ba qetella ba ruta batho ba tsheletseng Bibele ka fono motseng oo ho akareletsa le moetapele wa kereke. Ba bang ba bona ba ile ba ba ba kena dibokeng ka yona public fono eo. Ntate e mong o ile a ba a etsa bentjhe e le hore ba dule ha ba tlo ithuta Bibele.

 Daiane le monna wa hae ba ananela haholo monyetla oo ba bileng le wona wa ho phatlalatsa molaetsa wa Mmuso motseng ona o mahaeng. Daiane o re: “Jehova a ka etsa eng kapa eng e le hore ditaba tse monate di fihle ho batho bohle esita le ba mahaeng.”