Feta

Na Dipaki Tsa Jehova di Qobella Bana ba Bona Hore le Bona Ebe Dipaki Tsa Jehova?

Na Dipaki Tsa Jehova di Qobella Bana ba Bona Hore le Bona Ebe Dipaki Tsa Jehova?

 Tjhe, ho sebeletsa Modimo ke qeto ya motho ka bomong. (Baroma 14:​12) Dipaki Tsa Jehova di ruta bana ba bona melaomotheo ya Bibele, empa ha ba se ba hodile ba ka iketsetsa qeto hore na ba batla ho ba Dipaki Tsa Jehova kapa tjhe.​—Baroma 12:2; Bagalata 6:5.

 Dipaki Tsa Jehova le tsona jwalo ka motswadi e mong le e mong di batlela bana ba bona se molemo. Di ruta bana ba bona seo ba nahanang hore se molemo bakeng sa bona, e leng tsebo, mekgwa e metle ya boitshwaro le seo ba ka se dumelang. Dipaki Tsa Jehova di dumela hore ho phela ka melaomotheo ya Bibele ho molemo, ke ka hoo di tswelang pele ho ruta bana ba bona hore ba phele ho latela melaomotheo ena ka hore ba bale Bibele le bona le ho ya Dibokeng tsa Bokreste le bona. (Deuteronoma 6:​6, 7) Ngwana e mong le e mong ha a ntse a hola a ka iketsetsa qeto ya hore na o batla ho latela seo batswadi ba hae ba se dumelang kapa tjhe.

 Na Dipaki Tsa Jehova di kolobetsa masea?

 Tjhe, Bibele ha e kgothalletse hore ho kolobetswe masea. Ka mohlala, Bakreste ba mehleng ya pele ba ile ba bolellwa molaetsa wa Bibele pele ba kolobetswa mme ba o amohela ka pelo yohle le ho swabela diphoso tsa bona.(Liketso 2:​14, 22, 38, 41) Ka hoo e le hore motho a kolobetswe o lokela ho hola ka ho lekaneng le ho utlwisisa seo Bibele e se rutang mme o lokela ho se dumela le ho etsa qeto ya hore o tla phela ho latela seo a ithutileng sona ka Bibeleng. Lesea le ke ke la kgona ho etsa dintho tsena.

 Ha bana ba hola, ba kanna ba kgetha hore ba kolobetswe. Le ha ho le jwalo, e le hore ba kolobetswe ba lokela ho utlwisisa boitlamo boo ba bo etsang.

 Na Dipaki Tsa Jehova di kwatela bana ba bona haeba ba sa kgethe ho kolobetswa?

 Tjhe, le hoja batswadi ba Dipaki ba utlwa bohloko ha bana ba bona ba sa dumele seo ba se dumelang, ba ntse ba rata bana ba bona ebile ba tswela pele ho ba nka jwalo ka bana ba bona ho sa tsotellehe hore na ke Dipaki kapa tjhe.

Motho e mong le e mong, ho sa tsotellehe hore na o dilemo tse kae, o lokela ho iketsetsa qeto ya hore na o tla kolobetswa kapa tjhe

 Ke hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di tsamaya le bana ba bona ha di ilo ruta batho Bibele?

 Re ya le bana ba rona mosebetsing wa ho ruta batho Bibele ka mabaka a fapaneng. a

  •   Bibele e laela batswadi hore ba rute bana ka Modimo le ho ba kwetlisetsa hore ba mo sebeletse. (Baefese 6:4) Kaha ho sebeletsa Modimo ho akarelletsa hore motho a bue ka tumelo ya hae phatlalatsa, ho ruta batho ba bang Bibele ke karolo ya bohlokwa ya hore ngwana a ithute ho eketsehileng ka Modimo.​—Baroma 10:​9,10; Baheberu 13:15.

  •   Bibele ka ho toba e kgothalletsa bana hore ba “rorise lebitso la Morena.” (Pesaleme ya 148:​12, 13, King James Version) Tsela e molemo ya ho rorisa Modimo ke ka ho bua le batho ba bang ka yena. b

  •   Ha bana ba tsamaya le batswadi ba bona ho ilo ruta batho Bibele, seo se etsa hore ba rue molemo o moholo. Ka mohlala, ba ithuta ho bua le batho ba mefuta yohle hape ba ba le makgabane a bohlokwa a kang ho ba le qenehelo, mosa, tlhompho le ho nahanela batho ba bang. Hape ho ruta batho ba bang Bibele ho ba thusa hore ba utlwisise ha molemo seo ba se dumelang ka Bibeleng.

 Na Dipaki Tsa Jehova di keteka matsatsi a phomolo kapa mekete e meng?

 Dipaki Tsa Jehova ha di nke karolo matsatsing a phomolo, a bodumedi kapa meketeng e meng e sa thabiseng Jehova. c (2  Bakorinthe 6:​14-17; Baefese 5:​10) Ka mohlala, ha re nke karolo meketeng ya matsatsi a tswalo kapa keresemese e leng dintho tse sa qalang bodumeding.

 Le ha ho le jwalo, re thabela ho qeta nako le ba lelapa le ho rekela bana ba rona dimpho. Ho ena le hore re be ha mmoho le ba lelapa le ho fa batho ba bang dimpho feela ka matsatsi a itseng re lokisetsa hore re be ha mmoho le ho fana ka dimpho nako e nngwe le e nngwe selemong.

Batswadi ba Bakreste ba thabela ho fa bana ba bona dimpho

a Nnete ke hore bana ba Dipaki ha ba ye mosebetsing wa ho bolela ntle le motswadi kapa motho e mong ya ka ikarabellang.

b Bibele e bua ka bana ba mmalwa ba ileng ba thabisa Modimo ka hore ba bue le batho ba bang ka seo ba se dumelang.​—2 Marena 5:​1-3; Matheu 21:​15, 16; Luka 2:​42, 46, 47.

d Mabitso a fetotswe.