Feta

Na ke Lokela ho ba e Mong wa Dipaki Tsa Jehova Haeba ke Dumela ho Ithuta le Bona Bibele?

Na ke Lokela ho ba e Mong wa Dipaki Tsa Jehova Haeba ke Dumela ho Ithuta le Bona Bibele?

 Tjhe, ha se setlamo. Batho ba dimillione ba thabela ho ithuta Bibele le rona empa e sa be Dipaki Tsa Jehova. a Morero wa thuto ena ke ho thusa batho ho tseba hore ke eng seo Bibele e se rutang. Ho tswa ho wena hore na o etsang eng ka tsebo eo o ithutileng yona. Re ya hlokomela hore motho o lokela ho iketsetsa qeto ya hore o tla dumela eng.​—Joshua 24:15.

Na nka sebedisa Bibele ya ka ha ke ithuta Bibele?

 E. Le hoja re thabela ho sebedisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang le ho e fa batho mahala haeba ba e batla, re ka thaba haholo haeba o ka sebedisa Bibele ya hao. O ka kgona ho ithuta molaetsa wa Bibele o fanang ka tshepo le poloko phetolelong e nngwe le e nngwe.

Ke hobaneng ha o lokela ho ithuta le batho ba sa dumeleng seo o se dumelang?

  •   Ntho ya bohlokwa bophelong ba rona ke lerato leo re nang le lona ho Jehova Modimo, ya batlang hore Bakreste ba rute ba bang seo ba ithutileng sona. (Matheu 22:37, 38; 28:19, 20) Re ikutlwa re le motlotlo hore e be re “basebetsi mmoho le Modimo” ka ho thusa batho hore ba ithute Lentswe la hae e leng Bibele.​—1 Bakorinthe 3:​6-9.

  •   Hape re etsa sena hobane re rata baahelani ba rona. (Matheu 22:39) Re fumana thabo ka ho arolelana le ba bang seo re ithutileng sona.​—Liketso 20:35.

a Ha re sheba palo ya batho bao re ithutang Bibele le bona, selemong sa 2023 re thutile Bibele le batho ba 7 281 212 kgwedi le kgwedi, bao boholo ba bona re ithutang le bona ka nako e le nngwe. Le ha ho le jwalo ke batho ba 269 517 feela ba ileng ba kolobetswa e le Dipaki Tsa Jehova selemong seo.