Feta

28 MARCH 2018
DITABA TSA LEFATSHE KA BOPHARA

Dipaki Tsa Jehova di Bontsha Bonngwe Lefatsheng Lohle ka ho Kenya Letsoho Letsholong la ho Ngola Mangolo a Yang Russia

Dipaki Tsa Jehova di Bontsha Bonngwe Lefatsheng Lohle ka ho Kenya Letsoho Letsholong la ho Ngola Mangolo a Yang Russia

Ka Labobedi la di 21 tsa March 2017, Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova se ile sa kopa hore bara le baradibabo rona lefatsheng lohle ba ngole mangolo ho ipiletsa ho ba boholong pusong ya Russia ba batlang ho thibela mosebetsi wa rona. Ke nnete hore ha re tsebe hantle hore na ke mangolo a makae a fihlileng ho ba pusong kwana Russia, ba bangata ba ngotseng ba ile ba netefalletswa hore mangolo a bona a fihlile. Le hoja puso ya Russia e ile ya kgetha ho hlasela borapedi ba bara le baradibabo rona le ho se mamele dikopo tse tiileng tsa mangolo a ileng a ngolwa, letsholo leo le ne hlolla mme le bontsha bonngwe bo teng mokgatlong wa Jehova. Le ile la atleha ho netefalletsa bara le baradibabo rona ba Russia hore mokgatlo ohle wa barababo bona o ka lehlakoreng la bona.—1 Petrose 2:17.

Ngwananyana e mong wa Bolivia o ngola lengolo le yang Russia.

Dipaki Tsa Jehova tse ngata di ile tsa etsa sohle ho tshehetsa letsholo lena. Dinaheng tse ding, ho romela mangolo a yang Russia ho ne ho bitsa haholo, ka hona, bara le baradibabo rona ba nang le bohona ba ile ba tshehetsa haholo mme thusa ba kojwana di mahetleng hore le bona ba kgone ho nka karolo letsholong lena. Maemong a mang, bahweletsi ba ne ba lokela ho romela mangolo ho metswalle ya bona e dulang dinaheng tseo ho tsona ho seng turu ho isa mangolo Russia. Bara le baradibabo rona ba bangata ba ile ba ngola mangolo e le malapa kapa e le phutheho mme ba a romela a le mangata ka nako e le nngwe. Sena se ile sa thusa barababo rona ho fokotsa ditjeo le ho momahana ketsahalong ena ya bohlokwa.

Ditlaleho di bontsha hore ho ile ha ba le basebeletsi ba diposong ba ileng ba tshehetsa letsholo lena. Ka mohlala, mookamedi e mong wa khamphani e tsamaisang thepa kwana Barranquilla, Colombia o ile a re: “Ka nnete ke ne ke hlolletswe ha ke bona ka moo mokgatlo wa lona o momahaneng ka teng. Kaofela le ne le kopane ho etsa morero o le mong wa ho ngola lengolo le yang Russia. Ke nahana hore seo le se etsang mona Barranquilla ke sona seo Dipaki tse ding di se etsang lefatsheng ho pota. Ke bona eka batho ba bangata ba tla bona hore molaetsa ona ke wa bohlokwa.” Kwana Anseong, South Korea, mookamedi wa ofisi ya poso o ile a etsa motjha o kgethehileng ho nolofalletsa Dipaki Tsa Jehova hore di kgone ho romela mangolo. A ba a fa bara le baradibabo rona enfelopo mahala e etseditsweng ho romela mangolo dinaheng tse ka ntle.

Ditho tsa phutheho Guinea kwana di kopana ha mmoho e le hore di ngole mangolo.

Mmuelli wa Dipaki Tsa Jehova ya bitswang Yaroslav Sivulskiy, o re: “Ha bara le baradibabo rona ba Russia ba utlwela hore Sehlopha se Busang se thakgotse letsholo la ho ngola mangolo molemong wa bona, ba ile ba kgodiseha hore ho sa tsotellehe ditlamorao tsa lekgotla, ha ba bang tumelong.”

Morabo rona Mark Sanderson wa Sehlopha se Busang, o ile a re: “Letsholo lena la ho ngola lengolo, le bontsha hore ka nnete bahlanka ba Jehova ke ntho e le nngwe. Ha e le hantle re tlo hloka bonngwe bona e le hore re tle re pholohe bofelo ba lefatshe lena. Jwale ha re ntse re letetse ho bona hore na Jehova o tla sebetsa ditaba jwang Russia, re tla nne re etse sohle seo re ka se kgonang ho thusa barabao babo rona. Re tla boela hape re nne re etse kopo e tiileng ho Jehova re momahane, re kgodisehile hore Modimo wa rona o tla ba hlokomela ho bata kapa ho tjhesa.”—Pesaleme ya 65:2.

 

Austria

Bolivia

Bosnia le Herzegovina

Denmark

Ecuador

Germany

Ghana

Guatemala

Indonesia

Japan

Nepal

Romania

Rwanda

Slovakia

Spain

Sri Lanka

Switzerland

Tanzania

Zambia