Feta

Jehova ke Mang?

Jehova ke Mang?

Karabo ya Bibele

 Jehova ke Modimo wa nnete eo ho buuwang ka yena ka Bibeleng le Mmopi wa dintho tsohle. (Tšenolo 4:​11) Ke Modimo eo Abrahama, Moshe le Jesu ba ileng ba mo rapela. (Genese 24:27; Exoda 15:1, 2; Johanne 20:​17) Ha se Modimo wa batho ba morabe o itseng feela empa ke Modimo wa batho ba ‘lefatsheng lohle.’​—Pesaleme ya 47:2.

 Jehova ke lebitso la Modimo le boletsweng ka Bibeleng. (Exoda 3:​15; Pesaleme ya 83:18) Le tswa leetsing la Seheberu le bolelang “ho ba” mme ditsebi tse ngata tsa Bibele di dumela hore lebitso lena le bolela “O Etsa Hore ho be.” Tlhaloso ena e tshwanela Jehova hobane ke Mmopi ebile o phetha merero yohle ya hae. (Esaia 55:10, 11) Bibele e re thusa hore re tsebe hore na Jehova ke Modimo ya jwang. E re bolella hore ke Modimo ya lerato.​—Exoda 34:5; Luka 6:35; 1 Johanne 4:8.

 Ka Seheberu, lebitso la Modimo ke ditlhaku tse nne e leng יהוה (YHWH), tse tsebahalang e le Tetragrammaton. Ka Sesotho lebitso lena ke Jehova. Ha ho tsebahale hantle hore na lebitso lena le ne le bitswa jwang ka Seheberu sa mehleng ya kgale. Le ha ho le jwalo, e se e le nako e telele batho ba tseba lebitso lena “Jehova” ka Senyesemane. Le ile la hlaha ka lekgetlo la pele Bibeleng e fetoletsweng ke William Tyndale ka 1530. *

Ke hobaneng ha ho sa tsejwe hore na lebitso la Modimo le ne le bitswa jwang ka Seheberu sa mehleng ya kgale?

 Seheberu sa mehleng ya kgale se ne se sa sebedise didumanotshi ha se ngolwa empa se ne se sebedisa didumiswa feela. Ha motho ya neng a tseba Seheberu a bala, o ne a ikenyetsa didumanotshi tse loketseng. Le ha ho le jwalo, ka mora hore Mangolo a Seheberu (Testamente ya Kgale) a qetwe ho ngolwa, Bajuda ba ile ba eba le tumelo e fosahetseng ya hore ke phoso ho bitsa lebitso la Modimo e leng Jehova. Ha ba ne ba balla hodimo mangolo a nang le lebitso la Modimo, ba ne ba sa le bitse empa ba ne ba kenya “Morena” kapa “Modimo.” Ha dilemo di ntse di feta, tumelo eo e fosahetseng e ile ya ata yaba batho ba qetella ba sa tsebe hore na lebitso la Modimo le lokela ho bitswa jwang. *

 Batho ba bang ba re lebitso leo le ne le bitswa “Yahweh,” ha batho ba bang bona ba re le ne le bitswa ka ditsela tse ding tse fapaneng. Moqolo o fumanweng Lewatleng le Shweleng o nang le karolo ya lengolo la Levitike ka puo ya Segerike, o fetoletse lebitso leo e le Iao. Bangodi ba kgale ba Segerike ba ne ba re lebitso la Modimo le bitswa Iae, I·a·beʹ, le I·a·ou·eʹ, empa ho ntse ho se na bopaki ba hore le ne le bitswa jwalo ka Seheberu sa kgalekgale. *

Maikutlo a fosahetseng ka lebitso la Modimo le hlahang ka Bibeleng

 Maikutlo a fosahetseng: Batho ba fetoletseng Dibibele tse nang le lebitso “Jehova” ba ikenyeditse lona.

 Seo e leng nnete: Lentswe la Seheberu le emelang lebitso la Modimo ka sebopeho sa Tetragrammaton le hlaha ka makgetlo a ka bang 7 000 ka Bibeleng. * Diphetolelo tse ngata di tlosa lebitso la Modimo ka mabaka a sa utlwahaleng ebe bakeng sa lona ba sebedisa lentswe “Morena.”

 Maikutlo a fosahetseng: Modimo Ya Matla Ohle ha a hloke lebitso le kgethehileng.

 Seo e leng nnete: Modimo ka boyena o ile a budulela bangodi ba Bibele hore ba sebedise lebitso la hae ka makgetlo a dikete, ebile o laela batho bohle ba mo rapelang hore ba le sebedise. (Esaia 42:8; Joele 2:​32; Malakia 3:​16; Baroma 10:​13) Ha e le hantle, Modimo o ile a ahlola Baprofeta ba bohata ba neng ba leka ho etsa hore batho ba lebale lebitso la hae.​—Jeremia 23:27.

 Maikutlo a fosahetseng: Lebitso la Modimo le lokela ho tloswa ka Bibeleng jwalo ka ha Bajuda ba ile ba etsa.

 Seo e leng nnete: Ke nnete hore bangodi ba bang ba Sejuda ba ne ba sa batle ho bitsa lebitso la Modimo. Le ha ho le jwalo, ha baa ka ba le tlosa Dibibeleng tsa bona. Ntlha e ka sehloohong eo re lokelang ho e hopola ke hore, Modimo ha a batle hore re latele ditlwaelo tsa batho tse etsang hore re se ke ra mamela melao ya hae.​—Matheu 15:​1-3.

 Maikutlo a fosahetseng: Lebitso la Modimo ha le a lokela ho sebediswa ka Bibeleng hobane ha ho tsebahale hantle hore na le bitswa jwang ka Seheberu.

 Seo e leng nnete: Lebaka lena le fetisa maikutlo a hore Modimo o lebelletse hore batho ba buang dipuo tse fapaneng ba bitse lebitso la hae ka tsela e tshwanang. Le ha ho le jwalo, Bibele e a bontsha hore barapedi ba Modimo ba nakong e fetileng ba neng ba bua dipuo tse fapaneng, ba ne ba bitsa mabitso a batho ka ditsela tse fapaneng.

 Ha re etse mohlala ka lebitso la moahlodi wa Moiseraele, e leng Joshua. Ho ka etsahala hore Bakreste ba mehleng ya Baapostola ba neng ba bua Seheberu, ba ne ba bitsa lebitso la hae Yehoh·shuʹaʽ, ha ba neng ba bua Segerike bona ba ne ba le bitsa I·e·sousʹ. Bibele e sebedisitse phetolelo ya Segerike ya lebitso la Seheberu la Joshua, e leng ntho e bontshang hore Bakreste ba ne ba sebedisa mokgwa o neng o tlwaelehile wa ho bitsa mabitso ka puo ya bona.​—Liketso 7:​45; Baheberu 4:8.

 Ho ka sebediswa kutlwisiso e tshwanang ha ho fetolelwa lebitso la Modimo. Ntho eo e bileng e leng ya bohlokwa haholo ke hore lebitso la Modimo le kgutlisetswe moo le lokelang ho ba teng ka Bibeleng eseng hakaalo ho re na le lokela ho bitswa jwang.

^ Tyndale o sebedisitse lebitso “Iehouah” dibukeng tse hlano tse qalang tsa Bibele eo a e fetoletsweng. Ha nako e ntse e feta, puo ya Senyesemane e ile ya fetoha mme le mokgwa wa ho ngola lebitso la Modimo o ile wa fetoha. Mohlala, ka 1612, Henry Ainsworth o ile a sebedisa lebitso “Iehovah” ha a fetolela buka ya Dipesaleme. Ka 1639 ha a ntlafatsa phetolelo eo ya hae, o ile a sebedisa lebitso “Jehovah.” Ka tsela e tshwanang, bafetoledi ba Bibele ya American Standard Version e hatisitsweng ka 1901, ba ile ba sebedisa lebitso “Jehovah” hohle moo lebitso la Modimo le neng le hlaha teng ka Seheberu.

^ New Catholic Encyclopedia, Kgatiso ya Bobedi, Buka ya 14 leqepheng la 883-​884 e re: “Nakwana ka mora hore Bajuda ba kgutle Botlamuweng, batho ba ile ba qala ho nka lebitso Yahweh le ikgetha hoo ba neng ba tshaba ho le sebedisa, ka hoo ba qala tlwaelo ya ho ngola lentswe ADONAI kapa ELOHIM sebakeng sa lebitso lena.”

^ E le hore o fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba sehlooho se reng “The Divine Name in the Hebrew Scriptures,” sehlomathisong sa A4 Bibeleng e ntjha ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ea Senyesemane.

^ Sheba Theological Lexicon of the Old Testament, Buka ya 14 leqepheng la 523-​524.