Feta

Ke Hobaneng ha Jesu a ile a Shwa?

Ke Hobaneng ha Jesu a ile a Shwa?

Karabo ya Bibele

Jesu o ile a shwa e le hore batho ba ka tshwarelwa dibe le hore ba ka fumana bophelo bo sa feleng. (Baroma 6:​23; Baefese 1:7) Lefu la Jesu ke bopaki ba hore motho a ka tshepahalla Modimo le haeba a ka bolawa.​—Baheberu 4:​15.

Hlokomela kamoo lefu la motho a le mong le re tswetseng molemo kateng.

  1. Jesu o ile a shwa e le hore re ka ‘tshwarelwa dibe tsa rona.’​—Bakolose 1:​14.

    Modimo o ile a bopa Adama a phethahetse a se na sebe. Le ha ho le jwalo, ha a ka a mamela Modimo. Ka ha Adama ha a ka a mamela, seo se ile sa bakela bana ba hae mahlomola . Bibele e re: “Jwalo ka ha ka ho se mamele ha motho a le mong, ba bangata ba ile ba etswa baetsadibe.”​—Baroma 5:​19.

    Jesu o ne a phethahetse jwalo ka Adama, empa ha a ka a etsa sebe. Ke kahoo e ka bang “sehlabelo sa poelano bakeng sa dibe tsa rona.” (1 Johanne 2:2) Ho se mamele ha Adama ho ile ha bakela moloko wa batho hore o be le sebe, lefu la Jesu lona, le hlakola sekodi sa sebe ho ba bontshang tumelo ho yena.

    Ke tsela eo, re ka re Adama o rekisitse batho sebeng. Jesu o ile a ithaopela ho shwela batho e le hore a ka ba rekolla. Ka lebaka leo, “haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, e leng Jesu Kreste, ya lokileng.”​—1 Johanne 2:1.

  2. Jesu o ile a shwa “e le hore e mong le e mong ya bontshang tumelo ho yena a se ke a timetswa empa a be le bophelo bo sa feleng.”​—Johanne 3:​16.

    Le ho ja Modimo a ne a rerile hore Adama a phele ka ho sa feleng, o ile a shwa ka lebaka la ho se mamele. Ka Adama “sebe se ile sa kena lefatsheng le lefu la kena ka sebe, mme kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”​—Baroma 5:​12.

    Lefu la Jesu lona ha le tlose feela sekodi sa sebe empa le boetse le etsa hore ba bontshang tumelo ho yena ba se ke ba hlola ba shwa. Bibele e bontsha hore: “Feela jwalo ka ha sebe se ile sa busa e le morena le lefu, ka ho tshwanang le mosa o sa tshwanelang o ka busa e le morena ka ho loka ka tebello ya bophelo bo sa feleng ka Jesu Kreste Morena wa rona.”​—Baroma 5:​21.

    Ke nnete hore kajeno batho ba a shwa. Le ha ho le jwalo, Modimo o tshepisa batho hore o tla ba fa bophelo bo sa feleng le ho tsosa bafu e le hore ba ka rua molemo lefung la Jesu.​—Pesaleme ya 37:29; 1 Bakorinthe 15:22.

  3. Jesu o ile “a mamela ho isa lefung,” o ne a bontsha hore motho a ka kgona ho tshepahalla Modimo le ha a ka kopana le diteko.​—Bafilipi 2:8.

    Ho sa tsotellehe hore na Adama o ne a phethahetse ha kae, ha a ka a mamela Modimo, o ile a batla seo e neng e se sa hae. (Genese 2:​16, 17; 3:6) Kamora moo, Satane eo e leng sera se ka se sehloohong sa Modimo, o ile a re ha ho na motho ya ka kgonang ho mamela Modimo, haholoholo ha bophelo ba hae bo le kotsing. (Jobo 2:4) Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a mamela Modimo a ba a dula a mo tshepahalla, le ha a bolawa ka sehloho. (Baheberu 7:​26) Sena se etsa hore re fihlele qeto ya hore: Motho a ka kgona ho dula a tshepahalla Modimo le ha a ka kopana le dintho tse ka lekang botshepehi ba hae.

Dipotso tseo batho ba ipotsang tsona ka lefu la Jesu

  • Ke hobaneng ha Jesu a ile a tlameha hore a shwe e le hore a ka lopolla batho sebeng? Ke hobaneng ha Modimo a sa ka a fedisa lefu ho tloha qalong?

    Molao wa Modimo o re “moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:​23) Ho e na le hore Modimo a patele Adama molao ona o ile a mo bolella hore ha a sa mamele o ne a tla shwa. (Genese 3:3) Seo Modimo “ya ke keng a bua leshano” a neng a se buile se ile sa phethahala ha Adama a etsa sebe. (Tite 1:2) Adama ha a ka fetisetsa sebe fela baneng ba hae empa o fetisitse le mputso wa sebe e leng lefu.

    Batho ba sa mameleng molao wa Modimo ba tswanelwa ke moputswa wa ho shwa, empa Modimo o ba fa “maruo a mosa wa hae o sa tshwanelang.” (Baefese 1:7) Tokisetso eo Modimo a e etseditseng batho ka hore a romele mora wa hae Jesu e le sehlabelo se phethahetseng e bontsha hore o na le toka ebile o mohau.

  • Jesu o shwele neng?

    Jesu o shwele “ka hora ya borobong” kapa hoo e ka bang ka 3 ya motsheare nakong ya Paseka ya Bajuda. (Mareka 15:33-​37) Ho ya ka khalendara ya kajeno Jesu o shwele ka Labohlano la 1 April, ka selemo sa 33.

  • Jesu o shwelletse hokae?

    Jesu o ile a bolaelwa “moo ho thweng ke Sebaka sa Lehata, se bitswang Golgotha ka Seheberu.” (Johanne 19:17, 18) Sebaka sena se ne se le “ka ntle ho heke” ya Jerusalema mehleng ya Jesu. (Baheberu 13:12) E tlameha hore ebe sebaka sena se ne se le sebakeng se phahameng hobane Bibele e re ho ne ho na le “ba neng ba shebile ba le hojana.” (Mareka 15:40) Le ha ho le jwalo, Golgotha ha hona moo e fumanehang teng kajeno.

  • Jesu o shwele jwang?

    Batho ba bangata ba dumela hore Jesu o bolaetswe sefapanong, empa Bibele e re: “O ile a jara dibe tsa rona mmeleng wa hae thupeng. (1 Petrose 2:​24, King James Version) Bangodi ba Bible ba sebedisitse mantswe a mabedi a Seheberu ha ba hlalosa hore na Jesu o bolaetswe ho eng​e leng stau·rosʹ le xyʹlon. Diithuti tse ngata di fihletse qeto ya hore mantswe ana a bolela palo e le nngwe e entsweng ka patsi.

  • Re lokela ho hopola lefu la Jesu jwang?

    Bosiung ba Paseka ya Bajuda, Jesu o ile a bontsha barutuwa ba hae hore ba lokela ho etsang ha a se a shwele, o ile a re: “Le nne le etse sena ho nkgopola.” (1 Bakorinthe 11:24) Kamora dihora tse seng kae, Jesu o ile a shwa.

    Bangodi ba Bibele ba bapisa Jesu le konyana e neng e nehelwa e le sehlabelo ka Paseka. (1 Bakorinthe 5:7) Jwalo ka ha Paseka e ne e hopotsa Baiseraele hore ba lokollotswe bokgobeng, le Sehopotso sa lefu la Jesu Kreste le hopotsa Bakreste hore ba lokollotswe sebeng le lefung. Paseka e ne e le tshwarwa ka Nisane 14 ho latela khalendara ya Bajuda, e ne e etswa ha nngwe ka selemo mme le Bakreste ba pele ba ne ba etsa se tshwanang ka hore ba tshware Sehoptso ha nngwe ka selemo.

    Selemo le selemo, ka letsatsi le tsamaisanang hantle le la Nisane 14, batho ba dimillione lefatsheng ka bophara ba ikgopotsa lefu la Jesu.