Feta

DINTHO TSE KA THUSANG LELAPA | HO HODISA BANA

Ke Hobaneng ha e le ha Bohlokwa Hore le Tlwaetse Bana ho Bala?​—Karolo ya Pele: Theknoloji Kapa Dibuka?

Ke Hobaneng ha e le ha Bohlokwa Hore le Tlwaetse Bana ho Bala?​—Karolo ya Pele: Theknoloji Kapa Dibuka?

 Nakong eo bana ba hao ba phomotseng, na ba thabela ho shebella divideo kapa ho bala? Ke eng seo ba se ratang, difouno kapa dibuka?

 Ho theosa le dilemo, batho ba nnile ba fellwa ke thahasello ya ho bala ka lebaka la TV le dintho tseo ba kgonang ho di etsa Inthaneteng. Bukeng ya hae ya Endangered Minds (1990) Jane Healy o ile a re: “Ha nako e ntse e ya, batho ba ka nna ba kgaotsa ho bala.”

 Mehleng eo, o ne o ke ke wa nahana hore batho ba ne ba ka kgaotsa ho bala. Le ha ho le jwalo, dilemo tse 30 hamorao, matitjhere a ile a hlokomela hore ka lebaka la theknoloji, batjha ba bangata ha ba tsebe ho bala jwalo ka batho ba mehleng ya pele.

Seo re tlo ithuta sona sehloohong sena

 Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore le tlwaetse bana ho bala?

  •   Ha o bala, o kgona ho sebedisa monahano wa hao. Ka mohlala, ha o bala pale, na o kgona ho utlwa lentswe la motho eo o balang ka yena? O shebahala jwang? Moo a leng teng ho jwang? Mongodi o hlalosa dintho tse ding empa motho ya balang o lokela ho iketsetsa setshwantsho se felletseng.

     Mme e mong ya bitswang Laura o re: “Ha re shebella difilimi kapa divideo, re bona tsela eo motho e mong a nahanang ka yona. Le hoja re ka thabela seo, ho na le ntho e ikgethang ka ho bala hobane o kgona ho inahanela seo motho e mong a se ngotseng.”

  •   Ho bala ho thusa bana hore ba be le makgabane a matle. Ho bala ho thusa bana hore ba be le bokgoni ba ho rarolla mathata. E le hore bana ba kgone ho bala, ba lokela ho tsepamisa mehopolo ya bona. Ha ba etsa jwalo, ba ba le makgabane a kang mamello, boitshwaro le kutlwelo bohloko.

     Ho ba le kutlwelo bohloko? E! Bafuputsi ba bang ba dumela hore ha bana ba bala dipale ka hloko, seo se ba thusa hore ba nahane ka maikutlo a batho bao ba balang ka bona. Seo se ka thusa bana hore ba bontshe batho bao ba ba tsebang kutlwelo bohloko.

  •   Ho bala ho etsa hore motho a nahanisise. Batho ba balang ka hloko, ba bala ka lebelo le ba loketseng ebile ba ka ba ba pheta moo ba ntseng ba bala haeba ho hlokahala e le ho utlwisisa hore na mongodi o reng. Ha ba etsa jwalo, ba tla nolofallwa ke ho hopola seo ba ntseng ba se bala le ho rua molemo ho sona.​—1 Timothea 4:15.

     Ntate ya bitswang Joseph o re: “Ha o bala, o nolofallwa ke ho nahanisisa ka seo o se balang le ho se bapisa le seo o se tsebang ebe o lemoha seo o ithutang sona. Ha se ka mehla divideo le difilimi di re kgothalletsang ho nahanisisa ka tsela ena.”

 Nnete ya taba: Le hoja divideo le dintho tse ding tseo bana ba di shebellang di ka ba thusa ka tsela e itseng, ba ka lahlehelwa ke ho hongata haeba ba sa iphe nako ya ho bala.

 O ka ba kgothalletsa ho bala jwang?

  •   Ba qale ba sa le banyenyane. Mme Chloe ya nang le bana ba babedi o re: “Re ile ra qala ho balla bana ba rona le pele ba hlaha mme ra tswela pele re ntse re ba balla le ka mora hore ba hlahe. Re a thaba hore ebe ha re a ka ra kgaotsa. Ha nako e ntse e ya, ba ile ba thabela ho bala.”

     Bibele e re: “Ho tloha boseyeng o tsebile dingodilweng tse halalelang.”​—2 Timothea 3:15.

  •   Etsa hore bana ba hao ba thabele ho bala. Etsa hore ho be le dibuka ka tlung e le hore bana ba hao ba ka thahasella ho bala. Mme Tamara ya nang le bana ba bane o re: “Eba le dibuka tseo bana ba hao ba ka thabelang ho di bala ebe o di beha pela dibethe tsa bona.”

     Bibele e re: “Kwetlisa moshanyana ho ya ka tsela e mo loketseng, esita le ha a tsofala a ke ke a e kgeloha.”​—Liproverbia 22:6.

  •   Fokotsa tshebediso ya Inthanete. Ntate ya bitswang Daniel o re malapa a ka ba le bosiu bo le bong bekeng moo e mong le e mong a sa sebediseng sesebediswa sa elektronike. O re: “Ha nngwe ka beke re ne re ba le bosiu boo re sa shebelleng TV. Re ne re sebedisa nako eo ho bala hammoho kapa ka bomong.”

     Bibele e re: “Nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.”​—Bafilipi 1:10.

  •  Ba behele mohlala. Mme Karina ya nang le bana ba babedi o re: “Ha o ntse o balla bana ba hao dipale, etsa hore di phele mme o bontshe le ka tsela eo o balang ka yona hore o thabela ho bala. Bana ba hao ba ka latela mohlala wa hao haeba o rata ho bala.”

     Bibele e re: “O tswele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa.”​—1 Timothea 4:13.

 Ha se bana bohle ba tla rata ho bala. Le ha ho le jwalo, haeba o ba kgothalletsa ho bala, seo se ka tsosa thahasello ya bona. Ntate David ya nang le baradi ba babedi o etsa ho fetang hoo. O re: “Ke ne ke atisa ho bala seo bana ba ka ba se balang e leng se neng se nthusa hore ke bone hore na ba ne ba thahasella eng. Hape, se ne se nthusa hore ke be le dintho tseo nka buang le bona ka tsona. Re ne re se re ena le sehlophanyana sa rona sa ho bala. Ho ne ho le monate haholo.”