Feta

NA E ENTSWE?

Tsela e Hlollang eo Nko ya Ntja e Fofonelang ka Yona

Tsela e Hlollang eo Nko ya Ntja e Fofonelang ka Yona

Bafuputsi ba re dintja di kgona ho fofonela hore na ntja e nngwe e na le dilemo tse kae, hore na ke ya ntate kapa ya mme le hore na ntja e nngwe e ikutlwa jwang. Dintja di ka kgona ho kwetlisetswa hore di fofonele dithethefatsi le dintho tse ding tse seng molaong. Ha batho ba sebedisa mahlo a bona ho hlahlobisisa se etsahetseng, ntja yona e sebedisa nko ya yona ho fofonela se etsahetseng.

Nahana ka sena: Tsela eo ntja e kgonang ho fofonela ka yona, e feta ya batho ka makgetlo a 10 000 ho ya ho a 100 000. Ho ya ka U.S. National Institute of Standards and Technology, “ntjha e kgona ho fofonela monko wa ntho e nngwe le e nngwe le haeba e tswakilwe le e meng. Sena se bolela hore le haeba ho ka tshelwa teaspoon ya tshwekere ka hara swimming pool e kgolo ya di Olympic, ntjha e ka kgona ho utlwa hore ho na le tswekere ka moo.”

Hobaneng ha tsela eo ntjha e fofonelang ka yona e feta ya batho?

  • Nko ya ntja e mongobo, ka hoo e kgona ho utlwa menko e fapaneng.

  • Nko ya ntja e na le masoba a mabedi, le leng e le sebedisetsa ho hema mme le leng e le sebedisetsa ho fofonela. Ha ntja e fofonela, di cell tsa yona tse e thusang ho fofonela tse ka hara nko, di e thusa hore e kgone ho utlwa hore na ke eng e nkgang.

  • Karolo e ka hare ya nko ya ntja e ka ba boholo ba di square centimeter tse 130 kapa ya feta moo, athe ya motho yona e ka ba di square centimeter tse 5 feela.

  • Di cell tsa ntja tse e thusang ho fofonela, di feta tsa batho ka makgetlo a 50.

Di cell tsena di thusa ntja hore e kgone ho utlwa monko wa ntho e nngwe le e nngwe le dinthong tse tswakilweng. Ka mohlala, ditsebi tse ding di re ha ho phehilwe sopho, re kgona ho utlwa monko wa yona empa ntja yona e kgona ho utlwa monko wa ntho e nngwe le e nngwe e kentsweng ka sophong.

Bafuputsi ba Pine Street Foundation, ba etsang dipatlisiso ka kankere ba re: “Nko ya ntja e sebedisana le boko ba yona, ka hoo ho a hlolla hore ebe e kgona ho utlwa monko ka tsela e jwalo.” Borasaense ba ntse ba etsa di sebediswa tsa elektronike tse kgonang ho utlwa dintho tse seng molaong jwalo ka dithethefatsi, le ho sheba mafu a akarelletsang lefu la kankere.

Wena o nahanang ka taba ee? Na tsela eo ntja e kgonang ho fofonela ka yona e iketsahalletse fela? Kapa na e entswe?