Kosepele ya Johanne 14:1-31
14 “Le se ke la itumella ho tshwenyeha.+ Bontshang hore le dumela ho Modimo+ le ho nna.
2 Dibaka tsa bodulo di ngata ka tlung ya Ntate. Nka be ke sa le bolella hoja ho ne ho se jwalo. Ke yo le lokisetsa sebaka.+
3 Ha ke se ke ile ke le lokiseditse sebaka, ke tla kgutla ebe ke le tlisa lapeng ho nna e le hore le ka ba moo ke leng teng.+
4 Le tseba tsela ya moo ke yang.”
5 Thomase+ a re ho yena: “Morena, ha re tsebe moo o yang. Re ka tseba tsela jwang?”
6 Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela,+ nnete+ le bophelo.+ Ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.+
7 Haeba le ne le ntsebile, le Ntate le ka be le mo tsebile. Ho tloha hona jwale ho ya pele le tla mo tseba, ha e le hantle le se le mo bone.”+
8 Filipi a re ho yena: “Morena, ha o ka re bontsha Ntate re tla be re kgotsofetse.”
9 Jesu a re ho yena: “Filipi, ke bile le lona nako e telele hakaale ha o ntsebe? Ya mponeng o bone le Ntate.+ Jwale ho tla jwang hore ebe o re ke le bontshe Ntate?
10 Na ha o dumele hore nna le Ntate re momahane?+ Ha ke iqapele dintho tseo ke le bolellang tsona+ empa Ntate eo nna le yena re momahaneng, o ntshebedisa ho phetha mesebetsi ya hae.
11 Nkgolweng ha ke re ke momahane le Ntate. Ha le sa nkgolwe, le dumele ka lebaka la mesebetsi ya ka.+
12 Ke a le tiisetsa hore ya bontshang hore o dumela ho nna o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a be a etse e meholo ho e feta+ hobane nna ke ya ho Ntate.+
13 Ho feta moo, dintho tsohle tseo le di kopang ka lebitso la ka ke tla di etsa, e le hore Ntate a ka tlotliswa ka lebaka la Mora.+
14 Eng kapa eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa.
15 Haeba le nthata, le tla mamela ditaelo tsa ka.+
16 Ke tla kopa Ntate mme yena o tla le fa mothusi* ya tla ba le lona ka ho sa feleng+
17 e leng moya o halalelang o etsang hore nnete e hlake.+ Lefatshe le ke ke la o fumana hobane ha le o bone ebile ha le o tsebe.+ Lona le a o tseba hobane o na le lona ebile o teng ka ho lona.
18 Nke ke ka le siya le saretswe.* Ke tla kgutlela ho lona.+
19 Ka mora nakwana, lefatshe ha le sa tla hlola le mpona empa lona le tla mpona.+ Ka ha ke a phela le lona le tla phela.
20 Letsatsing leo le tla tseba hore nna le Ntate re momahane le hore nna le lona re momahane.+
21 Motho ya amohelang ditaelo tsa ka a bile a di mamela, ke yena ya nthatang. Ya nthatang o tla ratwa ke Ntate. Le nna ke tla mo rata mme ke etse hore a ntsebe ka ho hlaka.”
22 Judase+ empa eseng Judase Iskariota, a re ho yena: “Morena, ke hobaneng ha o batla hore re o tsebe hantle empa o sa batle hore lefatshe le o tsebe hantle?”
23 Jesu a re ho yena: “Ya nthatang o a mmamela+ mme Ntate o tla mo rata. Nna le Ntate re tla tla ho yena re dule le yena.+
24 Motho ya sa nthateng ha a mmamele. Mantswe ao ke a buang ha se a ka empa ke a Ntate ya nthomileng.+
25 Ke le boleletse dintho tsena ha ke sa ntse ke ena le lona.
26 Moya o halalelang oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka hore o le thuse, o tla le ruta dintho tsohle o be o le hopotse dintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.+
27 Ke tla etsa hore le be le kgotso eo le neng le ena le yona ha ke ne ke ena le lona.+ Kgotso eo ke fanang ka yona ha e tshwane le eo lefatshe le fanang ka yona. Le se ke la itumella ho kgathatseha kapa la itumella ho nyahamiswa ke ho tshoha.
28 Le utlwile hore ke itse ke a tsamaya empa ke tla kgutlela ho lona. Haeba le ne le nthata, le ne le tla thabela hore ke ya ho Ntate hobane Ntate o moholo ho nna.+
29 Ke le bolella pele ke tsamaya e le hore mohla ke tsamayang le ka dumela.+
30 Ha ke sa tla hlola ke bua dintho tse ngata le lona ka ha mmusi wa lefatshe+ o a tla mme ha a na matla hodima ka.+
31 Empa e le hore lefatshe le tsebe hore ke rata Ntate, ke etsa dintho tseo Ntate a ntaetseng hore ke di etse.+ A re tsamayeng.