Kosepele ya Matheu 19:1-30

  • Lenyalo le tlhalo (1-9)

  • Mpho ya bosoha (10-12)

  • Jesu o hlohonolofatsa bana (13-15)

  • Potso ya mohlankana wa morui (16-24)

  • Ho itella Mmuso wa Modimo (25-30)

19  Ha Jesu a qetile ho bua ditaba tsena, a tloha Galilea a ya meeding ya Judea ka mose ho Jordane.+  Letshwele le leholo la mo sala morao mme a le phekolela moo.  Bafarisi ba tla ho yena ba ikemiseditse ho mo leka ba re: “Na molao o dumella monna ho hlala mosadi wa hae ka lebaka le ha e le lefe?”+  Ha a araba a re: “Na ha le eso bale hore qalong Modimo o bopile monna le mosadi+  yaba o re: ‘Ka lebaka leo, monna o tla siya ntate wa hae le mme wa hae a kgomarele mosadi wa hae mme bobedi ba bona e tla ba nama e le nngwe’?+  E leng hore ha ba sa le babedi empa e se e le nama e le nngwe. Ka hona, ho se ke ha eba le motho ya arolang batho bao Modimo a ba kopantseng.”*+  Ba re ho yena: “Jwale ke hobaneng ha Moshe a laetse hore monna a fe mosadi lengolo la tlhalo, a mo hlale?”+  A re ho bona: “Moshe o ile a le dumella ho hlala basadi ba lona hobane le le manganga.+ Empa qalong ho ne ho se jwalo.+  Ke re ho lona, mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae haese ka lebaka la boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano* ebe o nyala e mong o a feba.”+ 10  Barutuwa ba re ho yena: “Haeba lenyalo le jwalo, ha se bohlale ho nyala.” 11  A re ho bona: “Ha se bohle ba ka kgonang ho phela jwalo empa ke feela ba nang le mpho eo+ 12  hobane ho na le batho ba hlahileng e le maqhalaha* le ba entsweng maqhalaha ke batho. Hape ho na le ba sa nyaleng* ka lebaka la Mmuso wa mahodimo. Ya ka kgonang ho phela jwalo a ke a phele jwalo.”+ 13  Batho ba tlisa bana ba banyenyane ho yena e le hore a ba hlohonolofatse* le ho ba rapella empa barutuwa ba ba kgalemela.+ 14  Le ha ho le jwalo, Jesu a re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho nna. Le se ke la leka ho ba thiba hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba tshwanang le bona.”+ 15  A ba hlohonolofatsa* yaba o a tsamaya. 16  Mohlankana e mong a tla ho yena a re: “Mosuwe, ke etseng e molemo hore ke be le bophelo bo sa feleng?”+ 17  Jesu a re ho yena: “Ke hobaneng ha o mpotsa hore na o etseng e molemo?+ Ke Modimo feela ya molemo. Empa haeba o batla ho ba le bophelo bo sa feleng, o mamele ditaelo o sa kgaotse.”+ 18  A re ho yena: “Dife?” Jesu a re: “O se ke wa bolaya,+ o se ke wa feba,+ o se ke wa utswa+ kapa wa fana ka bopaki ba bohata.+ 19  O hlomphe ntate wa hao le mme wa hao.+ O rate moahisani wa hao jwalo ka ha o ithata.”+ 20  Mohlankana eo a re ho yena: “Ke phetha ditaelo tseo tsohle. Ho sa setseng?” 21  Jesu a re ho yena: “Haeba o batla ho phethahala, tsamaya o rekise dintho tsa hao ebe o fa bafutsana tjhelete eo, jwale o tla ba le letlotlo lehodimong.+ Ka mora moo o tle, o be molatedi wa ka.”+ 22  Ha mohlankana eo a utlwa mantswe ao, a tloha a saretswe hobane o ne a ruile haholo.+ 23  Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Ka nnete ke re ho lona, e tla ba ntho e thata hore morui a kene Mmusong wa mahodimo.+ 24  Hape ke re ho lona, ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.”+ 25  Ha barutuwa ba utlwa a tjho jwalo, ba makala haholo ba re: “Ke mang ya ka pholohang?”+ 26  Jesu a ba sheba yaba o re ho bona: “Ho batho ho ke ke ha kgoneha empa dintho tsohle di a kgoneha ho Modimo.”+ 27  Petrose a re: “Bona, re siile dintho tsohle mme ra o latela. Jwale re tla fumana eng?”+ 28  Jesu a re ho bona: “Ka nnete ke re ho lona, ha dintho tsohle di ntjhafatswa, Mora motho a dula teroneng ya hae e kganyang, lona ba ntatetseng le tla dula diteroneng tse 12, le ahlole meloko e 12 ya Iseraele.+ 29  E mong le e mong ya siileng matlo, bana babo, ntate kapa mme, bana kapa masimo ka lebaka la lebitso la ka o tla fumana dintho tsena halekgolo a be a fumane bophelo bo sa feleng.+ 30  Empa ba bangata ba pele e tla ba ba ho qetela mme ba ho qetela e be ba pele.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “kopantseng ha mmoho jokong.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Sheba Tlhaloso ya Leqhalaha.
Ka Segerike: “ba ikentseng maqhalaha.”
Ka Segerike: “behe matsoho.”
Ka Segerike: “A ba beha matsoho.”