Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Kopano e Haswa Thelevisheneng le Seya le Moyeng

Kopano e Haswa Thelevisheneng le Seya le Moyeng

LA 1 AUGUST 2021

 Kopano ya Setereke ya 2020 ebile e ikgethileng haholo hobane e ne e le ka lekgetlo la pele re shebella kopano e rekotilweng mme e fumaneha Inthaneteng! Le ha ho le jwalo, bara le baradibabo rona ba Malawi le Mozambique, ba ile ba shebella kopano ba sa sebedise Inthanete. Seo se ile sa kgonahala jwang?

 Komiti ya Thuto le ya Bohokahanyi ya Sehlopha se Busang, di ile tsa fana ka tumello ya hore ho phatlalatswe kopano thelevisheneng le seya le moyeng Malawi le Mozambique. Ke hobaneng ha ba ile ba etsa tokisetso eo? Ke hobane data ya Malawi e a tura mme ke Dipaki tse seng kae feela tse kgonang ho e reka. William Chumbi wa Komiti ya Lekala la Malawi o re: “Seya le moya le thelevishene ke yona feela tsela eo bara le baradibabo rona ba kgonang ho e sebedisa e le hore ba kgone ho shebella kopano.” Luka Sibeko eo le yena a sebeletsang Komiting ya Lekala la Malawi, o re: “Kopano e ka be e ile ya shebellwa ke bara le baradibabo rona ba seng bakae feela lekaleng la rona haeba ho ne ho sa etswa tokisetso ya hore kopano e haswe thelevisheneng le seya le moyeng.” Ke ntho e tshwanang le Mozambique, ke Bakrestemmoho le rona ba mmalwa feela ba nang le disebediswa tsa elektronike tseo ba kgonang ho shebella kopano ho tsona haesitana le yona Inthanete.

Ditlhophiso

 Ka lebaka la COVID-19, diteishene tsa thelevishene le tsa seya le moya di ne di se di ntse di hasa diboka. a Barababo rona ba ile ba kopa hore ba ekelletswe nako e le hore ba kgone ho hasa lenaneo la kopano.

 Bakrestemmoho le rona ba Malawi ba ne ba na le bothata bo bong. Hangata diteishene di dumella batho hore ba hase hora feela hobane ba re ha mananeo a bapala nako e telele, seo se ka fokotsa thahasello ya bamamedi. Barababo rona ba ile ba ba hlalosetsa hore mosebetsi wa rona o thusa batho. Le nakong ena ya ho kginwa ha metsamao ya batho, re ntse re thusa batho ka hore re ba bolelle ditaba tse monate tse tswang ka Bibeleng, tse ba thusang hore e be baahi ba molemo le hore malapa a bona a ka fumana thabo jwang. Diteishene di ile tsa amohela kopo ya bona mme tsa ba ekelletsa nako.

 Kopano e ile ya haswa ke seteishene sa thelevishene se le seng le sa seya le moya Malawi, ka hoo kopano e ile ya kgona ho mamelwa ke batho ba bangata naheng yohle. Mozambique teng kopano e ile ya haswa seteisheneng se le seng sa thelevishene le diteisheneng tse 85 tsa seya le moya.

 Dinaheng tsena ka bobedi ho ile ha sebediswa tjhelete e ka bang R412 114.20 hore ho phatlalatswe kopano thelevisheneng mme ho ilwe ha sebediswa R292 000 ho hasa kopano seya le moyeng. Tjhelete e neng e lokelwa ho patalwa e ne e fapane. Seteisheneng se se nyane o ne o ka lefa R219 athe ho se hasang naheng yohle o ne o ka lefa R40 544.20.

 Barababo rona ba sebeditse ka thata e le hore ba sebedise menehelo ya lona hantle. Ka mohlala, Malawi ba ile ba kgona ho theolelwa tjhelete ka diperesente tse 30 ka hoo ba ile ba sallwa ke R24 980.60. Diteishene tse ding tsa Mozambique, di ne di re theolela tjhelete ka lebaka la botumo ba rona bo botle le ho patala ka nako.

Diteboho

 Bakrestemmoho le rona ba thabile haholo hore e be ba ile ba kgona ho mamela kopano thelevisheneng le seya le moyeng. Moholo e mong wa Malawi eo lebitso la hae e leng Patrick o re: “Re leboha barababo rona ba Sehlopha se Busang haholo ka tokisetso ena e lerato nakong ena ya sewa.” Isaac ya tswang Malawi o re: “Ha re na disebediswa tsa electronike, ka hoo re thabetse haholo tokisetso e entsweng ya hore re mamele kopano seya le moyeng. Nna le lelapa laka re ithutile dintho tse ngata hobane re mametse kopano. Tokisetso ena e entse hore re hlokomele hore Jehova o rata batho ba hae.”

 Mohweletsi e mong wa Mozambique ya neng a qala ho ya kopanong ka 2020 o re: “Tokisetso e entsweng ya hore re kgone ho shebella kopano thelevisheneng e nkgopoditse hore Jehova ke Modimo ya matla ohle. Sewa sena ha se a ka sa mo thibela hore a re fe dintho tse re thusang hore re be le tumelo e matla re ntse re dutse ka tlung. Ke bone hore batho ba sebeletsang Jehova ba na le lerato. Ke kgodisehile hore bona ke bodumedi ba nnete.”

 Moholo e mong ya bitswang Wyson o re: “Ke rata ho leboha lekgoba le tshepahalang ka moo le re hlokometseng ka teng nakong ena ya sewa. Tokisetso e entsweng ya hore re kgone ho mamela kopano thelevisheneng le seya le moyeng, e thusitse batho ba bangata ba tshwanang le nna ba se nang tjhelete ba dulang naheng ena hore le bona ba rue molemo.”

 Bakeng sa kopano ya setereke ya 2021, Komiti ya Thuto le ya Bohokahanyi di entse tokisetso ya hore kopano e haswe thelevisheneng le seya le moyeng dibakeng tse itseng feela. Re kgona jwang ho patalla ditshenyehelo tsee tsa kopano? Ke ka lebaka la menehelo ya lona e ntshwang ka ditsela tse fapaneng jwalo ka ha ho hlalositswe ho donate.mt711.com. Re leboha haholo ka menehelo ya lona.

a Qalong ya 2020, Komiti ya Bohokahanyi e ile ya fana ka tumello ya hore ho haswe diboka thelevisheneng le seya le moyeng dibakeng tse itseng nakong ena ya sewa sa COVID-19. Tokisetso ena e thusitse batho ba bangata ba sa kgoneng ho kena dibokeng kapa ho JW Stream ka Inthanete ka lebaka la hore data e a tura ebile ha ba kgone ho reka disebediswa tsa elecktonike. Le ha ho le jwalo, tokisetso ena ha e a etsetswa batho ba dulang dibakeng tseo ho tsona ba kgonang ho kena dibokeng.