Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Keletso ya Bibele e ka re Tswela Molemo Kajeno?

Na Keletso ya Bibele e ka re Tswela Molemo Kajeno?

BATHO BA BANG BA RE TJHE! Ebile ngaka e nngwe e re ho sebedisa tataiso ya Bibele, ho tshwana le ho sebedisa buka ya kgale kwana ka bo 1920 ho ruta tlelase ya khemistri. Motho ya sa dumeleng seo Bibele e se rutang le yena a ka nna a botsa ka ho phoqa, hore na ebe ke mang ya ka sebedisang buka ya ditaelo ya khompiyutha ya kgalekgale, ho sebedisa khompiyutha ya sejwalejwale! Ka mantswe a mang, re a hlokomela hore batho ba bang ba tadima Bibele e le buka ya kgale e siilweng ke dinako.

Mananeo a TV le diwebsaete tse ding, di bapatsa metjha e mengata ya tlhahisoleseding moo ho fanwang ka dikeletso. Esita le dishopo tse rekisang dibuka le tsona, di na le dibuka tse ngata tseo motho a ka ithekelang tsona mme mohlomong tsa mo tataisa hore na ke jwang a ka etsang dimilione tsa tjhelete. Empa na ho ntse ho hlokahala hore batho ba sebedise buka ya kgale hakaale, ho ba tataisa mehleng ena ya theknoloji?

Jwale, ke hobaneng ha e le habohlokwa hore o batle tlhahisoleding e tswang Bibeleng, e leng buka e ngotsweng dilemo tse 2 000 tse fetileng? Na batho ba sa dumeleng seo Bibele e se rutang ba nepile ha ba re ho sebedisa tataiso ya Bibele, ho tshwana le ho sebedisa buka ya kgale ya khemistri kapa buka ya ditaelo ya khompiyutha ya kgalekgale? Ha e le hantle ba bua leshano. Ke nnete hore saense le theknoloji di a fetofetoha nako le nako, empa na ditlhoko tsa motheo tsa batho tsona di fetohile? Batho ba ntse ba batla ho tseba hore na ba phelelang le hore na ba lokela ho etsang e le hore ba thabele bophelo ba sireletsehile. Ba boetse ba kgathatsehile ka ho ba le dikamano tse ntle le malapa a bona haesitana le ho ba le metswalle e tshwarellang.

Le hoja Bibele e le buka ya kgale, e fana ka lesedi le loketseng bakeng sa ditlhoko tseo. Ebile e ya ipuella hore e buduletswe ke Mmopi wa rona. E ngolletswe ho re laya dinthong tsohle bophelong le ho re hlomella ho hlola diphephetso tse ka re hlahelang. (2 Timothea 3:16, 17) Ho feta moo, e re fa keletso e sa siuwang ke nako le e sebetsang ka dinako tsohle! Bibele e re: “Lentswe la Modimo le a phela.”—Baheberu 4:12.

Empa na ehlile seo ke nnete? Na ke buka e tswileng fesheneng kapa ha e le hantle dikeletso tsa yona di ntse di sebetsa le kajeno, ka mantswe a mang, na ke buka e phelang? Sepheo sa makasine ena ya Tora ya ho Lebela, e leng ya pele ya dimakasine tse kgethehileng, ke ho o thusa hore o fumane dikarabo tsa dipotso tsena.