Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O ka Fumana Bohlale

O ka Fumana Bohlale

“Lengolo lohle le buduletswe ke Modimo.” (2 Timothea 3:​16) Temaneng ena lentswe “buduletswe” le bolela hore Modimo ya Matla Ohle o ile a kenya menahano ya hae dikelellong tsa bangodi ba Bibele.

Modimo o Batla Hore Bohlale ba Hae bo o Tswele Molemo

“Nna, Jehova, ke . . . nna ya o rutang hore o itswele molemo, ya etsang hore o tsamaye tseleng eo o lokelang ho tsamaya ka yona. Hoja o ka ela ditaelo tsa ka hloko! Jwale kgotso ya hao e ne e tla tshwana le noka, mme ho loka ha hao ho tshwane le maqhubu a lewatle.”​—ESAIA 48:​17, 18.

O ka nka mantswe ana e le memo e tswang ho Modimo e tlang ho wena. O batla hore o be le kgotso o be o dule o thabile mme a ka o thusa hore ho be jwalo.

O ka Fumana Bohlale bo Tswang ho Modimo

“Ditaba tse molemo di lokela ho bolelwa ditjhabeng tsohle.”​—MAREKA 13:10.

“Ditaba tse molemo” di akarelletsa tshepiso ya Jehova ya ho fedisa mathata, ho etsa lefatshe paradeise le ho tsosa baratuwa ba rona ba hlokahetseng. Dipaki Tsa Jehova di bolella batho lefatsheng ka bophara molaetsa ona o tswang ka Bibeleng.