Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

FADIMEHANG! No. 2 2018 | Dintlha Tse 12 Tse ka Thusang Malapa Hore a Atlehe

Dintlha Tse 12 Tse ka Thusang Malapa Hore a Atlehe

Re dula re utlwela ka dintho tse ngata tse etsang hore malapa a se ke a atleha. Empa a re boneng hore na keng e thusang malapa a mang hore a atlehe.

  • Pakeng tsa 1990 le 2015, palo ya batho ba dilemo tse ka hodimo ho 50 ba ileng ba hlalana United States, e ile ya imena habedi, athe ya batho ba dilemo tse ka hodimo ho tse 65 ya imena hararo.

  • Batswadi ba bang ha ba tsebe hore na ba etseng, ka ha ditsebi tse ding di ba kgothalletsa hore ba dule ba babatsa bana ba bona, ha tse ding tsona di re ba lokela ho ba sebedisa ka thata ho bontsha hore ehlile ba a ba rata.

  • Bana ba bangata ba hola ba sa tsebe dintho tsa bohlokwa tse ka ba thusang hore ba atlehe bophelong.

Le ha ho le jwalo, nnete ke hore . . .

  • Banyalani ba ka thaba mme lenyalo la bona la tshwarella.

  • Batswadi ba ka ithuta ho kgalemela bana ba bona ka lerato.

  • Bana ba ka ithuta dintho tsa bohlokwa tseo ba tla di hloka ha ba se ba hodile.

Ba ka etsa seo jwang? Makasineng ena ya Fadimehang! re tlo bona dintlha tse 12 tse ka thusang malapa hore a atlehe

 

1: Botshepehi

Dintho tse tharo tse ka thusang banyalani hore ba dule mmoho.

2: Tshebedisanommoho

Na molekane wa hao o tshwana feela le motho eo le dulang le yena empa e mong le e mong a iketsetsa dintho tsa hae?

3: Tlhompho

Ithute hore na o lokela ho bua mantswe a jwang le hore o lokela ho etsang e le hore molekane wa hao a bone hore o a mo hlompha.

4: Ho Tshwarela

Keng e ka o thusang hore o bone dintho tse ntle ka molekane wa hao, e seng feela diphoso tsa hae?

5: Puo

Dintho tse tharo tse ka o thusang hore o be haufi le bana ba hao.

6: Kgalemelo

Na kgalemelo e etsa hore ngwana a nyahame?

7: Boitshwaro

Ke dintho di fe tseo o lokelang ho di ruta bana ba hao?

8: Mohlala

Etsa hore diketso tsa hao di dumellane le seo o se buang haeba o batla hore bana ba hao ba o mamele.

9: Ho itseba

Batjha ba ka emela seo ba se dumelang jwang?

10: Botshepehi

Ho tshepahalla batswadi ba hao hona jwale, ho tla o thusa hore o tshepahale le ha o se o le moholo.

11: Ho ba Mafolofolo

Haeba jwalo ka motjha o sebetsa ka thata, o tla atleha bophelong.

12: Di Goal

Haeba o kgona ho finyella di goal tsa hao, seo se tla etsa hore o itshepe, o ntlafatse setswalle sa hao le batho ba bang le hore o thabe.

Dintho Tse Ding Tse ka Thusang Malapa

Keletso ya Bibele e ka o thusa hore lenyalo la hao le atlehe hape o be le lelapa le thabileng.