Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Bana ba Hao?

Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Bana ba Hao?

Ho ka ba thata hore batho ba baholo ba ithute ho sebedisa marangrang kapa disebediswa tsa elektronike. Empa ho bonolo hore bana ba di sebedise hobane ba hlaha theknoloji e se e ntse e le karolo ya bophelo ba bona.

Batho ba bang ba hlokometse hore bana ba qetang nako e ngata ba sebedisa marangrang, hangata . . .

  • ba lemalla ho dula ba le disebedisweng tsa elektronike.

  • ba a hloriswa kapa ba hlorisa bana ba bang Inthaneteng.

  • ba qetella ba shebelletse pornography le ha e ne e se ka morero.

SEO O LOKELANG HO SE TSEBA

HO LEMALLA THEKNOLOJI

Ho bonolo ho lemalla dintho tse Inthaneteng jwalo ka dipapadi tsa Inthanete. Taba ena e entswe ka boomo. Buka ya Reclaiming Conversation e re “dintho tse difonong tsa rona di entswe ka tsela e tla etsa hore re dule re di shebile.” Ha re dula re shebile dintho tse bapatswang difonong tsa rona, re thusa borakgwebo ho etsa tjhelete e ngata le ho feta.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na o bona eka bana ba hao ba rata disebediswa tsa elektronike ho feta tekano? O ka ba thusa jwang hore ba sebedise nako ya bona hantle?​—BAEFESE 5:​15, 16.

HO HLORISWA INTHANETENG

Ha batho ba bang ba le Inthaneteng, ba buisa batho ba bang hampe ebile ba ba utlwisa bohloko le ho rohakana e leng se ka fellang ka hore ba ba hlorise.

Batho ba bang ba sebedisa marangrang ka tsela ena e le hore ba ratwe le ho latelwa ke batho ba bangata. Motho e mong a ka utlwa bohloko kapa a utlwa eka ba bang ba mo tshwara hampe ha a bona hore ho ne ho entswe moketjana mme yena a sa mengwa.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na bana ba hao ba buisa batho ba bang hampe Inthaneteng? (Baefese 4:​31) Ba ikutlwa jwang haeba ba sa kenyelletswe dinthong tse ding?

PORNOGRAPHY

Ho bonolo ho fumana kapa ho bona dintho tse mpe Inthaneteng. Batswadi ba lokela ho hlokomela hore le hoja ba sebedisa mekgwa e thibelang bana ba bona ho bona dintho tse mpe Inthaneteng, ha se ka mehla mekgwa e jwalo e sebetsang ka ho felletseng.

E ka ba tlolo ya molao hore motho a romele ditshwantsho tsa moo a tsotseng kapa ho amohela tsa ba bang. Ho itshetlehile ka melao ya sebakeng seo o dulang ho sona le dilemo tsa batho ba hlahang difotong tseo, batho ba etsang ntho ena ba ka qoswa ka pornography ya bana.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Ke jwang o ka thusang bana ba hao hore ba se ke ba lekeha ho sheba kapa ho romela ditshwantsho tse ditshila ka marangrang?​—BAEFESE 5:​3, 4.

SEO O KA SE ETSANG

KWETLISA BANA BA HAO

Le hoja ho le bonolo hore bana ba sebedise theknoloji, ba ntse ba hloka tataiso. Buka e bitswang Indistractable e bontsha hore ho fa bana difono kapa disebediswa tse ding tsa elektronike pele ba kwetlisetswa ho di sebedisa hantle, ho tshwana le ho “ba dumella ho ikakgela ka letamong ba sa tsebe ho sesa.”

KELETSO YA BIBELE: “Kwetlisa [ngwana] ho ya ka tsela e mo loketseng, esita le ha a tsofala a ke ke a e kgeloha.”​—LIPROVERBIA 22:6.

Tshwaya ditlhahiso tseo o ka ratang ho di sebedisa kapa o ngole dintho tseo o batlang ho di etsa.

  • Buisana le ngwana ka hore a buise batho hantle ha a sebedisa marangrang

  • Thusa ngwana hore a se ke a utlwa bohloko ha a sa mengwa dinthong tse itseng

  • Etsa sohle seo o ka se kgonang ho kwala dintho tse mpe tse ka hlahang Inthaneteng

  • Hlahloba fono ya ngwana kgafetsa ho bona hore na o etsang ka yona

  • Beha nako eo a ka e qetang a sebedisa fono

  • Thibela ngwana hore a se ke a sebedisa fono ha a ilo robala

  • Etsa molao wa hore ho se be le motho ya sebedisang fono nakong ya dijo