Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Alisa

Ba ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Turkey

Ba ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Turkey

BAKRESTE ba mehleng ya Pauluse ba ile ba ikitlaetsa ka matla ho finyella batho ba bangata kamoo ho ka kgonehang ka “ditaba. . . tse molemo tsa mmuso.” (Mat. 24:14) Ba bang ba ne ba ya le dinaheng tse ding. Ka mohlala, nakong eo moapostola Pauluse a neng a le maetong a hae a borumuwa, o ile a ya sebakeng seo hona jwale se tsejwang e le naha ya Turkey mme a fihla a bolella batho ba bangata molaetsa wa Bibele moo. * Dilemo tse 2 000 ka mora moo, ho ile ha e ba le phutuho e kgethehileng ya ho bolella batho molaetsa wa Bibele naheng ya Turkey ka 2014. Ke hobaneng ha ho ile ha hlophiswa phutuho eo? Hona ke bomang ba ileng ba nka karolo ho yona?

“HO ETSAHALANG?”

Baahi ba Turkey ba feta dimilione tse 79, empa bahweletsi ba naheng eo ke ba ka bang 2 800 feela. Sena se bolela hore mohweletsi a le mong o tobane le baahi ba ka bang 28 000 bao a lokelang ho ba bolella molaetsa wa Bibele. Kaha bahweletsi ba mmalwa, ba se ba finyeletse palo e nyenyane feela ya baahi ba naha ena. Kahoo morero wa phutuho e kgethehileng ya ho bolela ditaba tse molemo e ne e le ho finyella batho ba bangata kamoo ho ka kgonehang ka nako e kgutshwanyane. Bara le baradibabo rona ba 550 ba tswang dinaheng tse ding, ba buang Seturkey, ba ile ba ya naheng ya Turkey mme ba sebetsa le bahweletsi ba moo nakong ya phutuho. Bahweletsi bao ba ile ba finyellang?

Ba ile ba bolella batho ba bangata molaetsa wa Bibele. Phutheho e nngwe ya Istanbul e ile ya ngola ya re: “Ha batho ba re bona, ba ne ba re botsa ba re: ‘Na ho na le kopano e kgethehileng mo? Re bona ho tletse Dipaki Tsa Jehova hohle mona!’” Phutheho e toropong ya Izmir e ile ya ngola ya re: “Monna e mong ya sebetsang moo ho palamelwang ditekesi o ile a atamela moholo e mong yaba o a mmotsa: ‘Ho etsahalang? Na le ekeditse mosebetsi wa lona?’” Ho ile ha hlaka hore batho ba bangata ba ile ba bona hore re tswile letsholo.

Steffen

Bahweletsi ba tswang dinaheng tse ding ba ne ba thabetse tshimo ya Turkey haholo. Steffen, ya tswang naheng ya Denmark o re: “Letsatsi le leng le le leng ke ne ke bua le batho ba so ka ba utlwa letho ka Jehova. Kahoo ke ne ke etsa hore batho ba bangata ba tsebe lebitso la Jehova.” Jean-David ya tswang France o ile a ngola a re: “Re ile ra qeta dihora tse ngata re bolella batho molaetsa wa Bibele seterateng se le seng. Ho ne ho le monate! Batho ba bangata ba ne ba sa tsebe Dipaki Tsa Jehova. Hoo e ka bang ntlong e nngwe le e nngwe, re ne re kgona ho qoqa le monga ntlo, re mmontshe video re be re mo siele sengolwa.”

Jean-David (mahareng)

Bahweletsi ba 550 ba ile ba tsamaisa dingolwa tse ka bang 60 000 ka beke tse pedi feela! Phutuho ena e ile ya etsa hore batho ba bangata ba utlwe molaetsa wa Bibele.

Bahweletsi ba ile ba qala ho rata tshimo le ho feta. Phutuho e kgethehileng e ile ya etsa hore bahweletsi ba Turkey ba qale ho nahana ka ho ba bopulamadiboho. Ha e le hantle, selemo ka mora phutuho, palo ya bopulamadiboho ba kamehla Turkey e ile ya eketseha.

Şirin

Phutuho ena e ile ya thusa bahweletsi ba tswang dinaheng tse ding hore ba atlehe tshimong leha ba se ba kgutletse naheng tsa habo bona. Moradiwabo rona Şirin, ya dulang naheng ya Germany, o ile a ngola a re: “Barababo rona ba Turkey ha ba thatafallwe ke ho bolella batho molaetsa wa Bibele neng le neng ha monyetla o hlaha. Nna ha ho bonolo hore ke etse jwalo. Empa ho ba phuthuhong ena e kgethehileng ho ile ha nthusa tabeng ena. Ke ile ka boela ka thuswa ke mohlala wa bara bana babo rona esita le ho rapela kgafetsa. Hona jwale ha ke sa tshaba ho bolella batho molaetsa wa Bibele hohle moo ke kopanang le bona. Ke se ke fana ka dipampitshana le ha ke le seteisheneng sa terene! Ha ke sa na dihlong jwalo ka pele.”

Johannes

Johannes ya tswang Germany o re: “Ke ithutile dintho tse ngata tse tla ntswela molemo tshimong. Barababo rona ba dulang Turkey ba batla ho bolella batho ba bangata kamoo ho ka kgonehang molaetsa wa Bibele. Ba sebedisa monyetla o mong le o mong oo ba o tholang ho bua le batho. Ke ile ka ba etsisa ha ke kgutlela Germany. Hona jwale ke se ke bua le batho ba bangata ho feta pele ka molaetsa wa Bibele.”

Zeynep

Zeynep ya dulang France o ile a re: “Phutuho ena e nthusitse hore ke be sebete ha ke le tshimong le hore ke tshepe Jehova haholwanyane.”

Bahweletsi ba ile ba momahana. Tsela eo barababo rona ba tswang dinaheng tse sa tshwaneng ba neng ba momahane le ho bontshana lerato ka yona e ile ya kgothatsa ba bangata. Morabo rona Jean-David eo re buileng ka yena pejana, o re: “Barababo rona ba ile ba re amohela ka mofuthu. Ba ile ba re tshwara jwalo ka metswalle le jwalo ka ditho tsa malapa a bona, mme re ile ra ikutlwa re amohelehile. Ke ne ke tseba hore re mokgatlo wa bara ba motho wa lefatsheng lohle. Taba eo ke ne ke e badile ka makgetlo dingolweng tsa rona. Empa kgetlong lena ke ile ka iponela ka ana a ka hore seo se hlile se bolelang. Ntho eo e ile ya etsa hore ke be motlotlo hore ebe ke e mong wa bahlanka ba Jehova, ebile ke a mo leboha ka tlotla ena.”

Claire (mahareng)

Claire ya tswang France o re: “Ho sa tsotellehe hore ba bang ba ne ba tswa Denmark, France, Germany, kapa Turkey, kaofela re ne re le lelapa le le leng. E ne e ka re meedi ya dinaha tsena e ngotswe ka pentshele pampiring mme ho le jwalo kaha eka Modimo o e tlositse ka ho e phumula ka rabara.”

Stéphanie (mahareng)

Stéphanie ya tswang France o ile a eketsa ka hore: “Phutuho ena e kgethehileng e ile ya re ruta hore ntho e etsang hore re momahane ha se ditso le dipuo tsa rona, empa ke lerato la rona ho Jehova.”

BA RUILE MOLEMO HAHOLO

Ka mora phutuho, bahweletsi ba bangata ba neng ba tswa dinaheng tse ding, ba ile ba qala ho nahana ka ho fallela Turkey ho ya thusa ka mosebetsi o boima moo. Ba mmalwa ba se ba falletse mme ba ananelwa haholo.

Nahana ka sehlopha se senyenyane se motseng o ka thoko se nang le bahweletsi ba 25. Sehlopha seo se qetile dilemo tse ngata se na le moholo a le mong. O ka inahanela feela hore na ba ile ba thaba hakakaang ka 2015, ha bahweletsi ba 6 ba tswang Germany le Netherlands ba fallela motseng oo ho tla ba thusa!

BA SEBETSA KA THATA

Bahweletsi ba qetileng nako e itseng ba le tlhokahalong Turkey, ba reng ka bophelo ba moo? Ke nnete hore ka dinako tse ding ho ka ba boima, empa ho ba tlhokahalong ho ruisa molemo haholo. Nahana ka seo ba bang ba se buileng.

Federico

Morabo rona Federico, ya dilemo tse ka tlasenyana ho 45 a bile a nyetse, o ile a falla Spain ho tla thusa naheng ena. O re: “Ho se be le dintho tse ngata tse bonahalang ho nthusa hore ke ikutlwe ke lokolohile, hape ho etsa hore ke dule ke phathahane ka dintho tsa bohlokwa.” Na o kgothalletsa ba bang hore le bona ba ye tlhokahalong? O re: “Ho feela ho le jwalo!” O phaella ka hore: “Ha o ya naheng e nngwe ka sepheo sa ho ya thusa batho ho tseba Jehova, ho tshwana le ha o beha bophelo ba hao matsohong a hae. Jehova o o hlokomela ho feta le ha e le neng pele.”

Rudy

Morabo rona Rudy, ya nyetseng le ya nang le dilemo tse ka tlasenyana ho 60 mme a tswa Netherlands, o re: “Re thaba haholo hore ebe re sebetsa ka thata mosebetsing ona, le ho bolella batho ba bangata ba so ka ba utlwa letho ka Jehova molaetsa wa Bibele. Re thaba le ho feta ha re bona batho bao ba amohela nnete ya Bibele.”

Sascha

Morabo rona Sascha ya nyetseng le ya nang le dilemo tse ka hodimonyana ho 40 mme a falletse Germany, o re: “Kamehla ha ke le tshimong, ke kopana la batho bao e leng lekgetlo la pele ba utlwa molaetsa wa Bibele. Ke sitwa ho hlalosa thabo eo ke bang le yona ka hore ebe ke ba fa monyetla wa ho tseba Jehova.”

Atsuko

Moradiwabo rona Atsuko ya nyetsweng le ya dilemong tsa bo35, yena o tswa Japan. O re: “Nakong e fetileng ke ne ke batla hore Armagedone e tle hanghang. Empa ka mora hore ke tle Turkey, ke leboha Jehova hore ebe o ntse a mamelletse. Ha ke bona kamoo Jehova a tsamaisang dintho kateng, ke ikutlwa ke batla ho ba motswalle wa hae le ho feta.”

Moradiwabo rona Alisa ya nyetsweng le ya nang le dilemo tse ka hodimonyana ho 30 mme a tswa Russia, o re: “Ho sebeletsa Jehova tshimong ya mofuta ona ho nthusitse hore ke latswe molemo wohle wa hae.” (Pes. 34:8) O phaella ka ho re: “Jehova ha se Ntate wa ka feela, empa hape ke Motswalle wa ka e moholo, ya wang a tsoha le nna maemong ohle. Ke thabile haholo ebile ke fumane ditlhohonolofatso tse ngata bophelong!”

‘TADIMA MASIMO’

Phutuho e kgethehileng Turkey e thusitse ho finyella batho ba bangata ka ditaba tse molemo. Le ha ho le jwalo, ho ntse ho na le dibaka tse ngata tseo Dipaki di so kang di fihla ho tsona. Letsatsi ka leng bahweletsi ba tlhokahalong Turkey ba kopana le batho ba sa tsebeng letho ka Jehova. Na o ka thabela ho ya sebeletsa tshimong e jwalo? Haeba ho jwalo, re o kgothaletsa hore o ‘phahamise mahlo mme o tadime masimo, hore a sweufetse bakeng sa kotulo.’ (Joh. 4:35) Na o ka kgona ho ya thusa sebakeng se itseng moo tshimo ya teng e ‘sweufetseng bakeng sa kotulo’? Haeba ho jwalo, qala hona jwale ho etsa ditlhophiso. O ka kgodiseha ka sena: Ha o atolosa tshebeletso ya hao ya ho bolela ditaba tse molemo “ho isa karolong e holehole ya lefatshe” o tla fumana matletsetletse a ditlhohonolofatso!—Lik. 1:8.

^ par. 2 Sheba bukana ya Bona Naha e Ntle,” leq. 32-33.