Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 12

Ithute ka Jehova Dinthong Tseo a di Bopileng

Ithute ka Jehova Dinthong Tseo a di Bopileng

“Le hoja Modimo a ke ke a bonwa, makgabane a hae a bonwa ka ho hlaka dinthong tseo a di bopileng lefatsheng hobane batho ba ka a bona ha ba di sheba.”​—BAR. 1:20.

PINA YA 6 Mahodimo a Bolela Kganya ya Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Ke eng e ileng ya thusa Jobo hore a tsebe Jehova haholwanyane?

 JOBO o ile a buisana le batho ba bangata bophelong ba hae empa puisano e thahasellisang ka ho fetisisa ke eo a ileng a ba le yona le Jehova Modimo. Puisanong eo, Jehova o ile a re Jobo a shebe tse ding tsa dintho tse ntle tseo a di bopileng. Sena se ne se tla thusa Jobo hore a bone ka moo Jehova a leng bohlale ka teng le hore a kgodisehe hore Jehova o fa bahlanka ba hae dintho tsohle tseo ba di hlokang. Ka mohlala, Modimo o ile a hopotsa Jobo hore o hlokomela diphoofolo mme le yena a ka mo hlokomela. (Jobo 38:39-41; 39:1, 5, 13-16) Jobo o ile a ithuta dintho tse ngata ka makgabane a Modimo dinthong tse bopilweng.

2. Ke hobaneng ha ho ka ba thata ho sheba dintho tseo Jehova a di bopileng?

2 Re ka ithuta ka Modimo haholwanyane ha re sheba dintho tseo a di bopileng. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding ho ka ba thata hore re etse jwalo. Haeba re dula toropong, re ka nna ra bona dintho tse mmalwa tseo Modimo a di bopileng. Le ha re dula lekeisheneng kapa mahaeng, re ka nna ra bona eka ha re na nako e lekaneng ya ho sheba dintho tseo Modimo a di bopileng. Ka hoo, a re bueng ka hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re iphe nako ya ho sheba dintho tseo Modimo a di bopileng. Re tla bua ka hore na Jehova le Jesu ba ile ba sebedisa dintho tse bopilweng jwang ho ruta le hore na re ka ithutang ho tsona.

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO SHEBA DINTHO TSE BOPILWENG?

Jehova o ne a batla hore Adama a thabele dintho tse bopilweng le hore a rehe diphoofolo mabitso (Sheba serapa sa 3)

3. Ke eng e bontshang hore Jehova o ne a batla hore Adama a thabele dintho tse bopilweng?

3 Jehova o ne a batla hore motho wa pele a thabele dintho tse bopilweng. Ha Modimo a bopa Adama, o ile a mo fa lefatshe la paradeise hore a dule ho lona mme a le hlokomele. (Gen. 2:8, 9, 15) Nahana feela hore na Adama o ne a thabile hakae ha a bona dipeo di mela le dipalesa di thunya. Adama o ne a ena le tlotla e babatsehang ya ho hlokomela serapa sa Edene. Jehova o ile a boela a re Adama a rehe diphoofolo mabitso. (Gen. 2:19, 20) Jehova a ka be a ile a reha diphoofolo mabitso ka boyena empa o ile a fa Adama mosebetsi oo. Ha ho pelaelo hore pele Adama a di reha mabitso o ile a ithuta tsona, a sheba hore na di shebahala jwang le hore na di itshwara jwang. E tlameha ebe Adama o ne a thabela mosebetsi ona. O ile wa mo thusa hore a utlwisise ka moo Ntate wa hae a leng bohlale ka teng le ka moo dintho tseo a di bopileng di leng ntle ka teng.

4. (a) Lebaka le leng leo re lokelang ho sheba dintho tse bopilweng ka lona ke lefe? (b) Ke eng eo o e ratang haholo dinthong tse bopilweng?

4 Lebaka le leng leo ka lona re lokelang ho sheba dintho tse bopilweng ke hobane Jehova o batla hore re etse jwalo. O re: “Phahamisetsang mahlo lehodimong mme le bone.” O boetse o re: “Ke mang ya bopileng dintho tsee?” Karabo ya potso eo e hlakile. (Esa. 40:26) Jehova o entse dintho tsohle tse lehodimong le tse lefatsheng ha mmoho le tse lewatleng mme dintho tsena kaofela di re ruta ka yena. (Pes. 104:24, 25) Nahana le ka tsela eo Modimo a re entseng ka yona. O entse hore re kgone ho thabela dintho tse ntle tseo a di bopileng. O re file bokgoni ba ho bona, ho utlwa, ho tshwara, ho latswa le ho utlwa monko wa dintho tse fapaneng e le hore re kgone ho thabela dintho tseo a di entseng.

5. Ho ya ka Baroma 1:20, ho ithuta ka dintho tseo Jehova a di bopileng ho re tswela molemo jwang?

5 Bibele e bua ka lebaka le leng la bohlokwa leo ka lona re lokelang ho sheba dintho tse bopilweng. E re bolella ka makgabane a Jehova. (Bala Baroma 1:20.) Ka mohlala, nahana ka moo dintho tseo Jehova a di bopileng di leng ntle ka teng. Di re ruta hore Modimo o bohlale haholo. Nahana le ka dijo tse fapaneng tseo re di thabelang. Di bontsha ka ho hlaka hore Jehova o rata batho. Ha re bona makgabane a Jehova dinthong tseo a di entseng, re tla mo tseba haholwanyane ebile re tla ba metswalle ya hae. A re bueng ka ditsela tse ding tseo Jehova a sebedisitseng dintho tseo a di bopileng ho ruta batho dithuto tsa bohlokwa.

JEHOVA O RE RUTA KA YENA A SEBEDISA DINTHO TSEO A DI BOPILENG

6. Re ka ithutang ha re sheba dinonyana tse fallang?

6 Jehova o behile nako eo dintho di lokelang ho etsahala ka yona. Selemo le selemo mafelong a February le mahareng a May, Baiseraele ba ne ba bona mekotatsie e fofa lehodimong ha e fallela ka leboya. Modimo o ile a re ho Baiseraele: “Mokotatsie o mahodimong o tseba dinako tsa wona.” (Jer. 8:7) Jehova o behile nako eo dinonyana tsena di fallang ka yona, ka ho tshwanang o behile nako ya hore a fane ka dikahlolo tsa hae. Mehleng ena ha re bona dinonyana di falla, seo se re hopotsa hore re lokela ho tshepa hore Jehova o behile “nako” ya ho fedisa lefatshe lena le kgopo.​—Hab. 2:3.

7. Re ka ithutang ha re sheba tsela eo nonyana e fofang ka yona? (Esaia 40:31)

7 Jehova o fa bahlanka ba hae matla. Jehova o ile a sebedisa Esaia ho tshepisa hore o ne a tla matlafatsa bahlanka ba hae e le hore ba ‘fofele hodimo ka mapheo a kang a ntsu’ ha ba ikutlwa ba fokola kapa ba nyahame. (Bala Esaia 40:31.) Baiseraele ba ne ba tlwaetse ho bona dintsu di fofela hodimo empa di sa sebedise mapheo a tsona haholo hobane di thuswa ke moya. Taba ena e re hopotsa hore feela jwalo ka ha Jehova a kgona ho fa dinonyana tseo matla, a ka boela a fa le bahlanka ba hae matla. Ha o bona nonyana e kgolo e fofela hodimodimo e sa sebedise mapheo a yona hakaalo, o lokela ho hopola hore Jehova a ka o fa matla a hore o mamelle mathata a hao.

8. Jobo o ile a ithutang ha a sheba dintho tseo Modimo a di bopileng, hona rona re ka ithutang?

8 Re lokela ho tshepa Jehova. Jehova o ile a thusa Jobo hore a mo tshepe. (Jobo 32:2; 40:6-8) Ha Modimo a ntse a bua le Jobo, o ile a bua ka dintho tse ngata tseo a di bopileng ho akareletsa le dinaledi, maru le mahadima. Jehova o ile a bua le ka diphoofolo tse kang poho e hlaha le pere. (Jobo 38:32-35; 39:9, 19, 20) Dintho tsena kaofela di ne di bontsha hore Modimo o na le matla, o lerato ebile o bohlale. Puisano eo Jobo a ileng a ba le yona le Jehova e ile ya mo thusa hore a mo tshepe le ho feta. (Jobo 42:1-6) Le rona ha re ithuta ka dintho tse bopilweng, re a hopola hore Jehova o bohlale le hore o matla ho re feta. A ka kgona ho fedisa mathata ohle a rona ebile o tla a fedisa. Taba ena e ka re thusa hore re mo tshepe le ho feta.

JESU O ILE A SEBEDISA DINTHO TSE BOPILWENG HO RUTA BATHO KA NTATE WA HAE

9, 10. Letsatsi le pula di re rutang ka Jehova?

9 Jesu o ne a tseba dintho tse bopilweng hantle. Ka ha e ne e le “mosebetsi ya hlwahlwa,” o ne a sebetsa le Ntate wa hae ha ba ne ba bopa dintho tsohle. (Diprov. 8:30) Ha morao ha Jesu a se a le lefatsheng, o ile a sebedisa dintho tse bopilweng ho ruta barutuwa ba hae ka Ntate wa hae. A re bueng ka dithuto tse mmalwa tseo a ileng a di ruta.

10 Jehova o rata batho bohle. Thutong ya hae ya Thabeng, Jesu o ile a ruta barutuwa ba hae ka dintho tse pedi tseo batho ba bangata ba sa di nkeng e le tsa bohlokwa hakaalo e leng letsatsi le pula. Dintho tsena ke tsa bohlokwa hobane di re thusa hore re nne re phele. Jehova a ka be a ile a kgetha hore batho ba sa mo sebeletseng ba se ke ba fumana letsatsi le pula. Ho ena le hoo, batho bohle ba a di fumana. (Mat. 5:43-45) Jesu o ile a sebedisa dintho tsena ho ruta barutuwa ba hae hore Jehova o batla hore re rate batho bohle. Nako le nako ha re bona letsatsi le dikela le ha pula e na ha monate, re lokela ho hopola hore Jehova o rata batho bohle. Mohlala oo Jehova a re behetseng wona, o ka re susumetsa hore re bontshe batho ba bang lerato ka hore re ba rute Bibele.

11. Ho sheba dinonyana ho ka re kgothatsa jwang?

11 Jehova o re fa dintho tseo re di hlokang. Hona Thutong eo ya Thabeng, Jesu o ile a boela a re: “Shebang dinonyana, ha di jale peo le ha e le ho kotula kapa ho boloka dijo ka setorong empa Ntate wa lona ya lehodimong o a di fepa.” E ka nna yaba batho ba neng ba mametse Jesu ba ne ba bona dinonyana di fofa lehodimong ha a ne a re: “Na ha le bohlokwa ho di feta?” (Mat. 6:26) Ena ke tsela e lerato eo Jesu a neng a re kgodisa hore Jehova o tla re fa dintho tseo re di hlokang. (Mat. 6:31, 32) Taba ena eo re ithutang yona dinthong tse bopilweng, e ntse e tswela pele ho kgothatsa le bahlanka ba Jehova mehleng ena. Moradiwabo rona e motjha wa pulamadiboho ya dulang Spain, o ne a nyahame hobane o ne a sa fumane bodulo. Le ha ho le jwalo, o ile a kgothala ha a bona dinonyana di ja dipeo le monokotshwai. O re: “Dinonyana tseo di ile tsa nkgopotsa hore Jehova o a di hlokomela ebile le nna o tla ntlhokomela.” Nakwana ka mora moo, moradiwabo rona o ile a fumana sebaka seo a ka dulang ho sona.

12. Ho ya ka Matheu 10:29-31, dirobele di re rutang ka Jehova?

12 Jehova o nka e mong le e mong wa rona e le wa bohlokwa. Pele Jesu a romela baapostola ba hae hore ba yo bolela, o ile a ba thusa hore ba se ke ba tshaba batho ba tla ba hanyetsa. (Bala Matheu 10:29-31.) O ile a etsa sena ka hore a ba bolelle ka dinonyana tse neng di tlwaelehile Iseraele e leng dirobele. Dinonyana tseo e ne e se tsa bohlokwa mehleng ya Jesu. Empa o ile a re ho barutuwa ba hae: “Ha ho le se le seng sa tsona se tla wela fatshe Ntate wa lona a sa tsebe.” O ile a boela a re: “Le bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.” Ka hoo, Jesu o ile a kgodisa barutuwa ba hae hore Jehova o nka e mong le e mong wa bona e le wa bohlokwa. Ka hoo, ba ne ba sa lokela ho tshaba batho ba ba hlorisang. Barutuwa ba Jesu ba ne ba tla hopola mantswe a hae ha ba bona dirobele ba ntse ba bolela metseng le metsaneng. Nako le nako ha o bona nonyana e nyenyane, hopola hore Jehova o o nka o le motho wa bohlokwa hobane le wena o wa “bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.” Jehova a ka o thusa ha batho ba bang ba o hanyetsa.​—Pes. 118:6.

DINTHO TSE BOPILWENG DI KA RE THUSA JWANG HORE RE ITHUTE KA MODIMO HAHOLWANYANE?

13. Ke eng e tla re thusa hore re ithute dinthong tse bopilweng?

13 Re ka ithuta dintho tse ngata ka Jehova dinthong tseo a di bopileng. Jwang? Ntlha ya pele, re lokela ho ipha nako ya ho di sheba. Hape re lokela ho nahana hore na e re rutang ka Jehova. Ho ka nna ha se be bonolo hore re etse dintho tsena. Moradiwabo rona Géraldine ya dulang Cameroon o re: “Ke holetse toropong, ka hoo ke hlokometse hore ke lokela ho etsa boiteko e le hore ke shebe popo.” Morabo rona Alfonso eo e leng moholo o re: “Ke ithutile hore ke lokela ho ipha nako ya hore ke be mong e le hore nka sheba popo ya Jehova le hore ke nahanisise ka hore na e nthutang ka yena.”

Ha Davida a sheba dintho tse bopilweng, o ile a nahanisisa ka dintho tseo di mo rutang tsona ka Jehova (Sheba serapa sa 14)

14. Davida o ile a ithutang ha a ntse a nahanisisa ka dintho tseo Modimo a di bopileng?

14 Davida o ile a nahanisisa haholo ka dintho tseo Modimo a di bopileng. O ile a re ho Jehova: “Ha ke bona mahodimo a hao, mesebetsi ya matsoho a hao, kgwedi le dinaledi tseo o di entseng, motho keng hore o nne o mo hopole le mora motho keng hore o mo hlokomele?” (Pes. 8:3, 4) Davida o ne a sa thabele feela ho sheba dinaledi bosiu empa o ne a boetse a nahanisisa ka hore na di mo rutang ka Modimo. O ile a ithuta hore Jehova o matla. Ka dinako tse ding, Davida o ne a nahana ka tsela eo a ileng a hola ka yona ha a ne a le ka popelong ya mme wa hae. Ha a ntse a nahanisisa ka taba ena, sena se ile sa mo thusa hore a ananele ka moo Jehova a leng bohlale ka teng.​—Pes. 139:14-17.

15. Fana ka mehlala e bontshang ka moo o boneng makgabane a Jehova dinthong tseo a di bopileng. (Pesaleme ya 148:7-10)

15 O ka fumana ntho e bopilweng ha bonolo eo o ka nahanisisang ka yona jwalo ka Davida. Ho na le dintho tse ngata tse ka o thusang hore o bone makgabane a Jehova. Ka mohlala, o ka hlokomela hore Jehova o na le matla ha o utlwa mofuthu wa letsatsi. (Jer. 31:35) Nahana ka bohlale boo Modimo a nang le bona ha o bona nonyana e haha sehlaha. Nahana ka moo Jehova e leng Modimo ya thabileng ka teng ha o bona ntja e lelekisa mohatla wa yona. Hape leboha Jehova ka lerato la hae ha o bona mme a bapala le ngwana wa hae. Re na le menyetla e mengata ya hore re ithute ka Jehova hobane dintho tsohle tseo a di bopileng di a mo rorisa ho sa tsotellehe hore na di kgolo kapa di nyenyane, di haufi kapa di hole hakae.​—Bala Pesaleme ya 148:7-10.

16. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

16 Modimo wa rona o bohlale, o lerato, o matla ebile ntho e nngwe le e nngwe eo a e etsang e ntle. Re ka ithuta ka makgabane ana a hae le a mang ha re sheba dintho tseo a di bopileng. E se eka kaofela ha rona re ka dula re ipha nako ya hore re thabele dintho tse bopilweng le ho nahana ka hore na di re rutang ka Jehova. Ha re etsa jwalo, re tla ba metswalle ya Mmopi wa rona. (Jak. 4:8) Sehloohong se latelang, re tla bona ka moo batswadi ba ka thusang bana ba bona hore e be metswalle ya Jehova.

PINA YA 5 Mesebetsi e Hlollang ya Modimo

a Dintho tseo Jehova a di bopileng di a hlolla. Re a hlollwa ha re bona ka moo letsatsi le leng matla ka teng le ka moo dipalesa di entsweng ka teng. Dintho tseo Jehova a di bopileng di ka boela tsa re ruta ka makgabane a hae. Sehloohong sena, re tla bua ka hore na ke hobaneng ha re lokela ho ipha nako ya ho sheba dintho tse bopilweng le hore na ho etsa jwalo ho tla re thusa jwang hore re be metswalle ya Modimo.