Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

ETSISA TUMELO YA BONA | ENOKE

‘O Ile a Kgahlisa Modimo’

‘O Ile a Kgahlisa Modimo’

ENOKE o phetse nako e telele. O phetse dilemo tse ka bang 365, e leng palo e imenang ka makgetlo a mane dilemong tseo batho ba mehleng ena ba di phelang. Empa, o ne a sa le motjha haholo ha a bapiswa le batho ba mehleng ya hae. Batho ba mehleng eo, ba ne ba phela nako e telele haholo ho feta ba mehleng ena. Adama, e leng motho wa pele lefatsheng, o ne a se a e na le dilemo tse ka hodimo ho 600 ha Enoke a hlaha, mme o ile a tswela pele ho phela dilemo tse ding tse 300 ka mora hore Enoke a hlahe! Ditloholo tse ding tsa Adama di ile tsa phela nako e telele ho feta eo. Kahoo ho ka etsahala hore ha Enoke a ne a le dilemo di 365, e ne e sa ntse e le mohlankana ya mahlahahlaha mme thota e ne e sa namme ka pela hae. Empa ka bomadimabe ho ne ho se jwalo.

Bophelo ba Enoke bo ne bo le kotsing. Inahanele a tshola tlhako morong, a leka ho pholosa bophelo ba hae ho batho bao a neng a sa tswa ba bolella molaetsa o tswang ho Modimo. Ba ne ba halefile haholo. Ba ne ba sa batle le ho mo bona moo a hatileng. Ba ne ba hloile molaetsa oo a neng a ba tliseditse ona ba bile ba hloile le Modimo ya neng a mo rometse ho bona. Ba ne ba sitwa feela ke ho otla Modimo enwa ya neng a rometse Enoke kaha o ne a le hole le bona, empa haele Enoke yena, o ne a sa le bona, a le tjametse! Ho ka etsahala hore ebe Enoke o ne a ipotsa hore na o sa tla ke a boele a bone ba lelapa la hae hape. Na ebe o ile a nahana ka mosadi wa hae, baradi ba hae, mora wa hae Methusela kapa setloholo sa hae Lameke? (Genese 5:21, 23, 25) Na e ne e le tshomo ka mathetho ka bona?

Enoke e ne e le e mong wa banna ba ikgethang bao ho builweng ka bona ka Bibeleng. Ho buuwa ka yena hakgutshwanyane mangolong a mararo ka Bibeleng. (Genese 5:21-24; Baheberu 11:5; Juda 14, 15) Leha ho le jwalo, dikarolo tsena tse nyenyane tse buang ka Enoke di re ruta ho hongata ka tumelo ya hae. Na o na le boikarabelo ba ho hlokomela lelapa? Na o kile wa tlameha ho emela se nepahetseng le hoja batho ba o hanyetsa? Haeba ho jwalo, o ka ithuta ho hongata mohlaleng wa Enoke.

‘ENOKE O ILE A TSAMAYA LE MODIMO WA NNETE’

Enoke o hlahetse hara batho ba kgopo. O phetse molokong wa bosupa ho tloha ho Adama. Kahoo ho hlakile hore batho ba ne ba sa ntse ba atametse haholo bophelong bo phethahetseng boo Adama le Eva ba ileng ba bo lahla. Ke ka lebaka leo batho ba mehleng eo ba neng ba kgona ho phela nako e telele hakana. Empa boitshwaro ba bona bo ne bo hlephile mme ba se na kamano e ntle le Jehova. Bokgopo e ne e le koboanela. Leha ho le jwalo, bo ne bo sa qale ka nako eo, bo ile ba hla ba qala kgale ha Kaine a ne a bolaya Abele. E mong wa ditloholo tsa Kaine o ile a qala ho ikgohomosa mme a ba kgopo le ho feta ntataemoholo Kaine! Molokong wa boraro dintho di ile tsa senyeha le ho feta. Batho ba ile ba qala ho ipiletsa lebitsong la Jehova, empa e se ka morero o motle wa ho mo rapela. Ba ne ba sebedisa lebitso la Modimo ka tsela e le hlomphollang le e le nyefolang.​—Genese 4:8, 23-26.

Tsela ena e silafetseng ya borapedi e ne e atile haholo mehleng ya Enoke. Ho ile ha fihla nako ya hore Enoke le yena a etse kgetho. Na o ne a tla kgetha ho tshwana le batho bao a neng a phela hara bona? Kapa o ne a tla batla Modimo wa nnete Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe? Ho ka etsahala hore ebe Enoke o ile a kgahlwa ke mohlala o motle wa Abele, ya ileng a shwa ka lebaka la ho rapela Jehova ka tsela e amohelehang. Enoke o ile a latela mohlala ona o motle. Lengolo la Genese 5:22 le re: “Enoke a tswela pele ho tsamaya le Modimo wa nnete.” Mantswe ana a bontsha hore Enoke o ne a tshaba Modimo, le hoja a ne a phela hara batho ba neng ba sa mo tshabe. E bile yena motho wa pele eo Bibele e reng o ile a tsamaya le Modimo.

Bibele e boetse e re Enoke o ile a tswela pele ho tsamaya le Modimo ka mora hore a tswale Methusela. Kahoo Enoke e ile ya eba motswadi ha a le dilemo tse ka bang 65. Enoke o ne a e na le mosadi, le hoja lebitso la hae le sa bolelwa ka Bibeleng. O ne a boetse a e na le “bara le baradi.” Haeba ntate wa lelapa a batla ho tsamaya le Modimo ha ka nako e tshwanang a ntse a hlokometse lelapa la hae, o lokela ho latela tataiso ya Modimo. Enoke o ne a tseba hore Jehova o lebeletse hore a tshepahalle mosadi wa hae. (Genese 2:24) O ile a etsa sohle seo a neng a ka se kgona ho ruta bana ba hae ka Jehova. Seo se bile le phello efe?

Bibele ha e re fe dintlha tsohle mabapi le melemo e ileng ya tliswa ke boiteko ba Enoke. Hape ha e bue hakaalo ka mora wa hae Methusela, ya phetseng nako e telele ho feta bohle ka Bibeleng. O ile a phela ho fihlela Morwallo o fihla. Hamorao Methusela o ile a tswala Lameke. Lameke o phetse nakong e le nngwe le ntataemoholo Enoke ka dilemo tse ka bang lekgolo. Lameke o ne a e na le tumelo e matla. Jehova o ile a mo susumetsa hore a profete ka bokamoso ba mora wa hae Noe, mme boprofeta boo bo ile ba phethahala ka mora morwallo. Feela jwaloka ntataemoholo Enoke, Noe le yena o ile a tswela pele ho tsamaya le Modimo. Ha ho mohla Noe a kileng a kopana le Enoke. Leha ho le jwalo, Enoke o ne a mo sietse mohlala o motle oo a neng a ka o latela. Ho ka etsahala hore ebe Lameke ke yena ya ileng a phetela Noe ka mohlala ona o motle wa Enoke kapa mohlomong o ne a phetetswe ke ntataemoholo Methusela kapa ke Jarede, e leng ntate wa Enoke ya phetseng ho fihlela Noe a le dilemo di 366.—Genese 5:25-29; 6:9; 9:1.

Enoke o ne a fapane hole le Adama. Adama o ne a phethahetse, empa o ile a sitelwa Jehova ka boomo mme a tlisetsa yena le bana bohle ba hae mathata. Le hoja Enoke yena a ne a sa phethahala, o ile a tsamaya le Modimo mme a siela bana bohle ba hae mohlala o motle wa ho tshepahala ho Jehova. Adama o ile a shwa ha Enoke a ne a le dilemo di 308. Na ba lelapa la Adama ba ile ba sarelwa ka lebaka la lefu la ntatabona moholo wa moithati? Ha re tsebe. Empa seo re se tsebang ke hore Enoke o ile ‘a tswela pele ho tsamaya le Modimo wa nnete.’​—Genese 5:24.

Haeba o na le boikarabelo ba ho hlokomela lelapa, ho na le ho hongata hoo o ka ithutang hona mohlaleng wa Enoke. Ke nnete hore o lokela ho hlokomela ba lelapa la hao ka dintho tseo ba di hlokang bophelong, leha ho le jwalo ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke ho ba thusa hore ba be le kamano e ntle le Jehova. (1 Timothea 5:8) O ka kgona ho ba ruta hantle haeba feela o phelela seo o se rutang. Haeba o kgetha ho tsamaya le Modimo, feela jwalokaha Enoke a ile a etsa, le wena o ka siela ba lelapa la hao letlotlo la bohlokwa, e leng mohlala o motle wa ho sebeletsa Jehova ka botshepehi.

ENOKE ‘O ILE A PROFETA KA BONA’

Ho ka etsahala hore ka dinako tse ding Enoke o ne a jewa ke bodutu kaha o ne a le mong hara batho ba kgopo. Empa na Modimo wa hae Jehova o ne a mo kgathalla? Haholo. Nako ya hore Jehova a buisane le mohlanka enwa wa hae ya tshepahalang e ile ya fihla e sa hane. Modimo o ile a fa Enoke mosebetsi wa hore a fetisetse molaetsa wa hae ho batho ba mehleng eo. Kahoo o ile a etsa hore Enoke e be moprofeta wa hae, mme ke yena wa pele eo boprofeta ba hae bo senotsweng ka Bibeleng. Re tseba sena hobane Juda, e leng morabo Jesu, o ile a susumetswa ke moya o halalelang hore a ngole mantswe a boprofeta ba Enoke dilemong tse makgolo hamorao. *

Boprofeta ba Enoke bo ne bo reng? Bo ne bo re: “Bonang! Jehova o ile a tla ka dimiriade tsa hae tse halalelang, ho phethisa kahlolo kgahlanong le bohle, le ho paka hore bohle ba se nang bomodimo ba molato malebana le diketso tsohle tsa bona tse se nang bomodimo tseo ba ileng ba di etsa ka tsela e se nang bomodimo, le malebana le dintho tsohle tse tshosang tseo baetsadibe ba se nang bomodimo ba ileng ba di bua kgahlanong le yena.” (Juda 14, 15) O tla hlokomela hore mona, Enoke o bua ka dintho tseo a neng a profeta ka tsona jwalokaha eka di se di etsahetse. Ena ke tsela eo boprofeta bo bongata bo ileng ba latela ka mora moo bo ileng ba ngolwa ka yona. Ho tloha ka nako eo, boprofeta bo ile ba bua ka dintho tseo Modimo a tla di phethahatsa jwalokaha eka di se di ntse di phethahetse!​—Esaia 46:10.

Enoke o ile a bolela molaetsa wa Modimo ka sebete ho batho ba mehleng ya hae ba kgopo

O nahana hore Enoke o ne a ikutlwa jwang ha a ne a lokela ho bolela molaetsa wa kahlolo ho batho ba mehleng ya hae? Hlokomela kamoo molaetsa oo a neng a o bolela o neng o le matla kateng: O ile a sebedisa polelo e reng, “ba se nang bomodimo,” ka makgetlo a mane ha a ne a kgalema batho ba etsang bokgopo. Boprofeta bona bo ne bo lemosa batho bohle hore tsela eo ba itshwereng ka yona e ne e mpefetse haholo ho tloha ka mora borabele ba Edene. Batho ba mehleng eo ba ne ba le haufi le ho timetswa ha Modimo a tlisa “dimiriade tsa hae tse halalelang,” e leng mangeloi a matla a neng a tla fedisa lefatshe. Enoke o ile a iteta sefuba, yaba o bolella batho bohle molaetsa o tswang ho Jehova, mme Jehova o ile a fela a mo tshehetsa! Ho ka etsahala hore Lameke o ile a kgahlwa haholo ke sebete sa ntataemoholo.

Tumelo ya Enoke e ka re thusa ho itlhahloba hore na re tadima lefatshe leo re phelang ho lona ka tsela eo Jehova a le tadimang ka yona. Molaetsa wa kahlolo oo Enoke a neng a o bolela o ntse o sebetsa le mehleng ena, ha o wa siuwa ke nako. Jehova o ile a fela a phethahatsa mantswe ao a neng a a buile ka moprofeta wa hae Enoke, yaba o tlisa morwallo lefatsheng. Empa seo e ne e se letho ha se bapiswa le seo Modimo a tla se etsa lefatsheng haufinyane ho batho ba sa mo mameleng. (Matheu 24:38, 39; 2 Petrose 2:4-6) Feela jwaloka mehleng eo, le kajeno Jehova le mangeloi a hae ba se ba ntse ba itokiseditse ho ahlola lefatshe lena la batho ba sa mameleng. E mong le e mong o lokela ho nka ka ho teba keletso ya Enoke mme a bolelle ba bang molaetsa oo. Ho ka etsahala hore beng ka rona ba re fetohele. Ka dinako tse ding re ka ikutlwa eka re lahlilwe kgerehlwa. Jehova ha a ka a lahla Enoke, mme le wena a ke ke a o lahla haeba o dula o tshepahala!

“O ILE A FALLISWA E LE HORE A SE KE A BONA LEFU”

Enoke o ile a fella kae? O ile a shwa ka tsela ya mohlolo, le e monate ho feta diketsahalo tsohle bophelong ba hae. Lengolo la Genese le re: ‘Enoke o ile a tsamaya le Modimo wa nnete. Jwale ha a ka a hlola a eba teng, etswe Modimo o ile a mo nka.’ (Genese 5:24) Modimo o ile a nka Enoke jwang? Hamorao moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka tumelo Enoke o ile a falliswa e le hore a se ke a bona lefu, mme ha a ka a fumanwa leha e le kae hobane Modimo o ne a mo fallisitse; kaha pele a falliswa o ne a e na le bopaki ba hore o ne a kgahlisi­tse Modimo.” (Baheberu 11:5) Pauluse o ne a bolelang ha a re Enoke “o ile a falliswa e le hore a se ke a bona lefu”? Bafetoledi ba bang ba Bibele ba re Modimo o ile a nkela Enoke lehodimong. Empa sena ha se nnete. Bibele e re Jesu ke yena motho wa pele ya ileng a shwa mme a tsosetswa ho ya phela lehodimong.​—Johanne 3:13.

Jwale ke jwang Enoke a ileng a “falliswa” e le hore a se ke a “bona lefu”? Ho ka etsahala hore Jehova o ile a fallisa Enoke ka tsela e monate mme a mo tlosa bophelong le ho mo robatsa lefung ka tsela e neng e sa mo utlwise bohloko. Empa pele ho moo, Enoke o ile a bontshwa “bopaki ba hore o ne a kgahlisitse Modimo.” Ka tsela efe? Nakwana pele a robala borokong ba hae ba ho qetela, Enoke o ile a bontshwa pono e thabisang e tswang ho Modimo, mohlomong a bontshwa lefatshe le letjha la paradeise. Ka mora ho bona pono eo e hlakileng e neng e bontsha hore Jehova o mo amohetse, Enoke o ile a robala lefung. Ha moapostola Pauluse a ne a ngola ka banna le basadi bohle ba ileng ba bontsha tumelo ho Jehova o ile a re: “Ka tumelo bana kaofela ba ile ba shwa.” (Baheberu 11:13) Ho ka etsahala hore nakwana ka mora moo dira tsa Enoke di ile tsa sala di batlana le setopo sa hae, empa “ha a ka a fumanwa,” kaha Jehova o ile a pata setopo sa hae e le hore batho ba se ke ba se sebedisa hampe kapa ho se rapela. *

Ha o ntse o nahana ka diketsahalo tseo tse tlalehilweng ka Mangolong, leka ho iketsetsa setshwantsho sa kamoo e ka nnang yaba bophelo ba Enoke bo feletse ka teng. Nahana ka ketsahalo ena jwalokaha eka ehlile e etsahetse e le jwalo. Enoke o ne a sa ipatle ke mokgathala ha a ntse a baleha. Dira tsa hae di ne di mo behile merebele, di tuka ke bohale ka lebaka la molaetsa oo a neng a sa tswa di bolella ona wa kahlolo. Enoke o ile a fumana sebaka sa ho kgefutsa ho se hokae, leha ho le jwalo o ne a ke ke a kgona ho ipata moo halelele. Lefu le ne le mo tjametse. Ha a ntse a ipatile moo, o ile a rapela Modimo. Ka mora moo, Enoke o ile a utlwa eka ho na le ntho e tlohileng mahetleng a hae, ha re kokololo! O ile a bona pono e hlollang, e hlakileng jwalokaha eka o ne a hlile a le moo.

Batho ba kgopo ba ne ba le haufi le ho bolaya Enoke ka sehloho, yaba Jehova o a mo nka

Inahanele a bona pono ya lefatshe le hlollang ka botle, le nang le kgotso le bile le fapane hole le leo a phetseng ho lona. Lefatshe leo Enoke a ileng a le bontshwa le ne le le letle jwaloka serapa sa Edene, empa lona le ne le sa sireletswa ka thata ke mangeloi. Ho ne ho e na le banna le basadi ba phetseng hantle le ba mahlahahlaha lefatsheng leo. Ho ne ho rena kgotso. Batho ba phelang moo ba ne ba ratana mme kaofela ba dumela ho Modimo a le mong. Enoke o ne a kgodisehile hore Jehova o ne a mo rata. O ne a kgodisehile hore le yena o a tshwaneleha ho ba sebakeng seo se setle. Ha a sa ntse a ile le toro ena e thabisang, o ile a utlwa kgotso e mo aparela, mme a ha a ka a hlola a tsoha borokong bona ba hae bo monate, o ile a roballa ruri.

Enoke o sa ntse a robetse lefung ho fihlela lena le hodimo mme Jehova ha a e so mo lebale! Jesu o ile a re ka letsatsi le leng batho bohle ba mohopolong wa Modimo ba tla utlwa lentswe la hae mme ba tswe mabitleng moo ba robetseng teng, ebe ba phela lefatsheng le letjha le nang le kgotso.​—Johanne 5:28, 29.

Na le wena o ka rata ho ba teng moo? Nahana hore na e tla ba ntho e thabisang hakakaang ho kopana le Enoke. Nahana a se a re phetela ditaba tse monate tsa bophelo ba hae! A ka re bolella hore na dintho tseo re nahanang hore o di bone ponong ke nnete hakae. Ho na le ntho e nngwe hape eo re ka ithutang yona mohla­leng wa hae. Ha Pauluse a qeta ho bua ka mohlala wa Enoke, o ile a boela a re: ‘Kantle ho tumelo ho ke ke ha ­kgoneha ho kgahlisa Modimo.’ (Baheberu 11:6) Re na le mabaka a mangata hakakaang a ho tsamaya mohlaleng wa Enoke le ho bontsha tumelo e matla jwaloka yena!

^ par. 14 Ditsebi tse ding tsa Bibele di bolela hore Juda o ile a qotsa buka e iqapetsweng e neng e bitswa Buka ya Enoke empa buka eo e ngotswe dintho tse inahanelwang mme mohlodi wa yona ha o tsejwe. E bua ka boprofeta ba Enoke boo e ka nnang yaba bo nkilwe dibukeng tsa boholoholo tse sa tsebahaleng. E ka nna yaba Juda o sebedisitse e nngwe ya dibuka tsena kapa mohlomong o ithutile boprofeta bona ho Jesu kaha o ne a phetse lehodimong mme o ne a tseba Enoke hantle.

^ par. 20 Ka ho tshwanang, Jehova o ile a etsa bonnete ba hore setopo sa Moshe le sa Jesu ha di fumanehe e le hore di se ke tsa sebediswa hampe.​—Deuteronoma 34:5, 6; Luka 24:3-6; Juda 9.