Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

TORA YA HO LEBELA No. 1 2022 | Re ka Kgona ho Hlola Lehloyo

Batho ba bangata lefatsheng ba na le lehloyo. Ba bontsha lehloyo ka ditsela tse ngata. Ka mohlala, ba le bontsha ka ho kgetholla batho ba bang, ka ho ba hlekefetsa, ka ho bua hampe ka bona kapa ka ho ba hlasela. Na lehloyo le tla fela? Dihlooho tse makasineng ena di tla bontsha hore na ho ithuta Bibele ho ka re thusa jwang hore re hlole lehloyo. Di tla boela di re bontshe tshepiso ya Modimo ya hore o tla fedisa lehloyo.

 

Re ka Kgona ho Hlola Lehloyo

Lehloyo keng? Le bontshwa jwang?

Ke Hobaneng ha Batho ba Hloyane Hakaale?

Bibele e ruta hore na lehloyo le qadile jwang, ke hobaneng ha batho ba na le lehloyo le hore na le ata jwang kajeno.

Re ka Etsang Hore re Hlole Lehloyo?

Bibele e thusitse batho hore ba fetole tsela eo ba neng ba phela ka yona.

RE KA ETSANG HORE RE HLOLE LEHLOYO?

1 | O se ke wa ba Leeme

Ntsha ka ho felletseng maikutlo a fosahetseng ao o nang le ona ka batho ba bang ka hore o etsise Modimo ya senang leeme.

RE KA ETSANG HORE RE HLOLE LEHLOYO?

2 | O se ke wa Iphetetsa

O ka hlola maikutlo a ho batla ho iphetetsa ka hore o be le tshepo ya hore Modimo o tla fedisa dintho tse mpe haufinyane.

RE KA ETSANG HORE RE HLOLE LEHLOYO?

3 | Ntsha Lehloyo ka Pelong ya Hao

Lentswe la Modimo le ka o thusa hore o hlole lehloyo le ka pelong le ka kelellong ya hao.

RE KA ETSANG HORE RE HLOLE LEHLOYO?

4 | O ka Hlola Lehloyo ka Thuso ya Modimo

Moya wa Modimo o halalelang o ka o thusa hore o be le makgabane a ka o thusang hore o hlole lehloyo.

Lehloyo le Tla Fela ka ho sa Feleng

Keng e ka fedisang lehloyo ka ho sa feleng?

Lefatsheng Lohle Batho ba Angwa ke Lehloyo

Lehloyo le ka fediswa jwang? Ho se ho ntse ho ena le phetoho e etsahalang hara batho lefatsheng lohle.