Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Modimo o a o Tsotella

Modimo o a o Tsotella

BIBELE e na le dikeletso tse molemo haholo hobane e tswa ho Modimo. Bibele ha se buka ya dingaka empa e na le dikeletso tse ka re thusang ha re hlahelwa ke mathata, ha re nahana ka dintho tse re tshwenyang, ha re utlwile bohloko, ha re sa phele hantle mmeleng le ha re ena le kgatello ya maikutlo.

Ntho ya bohlokwa le ho feta ke hore Bibele e a re bolella hore Mmopi wa rona e leng Jehova Modimo, a o utlwisisa hantle tsela eo re nahanang ka yona le eo re ikutlwang ka yona ho feta motho le ha e le ofe. O ikemiseditse ho re thusa ka bothata le ha e le bofe boo re nang le bona. Ka mohlala, bona ka moo ditemana tsena tse pedi di re tshedisang ka teng:

“Jehova o haufi le bao dipelo tsa bona di utlwileng bohloko. O pholosa ba kgathetseng matla.”​—PESALEME YA 34:18.

“Nna, Jehova Modimo wa hao, ke o tshwara ka letsoho la hao le letona, ke nna ya reng ho wena, ‘O se ke wa tshoha. Ke tla o thusa.’”​—ESAIA 41:13.

Jehova o re thusa jwang ho sebetsana le bothata ba ho ba le kgatello ya maikutlo? Dihlooho tse latelang di tla bontsha hore na Jehova o re bontsha jwang hore o re tsotella e le ka nnete.

a Jehova ke lebitso la Modimo.​—Pesaleme ya 83:18.