Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batla!

Batla!

Daonlouda:

  1. 1. Re utlwile hothwe batla

    Mme o tla fumana nnete.

    Re ne re se na tshepo ho Modimo,

    Ra thuswa ke ho batla.

    (PELE HO KHORASE)

    Ra tswela pele re batla nnete.

    Jwalo ka perela ya bohlokwa ra’e batla.

    (KHORASE)

    Batla! Batla karabo tsa potso tseo tsohle,

    Re lokela ho di tseba.

    Ho ba teng ha motho,

    Hobaneng re hloka Mmuso wa Modimo?

    O batle nnete.

  2. 2. Yaba re rutwa ka lebitso

    La Modimo e leng, Jehova.

    Ha re bontshwa ra fumana

    Seo re neng re se batla.

    (PELE HO KHORASE)

    Ra tswela pele ka ho ithuta.

    Ra thola dikarabo ka bophelo le Mmopi.

    (KHORASE)

    Batla! Batla Karabo tsa potso tseo tsohle,

    Re lokela ho di tseba.

    Ho phela ha batho paradeiseng

    Haufinyane Mmusong wa Modimo.

    O batle nnete.

    (BOROKGO)

    Re ikemiseditse ho bolella ba bang

    Nnete e ka Bibeleng.

    Ho bolela taba tse monate,

    Ho ba ruta ka nnete

    Eo re ithutileng yona.

    (KHORASE)

    Batla! Batla karabo tsa potso tseo tsohle.

    Re lokela ho di tseba.

    Ho phela re sa shwe lefatsheng le letjha

    Mmusong wa Modimo.

    O batle nnete.