Esaia 65:1-25

  • Jehova o ahlola batho ba rapelang litšoantšo (1-16)

    • Molimo oa Mahlohonolo le molimo ea Laolang Bokamoso (11)

    • “Bahlanka ba ka ba tla ja” (13)

  • “Maholimo a macha le lefatše le lecha” (17-25)

    • Ba tla haha matlo, ba leme lirapa tsa morara (21)

    • “Ba ke ke ba sebeletsa lefeela” (23)

65  “Ke itlhahisitse ho batho ba sa kang ba botsa ka ’na. Ke entse hore ba sa kang ba mpatla ba mphumane.+ Ke itse: ‘Ke ’na enoa, ke ’na enoa!’ ho sechaba se neng se sa ipiletse lebitsong la ka.+   Ke otlolotse matsoho a ka letsatsi lohle bakeng sa sechaba sena se manganga,+Se tsamaeang tseleng e fosahetseng,+Se latelang menahano ea sona.+   Ke batho ba lulang ba ntšiteloa ke ntse ke shebile,+Ba etsetsang mahlabelo lirapeng+ le ba chesang mahlabelo* holim’a litene.   Ba lula har’a mabitla,+Ba qeta bosiu ba ipatile,*Ba ja nama ea kolobe,+Moro oa lintho tse silafetseng* o ka lijaneng tsa bona.+   Ba re: ‘Lula moo u leng teng. U se ke oa nkatamelaKaha ke halalela ho u feta.’* Batho bana ba tsoela pele ho nkhalefisa* joaloka mollo o tukang letšehare lohle.   Libe tsa bona li ngotsoe ka pel’a ka. Nke ke ka ema feelaEmpa ke tla ba fa moputso,+Ke tla ba fa moputso o ba loketseng.   Jehova o re: ‘Bakeng sa liphoso tsa bona le liphoso tsa baholo-holo ba bona+Kaha ba entse sehlabelo holim’a lithaba’Me ba nthohakile holim’a maralla,+Ke tla qala ka ho ba fa moputso oa bona o feletseng.’”*   Jehova o re: “Feela joalokaha veine e ncha e fumanoa sehlahleng sa moraraEbe motho e mong o re: ‘U se ke oa se senya hobane se sa ntse se e-na le thuso,’*Ke tla etsa joalo molemong oa bahlanka ba ka,Nke ke ke ba timetsa kaofela.+   Ke tla hlahisa bana* ho tsoa lelokong la Jakobo,Ho tsoa lelokong la Juda ke hlahise motho eo e tla ba mojalefa oa lithaba tsa ka.+ Bakhethoa ba ka ba tla li ruaLe bahlanka ba ka ba lule teng.+ 10  Sharone+ e tla ba lekhulo bakeng sa linku. Khohlo* ea Akore+ e be sebaka sa phomolo bakeng sa likhomoMolemong oa batho ba ka ba mpatlang. 11  Empa lona le har’a batho ba lahlang Jehova,+Ba lebalang thaba ea ka e halalelang,+Ba tekang tafole bakeng sa molimo oa MahlohonoloLe ba tlatsang kopi ea veine e tsoakiloeng bakeng sa molimo ea Laolang Bokamoso. 12  Kahoo, ke tla le nehella sabole,+Kaofela le tla inama hore le bolaoe+Hobane ke hoelelitse empa ha lea ka la araba. Ke buile empa ha lea ka la mamela.+ Le ’nile la etsa lintho tse fosahetseng mahlong a ka’Me la khetha ntho e sa nthabiseng.”+ 13  Ka hona, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Bahlanka ba ka ba tla ja empa lona le tla lapa.+ Bahlanka ba ka ba tla noa+ empa lona le tla nyoroa. Bahlanka ba ka ba tla thaba+ empa lona le tla soaba.+ 14  Bahlanka ba ka ba tla hoeletsa ba thabile hobane lipelo tsa bona li thabile. Lona le tla lla ka lebaka la lipelo tse bohloko. Le tla bokolla hobane le oele moea. 15  Le tla iketsetsa lebitso le lebe leo bakhethoa ba ka ba tla le sebelisa ha ba lakaletsa batho bomalimabe. Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o tla le bolaea kaofela. Empa o tla bitsa bahlanka ba hae ka lebitso le leng+ 16  E le hore mang kapa mang ea ipatlelang tlhohonolofatso lefatšengA tle a hlohonolofatsoe ka Molimo oa ’nete*Le hore mang kapa mang ea hlapanyang lefatšengA tle a hlapanye ka Molimo oa ’nete.*+ Mahlomola* a fetileng a tla be a lebetsoe,A tla tlosoa ka pel’a mahlo a ka.+ 17  Ke bopa maholimo a macha le lefatše le lecha.+ Lintho tsa khale li ke ke tsa hopoloaKapa tsa le utloisa bohloko.*+ 18  Ka hona thabang ’me le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bopang. Ke etsa hore Jerusalema e be sesosa sa nyakalloLe batho ba eona hore e be sesosa sa thabo e khaphatsehang.+ 19  Ke tla thabisoa ke Jerusalema ’me ke thabisoe ke sechaba sa ka.+ Molumo oa ho lla kapa lillo tsa mahlomola ha li sa tla hlola li utloahala ho eona.”+ 20  “Sebakeng seo, ha ho sa tla hlola ho e-ba le lesea le phelang matsatsi a seng makae feelaKapa motho ea holileng ea tla phela nako e khutšoanyane. Mang kapa mang ea shoang a le lilemo li lekholo o tla nkoa e le moshanyana feela. Moetsalibe o tla shoa hobane a rohakiloe le hoja a phetse lilemo tse lekholo.* 21  Batho ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona,+Ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona.+ 22  Ba ke ke ba haha matlo ebe motho e mong o lula ho ’ona,Ba ke ke ba lema ebe ho ja batho ba bang. Matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate.+ Sechaba sa ka se tla thabela mosebetsi oo se o etsang. 23  Ba ke ke ba sebeletsa lefeela+Kapa ba e-ba le bana ba tla hlaheloa ke tlokotsi. E tla ba bana* ba hlohonolofalitsoeng ke Jehova+Hammoho le litloholo tsa bona.+ 24  Le pele ba hoeletsa, ke tla araba. Ha ba sa ntse ba bua, ke tla utloa. 25  Phiri le konyana li tla fula hammoho,Tau e tla ja joang joaloka poho,+Lijo tsa noha e be lerole. Li ke ke tsa ntša batho kotsi kapa tsa senya ntho leha e le efe thabeng ea ka e halalelang,”+ ke Jehova ea chong.

Linaletsana

Kapa: “ba etsang hore mosi o kubelle.”
Kapa mohlomong: “ba le matlong a ho lebela.”
Kapa: “tse nyonyehang.”
Kapa mohlomong: “Hobane ke tla u bontša khalalelo ea ka.”
Ka Seheberu: “Batho bana ke mosi linkong tsa ka.”
Ka Seheberu: “lifubeng tsa bona.”
Ka Seheberu: “tlhohonolofatso.”
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “Phula.”
Kapa: “ea tšepahalang.” Ka Seheberu: “Amen.”
Kapa: “ea tšepahalang.” Ka Seheberu: “Amen.”
Kapa: “Mathata.”
Kapa: “fihla pelong.”
Kapa mohlomong: “Ea sa qeteng lilemo tse lekholo o tla nkoa a rohakiloe.”
Ka Seheberu: “peo.”