Jobo 26:1-14

  • Jobo oa araba (1-14)

    • ‘U thusitse batho ba se nang matla’ (1-4)

    • ‘Molimo o etsa hore lefatše le leketle moeeng’ (7)

    • ‘Linyane feela tsa litsela tsa Molimo’ (14)

26  Jobo a re:   “Kannete u thusitse motho ea se nang matlaEbile u mo pholositse.+   U fane ka keletso e molemo hakaakang ho motho ea seng bohlale.+ U bontšitse hore u bohlale.*   U leka ho bua le mang,Ke mang ea u susumelitseng hore u bue lintho tseo?   Ba shoeleng ha ba na matla ’me baa thothomela ka pel’a Molimo,Ba tlase le ho feta metsi le libopuoa tse lulang ho ’ona.   Ha ho letho le Lebitleng* leo Molimo a sa le boneng+Ebile o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka sekoting sa timetso.*   O otlolla sepaka-paka holim’a sebaka se se nang letho,*+O etsa hore lefatše le leketle moeeng.   O phuthela metsi ka maru a hae,Ka tsela e tla etsa hore maru a se ke a phatloha ka lebaka la boima ba metsi.+   O koahela terone ea haeKa leru la hae.+ 10  O etsa moeli pakeng tsa sepaka-paka le leoatle+Le pakeng tsa lefifi le khanya. 11  Le lipilara tsa leholimo lia thothomela,Li tšosoa ke khalefo ea hae. 12  O fuluha leoatle ka matla a hae,+Ka lebaka la kutloisiso ea hae o roba phoofolo e kholohali ea leoatle* likotoana.+ 13  O hloekisa sepaka-paka ka moea oo a o hemang,O hlaba noha e thellang. 14  Tsena ke linyane feela tsa litsela tsa hae,+Lintho tseo re li utloileng ka eena li joaloka mohoeshetso feela. Ke mang ea ka utloisisang lehalima la hae le matla?”+

Linaletsana

Kapa: “u na le kelello.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Abadone.”
Ka Seheberu: “lefeela.”
Ka Seheberu: “Rahaba.”