Kosepele ea Johanne 17:1-26

  • Thapelo ea ho qetela eo Jesu a e etsang le baapostola ba hae (1-26)

    • Ba tla fumana bophelo bo sa feleng haeba ba tseba Molimo (3)

    • Bakreste ha se ba lefatše (14-16)

    • “Lentsoe la hao ke ’nete” (17)

    • “Ke ba tsebisitse lebitso la hao” (26)

17  Ka mor’a hore Jesu a bue lintho tsena, a sheba leholimong a re: “Ntate, nako e fihlile. Tlotlisa mora oa hao e le hore a ka u tlotlisa.+  U mo file matla holim’a batho bohle+ e le hore a ka fana ka bophelo bo sa feleng+ ho bohle bao u mo fileng bona.+  Ba tla fumana bophelo bo sa feleng+ haeba ba u tseba,* uena Molimo a le mong oa ’nete+ le Jesu Kreste eo u mo rommeng.+  Ke u tlotlisitse lefatšeng+ hobane ke qetile mosebetsi oo u mphileng oona.+  Ntate, ke kopa u nkhutlisetse boemong bo phahameng boo ke neng ke le ho bona ha ke e-na le uena pele lefatše le e-ba teng.+  Ke tsebahalitse lebitso la hao ho batho bao u mphileng bona lefatšeng.+ E ne e le ba hao eaba u mpha bona ’me ba u mametse.  Joale baa tseba hore lintho tsohle tseo ke nang le tsona li tsoa ho uena  hobane ke ba joetsitse lintho tseo u mpoleletseng tsona.+ Ba li amohetse ebile baa tseba hore ke moemeli oa hao+ le hore u nthomile.+  Kea ba rapella. Ha ke rapelle lefatše empa ke rapella bao u mphileng bona hobane ke ba hao. 10  Lintho tsohle tsa ka ke tsa hao+ ’me tsa hao ke tsa ka. Ke tlotlisitsoe har’a bona. 11  Ha ke sa le lefatšeng hobane ke tla ho uena empa bona ba ntse ba le ho lona.+ Ntate ea halalelang, ke kopa u ba sireletse molemong oa lebitso la hao+ leo u mphileng lona e le hore ba ka momahana joalokaha re momahane.+ 12  Ha ke ne ke e-na le bona, ke ne ke ba hlokomela+ molemong oa lebitso la hao leo u mphileng lona. Ke ba sirelelitse ’me ha ho le ea mong oa bona ea lahlehileng+ haese ea tšoanelang ho felisoa+ e le hore lengolo le ka phethahala.+ 13  Empa joale ke tla ho uena ’me ke bua lintho tsena ha ke sa ntse ke le lefatšeng e le hore ba ka thaba haholo joalokaha le ’na ke thabile.+ 14  Ke ba boleletse mantsoe a hao empa lefatše le ba hloile hobane ha se ba lefatše+ joalokaha ke se oa lefatše. 15  Ha ke kope hore u ba ntše lefatšeng empa ke kopa hore u ba sireletse ka lebaka la ea khopo.+ 16  Ha se ba lefatše+ joalokaha ke se oa lefatše.+ 17  Ba halaletse* ka ’nete,+ lentsoe la hao ke ’nete.+ 18  Ke ba rometse lefatšeng joalokaha u nthometse lefatšeng.+ 19  Kea ikhalaletsa molemong oa bona e le hore le bona ba ka halaletsoa ka ’nete. 20  Ha ke rapelle bona feela, ke rapella le ba tla utloa lithuto tsa bona ebe ba lumela ho ’na 21  e le hore ba ka momahana+ joalokaha ’na le uena Ntate re momahane+ le hore ba ka momahana le rona e le hore lefatše le ka lumela hore u nthomile. 22  Ke ba tlotlile joalokaha u ntlotlile e le hore ba ka momahana joalokaha re momahane.+ 23  Bona ba tle ba momahane le ’na, ’na ke momahane le uena e le hore ba ka momahana e le kannete. Kahoo, batho bohle ba tla tseba hore u nthomile le hore u ba rata joalokaha u nthata. 24  Ntate, ke lakatsa hore bao u mphileng bona ba tle ba be le ’na+ e le hore ba ka bona boemo bo phahameng boo u mphileng bona hobane u nthatile le pele lefatše le e-ba teng.+ 25  Ntate ea lokileng, lefatše ha le u tsebe+ empa kea u tseba+ ’me batho bao u mphileng bona baa tseba hore u nthomile. 26  Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla tsoela pele ke le tsebahatsa+ e le hore ba ka rata batho ba bang joalokaha u nthatile le hore ’na le bona re momahane.”+

Linaletsana

Kapa: “ithuta ka uena.”
E leng ho ba khethela ho etsa mosebetsi o halalelang.