Kosepele ea Mareka 10:1-52

  • Lenyalo le tlhalo (1-12)

  • Jesu o hlohonolofatsa bana (13-16)

  • Potso ea mohlankana oa morui (17-25)

  • Ho itella ’Muso oa Molimo (26-31)

  • Jesu o profeta lefu la hae hape (32-34)

  • Kopo ea Jakobo le Johanne (35-45)

    • Jesu o lopolla batho ba bangata (45)

  • Bartimiase ea sa boneng oa folisoa (46-52)

10  Jesu a tloha moo a ea meeling ea Judea ka mose ho Jordane. Letšoele la tla ho eena eaba o qala ho le ruta joalokaha a ne a tloaetse.+  Bafarisi ba tla ho eena ba ikemiselitse ho mo leka ’me ba mo botsa hore na molao o lumella monna ho hlala mosali.+  A ba araba a re: “Moshe o itse’ng ho lona?”  Ba re: “Moshe o ile a lumella monna ho fa mosali lengolo la tlhalo le ho mo hlala.”+  Jesu a re ho bona: “O ile a le ngolla+ taelo ena hobane le le manganga+  empa qalong ‘Molimo o bopile monna le mosali.+  Ka lebaka lena monna o tla siea ntate oa hae le ’mè oa hae+  ’me bobeli ba bona e tla ba nama e le ’ngoe’+ e leng hore ha ba sa le babeli empa e se e le nama e le ’ngoe.  Ka hona, ho se ke ha e-ba le motho ea arolang batho bao Molimo a ba kopantseng.”*+ 10  Ha ba le ka tlung, barutuoa ba qala ho mo botsa ka taba ena. 11  A re ho bona: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae ebe o nyala e mong oa feba+ ebile oa mo siteloa, 12  hape haeba mosali a hlala monna oa hae ebe o nyaloa ke e mong, oa feba.”+ 13  Batho ba tlisa bana ba banyenyane ho eena hore a ba hlohonolofatse* empa barutuoa ba ba khalemela.+ 14  Ha Jesu a ba bona a halefa a re ho bona: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na. Le se ke la leka ho ba thiba hobane ’Muso oa Molimo ke oa ba tšoanang le bona.+ 15  Kannete ke re ho lona, mang kapa mang ea sa amoheleng ’Muso oa Molimo joaloka ngoana e monyenyane ho hang a ke ke a kena ho oona.”+ 16  Eaba o haka bana bao ’me o qala ho ba hlohonolofatsa ka ho ba beha matsoho.+ 17  Eare ha a tsamaea, monna e mong a mo mathela eaba o khumama ka pel’a hae o re: “Mosuoe ea molemo, ke etse’ng hore ke fumane bophelo bo sa feleng?”+ 18  Jesu a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u mpitsa ea molemo? Ha ho na motho ea molemo haese Molimo feela.+ 19  U tseba litaelo tsena: ‘U se ke oa bolaea,+ u se ke oa feba,+ u se ke oa utsoa,+ u se ke oa fana ka bopaki ba bohata+ kapa oa etsa bolotsana.+ U hlomphe ntate oa hao le ’mè oa hao.’”+ 20  Monna eo a re ho eena: “Mosuoe, haesale ke phetha litaelo tsena ho tloha bocheng ba ka.” 21  Ha Jesu a mo sheba a utloa a mo rata eaba o re ho eena: “Ho haella ntho e le ’ngoe ho uena: Tsamaea u rekise lintho tsa hao ebe u fa bafutsana chelete eo, joale u tla ba le letlotlo leholimong. Ka mor’a moo, u tle u be molateli oa ka.”+ 22  Empa mantsoe ao a mo nyahamisa eaba o tloha a saretsoe hobane o ne a ruile haholo.+ 23  Ka mor’a hore Jesu a qamake, a re ho barutuoa ba hae: “E tla ba ntho e thata hore barui ba kene ’Musong oa Molimo.”+ 24  Empa barutuoa ba makatsoa ke mantsoe a hae. Eaba Jesu o re ho bona: “Metsoalle,* ke ntho e thata ho kena ’Musong oa Molimo. 25  Ho bonolo hore kamele e tsoe lesobeng la nale ho e-na le hore morui a kene ’Musong oa Molimo.”+ 26  Ba makala le ho feta ’me ba re ho eena:* “Ebe ke mang ea ka pholohang?”+ 27  Jesu a ba sheba eaba o re: “Ho batho ho ke ke ha khoneha empa ho Molimo ha ho joalo hobane lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.”+ 28  Petrose a re: “Bona, re siile lintho tsohle ’me ra u latela.”+ 29  Jesu a re: “Kannete ke re ho lona, e mong le e mong ea siileng ntlo, bana babo, ’mè, ntate, bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo+ 30  o tla fumana matlo, bana babo, bo-’mè, bana le masimo halekholo hona joale, a boele a fumane mahloriso.+ Lefatšeng le lecha le tlang,* o tla fumana bophelo bo sa feleng. 31  Empa ba bangata ba pele e tla ba ba ho qetela ’me ba ho qetela e be ba pele.”+ 32  Joale ha ba le tseleng e nyolohelang Jerusalema, Jesu o ne a tsamaea ka pel’a bona. Ba ile ba makala, athe ba neng ba ba setse morao bona ba tšoha. A boela a nkela barutuoa ba 12 ka thoko ’me a qala ho ba bolella lintho tse neng li le haufi le ho mo etsahalla a re:+ 33  “Re nyolohela Jerusalema ’me ba tla nehelana ka Mor’a motho ho baprista ba baholo le bangoli. Ba tla mo ahlolela lefu, ba nehelane ka eena ho balichaba, 34  ba mo some, ba mo tšoele ka mathe, ba mo shape ba be ba mo bolaee. Empa o tla tsoha ka mor’a matsatsi a mararo.”+ 35  Jakobo le Johanne, bara ba Zebedea,+ ba ea ho eena ’me ba re: “Mosuoe, re kopa u re etsetse eng kapa eng eo re u kopang eona.”+ 36  A re ho bona: “Le batla hore ke le etsetse’ng?” 37  Ba re: “Re lumelle hore re lule le uena ’Musong oa hao,* e mong a lule ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letšehali.”+ 38  Empa Jesu a re ho bona: “Ha le tsebe hore na le kopa’ng. Na le ka noa ntho eo ke e noang, kapa la kolobetsoa ka kolobetso eo ke kolobetsoang ka eona?”+ 39  Ba re ho eena: “Re ka e noa.” Eaba Jesu o re ho bona: “Ntho eo ke e noang le tla e noa ’me kolobetso eo ke kolobetsoang ka eona le tla kolobetsoa ka eona.+ 40  Empa ha se ’na ea khethang hore na ke mang ea tla lula ka letsohong la ka le letona kapa le letšehali. Ke Ntate ea khethang.” 41  Ha barutuoa ba bang ba leshome ba utloa taba ena, ba halefela Jakobo le Johanne.+ 42  Empa Jesu a ba bitsetsa ho eena a re: “Lea tseba hore batho ba nkoang e le babusi ba lichaba ba li tšoara ka thata le banna ba baholo baa li hatella.+ 43  Lona ha lea lokela ho etsa joalo empa ea batlang ho ba moholo har’a lona e lokela ho ba mosebeletsi oa lona.+ 44  Ea batlang ho ba oa pele har’a lona e lokela ho ba mohlanka oa bohle. 45  Etsoe esita le Mor’a motho ha aa ka a tlela ho sebeletsoa empa o tletse ho sebeletsa+ le ho fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.”+ 46  Eaba Jesu le barutuoa ba hae ba kena Jeriko. Ha ba tsoa Jeriko ba e-na le letšoele le leholo, Bartimiase (mora oa Timiase) e leng monna oa mokopa-kopa ea sa boneng, o ne a lutse pel’a tsela.+ 47  Ha a utloa hore Jesu oa Monazaretha oa feta, a hoeletsa a re: “Jesu, Mora oa Davida,+ nkhauhele!”+ 48  Eaba batho ba bangata baa mo khalemela ba re a thole empa a ’na a hoeletsa le ho feta a re: “Mora oa Davida, nkhauhele!” 49  Kahoo, Jesu a ema ’me a re: “E-reng a tle.” Eaba ba bitsa monna eo ba re ho eena: “E-ba sebete! Ema, oa u bitsa.” 50  A lahla seaparo sa hae, a ema kapele a ea ho Jesu. 51  Jesu a re ho eena: “U batla hore ke u etsetse’ng?” Monna eo a re ho eena: “Rabboni,* e-re ke boele ke bone.” 52  Eaba Jesu o re ho eena: “Tsamaea. Tumelo ea hao e u folisitse.”+ Hang-hang a boela a bona+ ’me a qala ho mo latela.

Linaletsana

Ka Segerike: “kopantseng hammoho jokong.”
Ka Segerike: “behe matsoho.”
Ka Segerike: “Bana.”
Kapa mohlomong: “ba buisana ba re.”
Kapa: “Mehleng e tlang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “khanyeng ea hao.”
E bolelang “Mosuoe.”