Kosepele ea Matheu 28:1-20

  • Jesu oa tsosoa (1-10)

  • Masole a fuoa tjotjo hore a bue leshano (11-15)

  • Ba laeloa ho etsa batho barutuoa (16-20)

28  Mesong ea letsatsi la pele la beke ka mor’a Sabatha, Maria Magdalena le Maria e mong ba tla ho tla bona lebitla.+  Ka tšohanyetso ha e-ba le tšisinyeho e kholo ea lefatše hobane lengeloi la Jehova* le ne le theohile leholimong. La suthisetsa lejoe thoko eaba le lula holim’a lona.+  Le ne le shebahala joaloka lehalima ’me liaparo tsa lona li le tšoeu joaloka lehloa.+  Kaha balebeli ba ne ba tšaba lengeloi leo, ba thothomela ’me ba akheha.  Empa lengeloi la re ho basali bao: “Le se ke la tšoha, kea tseba hore le batla Jesu ea ileng a khokhotheloa palong.+  Ha a eo mona. O tsositsoe bafung feela joalokaha a chulo.+ Tloong, le bone moo a neng a robetse teng.  Tsamaeang kapele le e’o bolella barutuoa ba hae hore o tsositsoe bafung. O se a ntse a le tseleng e eang Galilea.+ Le tla mo fumana moo. Le hopole litaba tseo ke le boleletseng tsona.”+  Kahoo, ba tloha lebitleng kapele ba thabile haholo empa ba tšohile, ba matha ho ea tlalehela barutuoa ba hae.+  Jesu a kopana le bona eaba o re: “Lumelang!” Ba ea ho eena ’me ba mo khumamela, ba mo tšoara maoto. 10  Joale Jesu a re ho bona: “Le se ke la tšoha. Tsamaeang le tlalehele bana beso* e le hore ba ee Galilea, ba tla mphumana moo.” 11  Ha ba ntse ba le tseleng, ba bang ba balebeli+ ba ea motseng ’me ba tlalehela baprista ba baholo lintho tsohle tse neng li etsahetse. 12  Baprista ba baholo ba kopana le baholo ’me ba buisana eaba ba fa masole ao likotoana tsa silevera tse ngata ’me ba re: 13  “Le tle le re barutuoa ba hae ba ile ba tla bosiu ba mo utsoa le robetse.+ 14  Haeba ’musisi a ka utloa litaba tsena, re tla mo hlalosetsa hore na ho etsahetse’ng,* le se ke la tšoenyeha.” 15  Kahoo, masole a nka likotoana tsa silevera ’me a etsa joalokaha a ile a laeloa. Taba ena e hasitsoe hohle har’a Bajuda ho fihlela letsatsing lona lena. 16  Leha ho le joalo, barutuoa ba 11 ba ea Galilea+ thabeng moo Jesu a neng a itse ba kopane le eena teng.+ 17  Ha ba mo bona ba mo khumamela empa ba bang ba belaela hore na ehlile ke eena. 18  Jesu a atamela a bua le bona a re: “Ke filoe matla holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leholimong le lefatšeng.+ 19  Ka hona, e-eang le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa,+ le ba kolobetse+ ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang. 20  Le ba rute ho mamela lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.+ Ke na le lona ka matsatsi ’ohle ho fihlela lefatše* le fela.”+

Linaletsana

Kapa: “barutuoa ba ka.”
Ka Segerike: “kholisa.”
Kapa: “mehla ena.” Sheba Tlhaloso.