Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

“Lerato . . . ha le Ikhohomose”

“Lerato . . . ha le Ikhohomose”

Lerato le re thusa hore re be le boikokobetso. (1Ko 13:4) Haeba re rata bara le barali babo rona, re ke ke ra inka re ba phahametse. Re bona lintho tse ntle tseo ba li etsang ’me re sebelisa bokhoni ba rona ho ba thusa. (Fil 2:​3, 4) Ha re ntse re tsoela pele ho bontša lerato ka tsela ena, Jehova o tla re sebelisa haholoanyane ho etsa thato ea hae.

SHEBELLANG VIDEO EA HOPOLA KAMOO LERATO LE LENG KATENG​—HA LE IKHOHOMOSE EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Absalome o ne a e-na le limpho life?

  • O ile a sebelisa limpho tsee hampe joang?

  • Ke joang re ka qobang ho ikhohomosa?​—Gal 5:26