Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG

Ho Hlahisa Buka ea Bohlokoa ka ho Fetisisa

Ho Hlahisa Buka ea Bohlokoa ka ho Fetisisa

LA 1 JANUARY 2021

 “Esale ke eme lilemo tse 19 kaofela!” Mora oa bo rona eo o ne a emetse’ng? O ne a emetse Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka puo ea ha habo ea Sebengali. Batho ba bangata ba ikutloa ka tsela e tšoanang ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e lokolloa ka puo ea bona. Leha ho le joalo, na u se u kile oa ipotsa hore na ho etsoang e le hore Bibele e tle e fetoleloe?

 Ntho ea pele, Komiti ea Bongoli ea Sehlopha se Busang e fana ka tataiso ea hore na bafetoleli ba khethoe joang. Ho nka nako e kae hore ho fetoleloe Bibele? Mora oa bo rona Nicholas Ahladis, ea sebetsang Lefapheng la Litšebeletso tsa Phetolelo le Warwick, New York o re: “Ho na le lintho tse ngata tse amehang tse kang hore na ho na le bafetoleli ba bakae bakeng sa ho fetolela Bibele, hore na puo eo ba e fetolelang e rarahane hakae, hore na batho ba buang puo eo ba utloisisa bophelo ba mehleng ea Bibele hakae le hore na puo eo e fapane hakae libakeng tseo e buuoang ho tsona. Ka karolelano ho ka nka bafetoleli selemo ho isa ho lilemo tse tharo ho fetolela Mangolo a Segerike a Bakreste feela ebe ho nka lilemo tse ’ne kapa ho feta ho fetolela Bibele kaofela. Athe ha ho fetoloa Bibele ka puo ea matsoho teng ho nka nako e telele le ho feta.”

 Ho fetolela Bibele ha se feela mosebetsi o etsoang ke bafetoleli. Sehlopha sa babali ba sa tšoaneng bao ka linako tse ling ba hlahang linaheng tse fapaneng ba ithaopela ho bala le ho hlahloba phetolelo. Lintho tseo ba li fumaneng ha ba bala li thusa bafetoleli hore phetolelo ea Bibele e be e nepahetseng, e hlakileng le e utloahalang. Ka mor’a hore tsena kaofela li etsoe, mora oa bo rona e mong ea hlahang Afrika Boroa ea koetlisang bafetoleli ba Bibele o re: “Bafetoleli ba utloa boima ba boikarabelo boo ba nang le bona ho Jehova le babali ba Lentsoe la hae.”

 Ka mor’a hore phetolelo e fele, Bibele e lokela ho hatisoa le ho kopannga. Bahatisi ba hloka lintho tse ’maloa bakeng sa ho hatisa. Ba hloka pampiri, enke, makoko a Bibele, sekhomaretsi le lintho tse ling e le hore Bibele e kopanngoe. Ka 2019, ho sebelisitsoe chelete e ka holimo ho limilione tse 306 tsa Maluti bakeng sa ho reka lintho tseo tse hlokehang. Batho ba sebetsang khatisong ba qetile lihora tse ka holimo ho 300 000 selemong seo ele hore ba ka hatisa le ho romela Libibele.

“Bibele ke buka ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re e hatisang”

 Ke hobane’ng ha ho sebelisoa chelete e ngata hakaale le nako bakeng ho hatisa Bibele? Mora oa bo rona Joel Blue oa Lefapha la Khatiso la Machaba o re: “Bibele ke buka ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re e hatisang. Kahoo re batla hore le chebahalo ea eona feela e halaletse Molimo eo re mo rapelang le molaetsa oo re o rutang.”

 Ntle le ho hlahisa Bibele e tloaelehileng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha, re boetse re hlahisa le ea batho ba nang le bokooa bo itseng. Mohlala, Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea braille e fumaneha ka lipuo tse 10. Ho ka nkoa lihora tse robeli ho etsa Bibele e le ’ngoe e feletseng ea braille. Meqolo ea Bibele eo ea braille e mengata kahoo ha u e boloka u ka hloka bonyane shelefo e limithara tse 2.3. Re boetse re hlahisa Bibele e khethehileng bakeng sa batšoaruoa hobane ba lumelloa ho sebelisa libuka tse nang le makoko a pampiri.

 Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e thusitse batho ba bangata haholo. Hlokomela hore na e thusitse phutheho ea Sekiluba e motseng oa Tombe o Democratic Republic of the Congo joang. Tombe e bohole ba lik’hilomithara tse 1 700 ho tloha motse-moholo oa Congo. Lipaki Tsa Jehova tsa moo li ne li na le Bibele e le ’ngoe ebile e sebelisitse puo ea mehleng ea khale ea Sekilumba. Bara ba bo rona ba ne kalimisana ka eona e le hore ba ka lokisetsa liboka. Empa esale ho tloha ka August 2018, motho e mong le e mong phuthehong o ile ba le Bibele ea hae ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Sekiluba e sebelisitseng puo e bonolo le e hlakileng.

 Morali oa bo rona ea buang Sejeremane eo ho nang le le Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ntlafalitsoeng o re: “Hona tjena ha ke sa bala Bibele hobane feela ke utloa ke tlamehile empa ke se ke e bala hobane e ’natefela.” Motšoaruoa e mong eena o ile a ngola re: “Ke ile ka fuoa Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ’me e fetola bophelo baka. Esale ke e bala, ke qala ho utloisisa lentsoe le Molimo hakaana. Ke rata ho tseba haholoanyane ka Lipaki Tsa Jehova. Ke rata le ho tseba hore na nka etsa’ng hore ke be Paki.”

 Batho bohle ba balang Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ba ananela haholo menehelo e fanoang bakeng sa ho e hlahisa. Menehelo eo e ntšoa ho sebelisoa donate.mt711.com. Re leboha haholo ka menehelo ea lona.