Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG

Kopano e Hasoa Thelevisheneng le Seea-le-Moeeng

Kopano e Hasoa Thelevisheneng le Seea-le-Moeeng

LA 1 AUGUST 2021

 Kopano ea Setereke ea 2020 ebile e ikhethileng haholo hobane e ne e le ka lekhetlo la pele re shebella kopano e rekotiloeng ’me e fumaneha Inthaneteng! Leha ho le joalo, bara le barali ba bo rona ba Malawi le Mozambique, ba ile ba shebella kopano ba sa sebelise Inthanete. Seo se ile sa khonahala joang?

 Komiti ea Thuto le ea Bohokahanyi ea Sehlopha se Busang, li ile tsa fana ka tumello ea hore ho phatlalatsoe kopano thelevisheneng le seea-le-moeeng Malawi le Mozambique. Ke hobane’ng ha ba ile ba etsa tokisetso eo? Ke hobane data ea Malawi ea tura ’me ke Lipaki tse seng kae feela tse khonang ho e reka. William Chumbi oa Komiti ea Lekala la Malawi o re: “Seea-le-moea le thelevishene ke eona feela tsela eo bara le barali ba bo rona ba khonang ho e sebelisa e le hore ba khone ho shebella kopano.” Luka Sibeko eo le eena a sebeletsang Komiting ea Lekala la Malawi, o re: “Kopano e ka be e ile ea shebelloa ke bara le barali ba bo rona ba seng bakae feela lekaleng la rona haeba ho ne ho sa etsoa tokisetso ea hore kopano e hasoe thelevisheneng le seea-le-moeeng.” Ke ntho e tšoanang le Mozambique, ke Bakreste-’moho le rona ba ’maloa feela ba nang le lisebelisoa tsa elektronike tseo ba khonang ho shebella kopano ho tsona haesitana le eona Inthanete.

Litlhophiso

 Ka lebaka la COVID-19, liteishene tsa thelevishene le tsa seea-le-moea li ne li se li ntse li hasa liboka. a Bara ba bo rona ba ile ba kopa hore ba ekelletsoe nako e le hore ba khone ho hasa lenaneo la kopano.

 Bakreste-’moho le rona ba Malawi ba ne ba e-na le bothata bo bong. Hangata liteishene li lumella batho hore ba hase hora feela hobane ba re ha mananeo a bapala nako e telele, seo se ka fokotsa thahasello ea bamameli. Bara ba bo rona ba ile ba ba hlalosetsa hore mosebetsi oa rona o thusa batho. Le nakong ena ea ho khinoa ha metsamao ea batho, re ntse re thusa batho ka hore re ba bolelle litaba tse monate tse tsoang ka Bibeleng, tse ba thusang hore e be baahi ba molemo le hore malapa a bona a ka fumana thabo joang. Liteishene li ile tsa amohela kopo ea bona ’me tsa ba ekelletsa nako.

 Kopano e ile ea hasoa ke seteishene sa thelevishene se le seng le sa seea-le-moea Malawi, kahoo kopano e ile ea khona ho mameloa ke batho ba bangata naheng eohle. Mozambique teng kopano e ile ea hasoa seteisheneng se le seng sa thelevishene le liteisheneng tse 85 tsa seea-le-moea.

 Linaheng tsena ka bobeli ho ile ha sebelisoa chelete e ka bang M412 114.20 hore ho phatlalatsoe kopano thelevisheneng ’me ho ile ha sebelisoa M292 000.00 ho hasa kopano seea-le-moeeng. Chelete e neng e lokeloa ho pataloa e ne e fapane. Seteisheneng se senyane o ne o ka lefa M219.00 athe ho se hasang naheng eohle o ne o ka lefa R40 544.20.

 Bara ba bo rona ba sebelitse ka thata e le hore ba sebelise menehelo ea lona hantle. Ka mohlala, Malawi ba ile ba khona ho theoleloa chelete ka liperesente tse 30 kahoo ba ile ba salloa ke R24 980.60. Liteishene tse ling tsa Mozambique, li ne li re theolela chelete ka lebaka la botumo ba rona bo botle le ho patala ka nako.

Liteboho

 Bakreste-’moho le rona ba thabile haholo hore e be ba ile ba khona ho mamela kopano thelevisheneng le seea-le-moeeng. Moholo e mong oa Malawi eo lebitso la hae e leng Patrick o re: “Re leboha bara ba bo rona ba Sehlopha se Busang haholo ka tokisetso ena e lerato nakong ena ea seoa.” Isaac ea tsoang Malawi o re: “Ha re na lisebelisoa tsa electronike, kahoo re thabetse haholo tokisetso e entsoeng ea hore re mamele kopano seea-le-moeeng. ’Na le lelapa laka re ithutile lintho tse ngata hobane re mametse kopano. Tokisetso ena e entse hore re hlokomele hore Jehova o rata batho ba hae.”

 Mohoeletsi e mong oa Mozambique ea neng a qala ho ea kopanong ka 2020 o re: “Tokisetso e entsoeng ea hore re khone ho shebella kopano thelevisheneng e nkhopolitse hore Jehova ke Molimo ea matla ’ohle. Seoa sena ha se ka sa mo thibela hore a re fe lintho tse re thusang hore re be le tumelo e matla re ntse re lutse ka tlung. Ke bone hore batho ba sebeletsang Jehova ba na le lerato. Ke kholisehile hore bona ke bolumeli ba ’nete.”

 Moholo e mong ea bitsoang Wyson o re: “Ke rata ho leboha lekhoba le tšepahalang kamoo le re hlokometseng kateng nakong ena ea seoa. Tokisetso e entsoeng ea hore re khone ho mamela kopano thelevisheneng le seea-le-moeeng, e thusitse batho ba bangata ba tšoanang le ’na ba se nang chelete ba lulang naheng ena hore le bona ba rue molemo.”

 Bakeng sa kopano ea setereke ea 2021, Komiti ea Thuto le ea Bohokahanyi li entse tokisetso ea hore kopano e hasoe thelevisheneng le seea-le-moeeng libakeng tse itseng feela. Re khona joang ho patalla litšenyehelo tsee tsa kopano? Ke ka lebaka la menehelo ea lona e ntšoang ka litsela tse fapaneng joalokaha ho hlalositsoe ho donate.mt711.com. Re leboha haholo ka menehelo ea lona.

a Qalong ea 2020, Komiti ea Bohokahanyi e ile ea fana ka tumello ea hore ho hasoe liboka thelevisheneng le seea-le-moeeng libakeng tse itseng nakong ena ea seoa sa COVID-19. Tokisetso ena e thusitse batho ba bangata ba sa khoneng ho kena libokeng kapa ho JW Stream ka Inthanete ka lebaka la hore data ea tura ebile ha ba khone ho reka lisebelisoa tsa elecktonike. Leha ho le joalo, tokisetso ena ha ea etsetsoa batho ba lulang libakeng tseo ho tsona ba khonang ho kena libokeng.