Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Motsoalle oa Sebele ke ea Joang?

Motsoalle oa Sebele ke ea Joang?

KA LA 25 December, 2010, mosali e mong ea lilemo li 42 oa Brithani o ile a ngola molaetsa o mo khutšoanyane oa hore o batla ho ipolaea, websaeteng e tummeng eo batho ba etsang metsoalle ho eona. Molaetsa oa hae e ne e ka oa motho ea batlang thuso. Le hoja mosali eo a ne a e-na le metsoalle e fetang sekete e neng e kene websaeteng eo, ha ho le ea mong ea ileng a mo thusa. Mapolesa a ile a fumana setopo sa hae letsatsi le hlahlamang. O ne a noele lipilisi tse ngata ho feta tekano.

Kajeno, theknoloji e re nolofalletsa ho etsa metsoalle e mengata liwebsaeteng tseo ho etsoang metsoalle ho tsona, ka hore u ngole lebitso la motho eo lethathamong la metsoalle ea hao e k’homphieutheng. Ebe ha u lakatsa ho felisa setsoalle seo, habonolo feela u hlakola lebitso la hae lethathamong la hao. Leha ho le joalo, ketsahalo e sehlōhō ea mosali eo oa Brithani e hatisa ’nete e tšosang ea hore—metsoalle ea sebele e ntse e haella. Ebile phuputso e ’ngoe e entsoeng morao tjena e bontšitse hore palo ea metsoalle e haufi e theohile, le hoja re ntse re etsa metsoalle e mengata.

Le uena e ka ’na eaba u lumellana le batho ba bangata ba reng metsoalle ea sebele ke ea bohlokoa. U ka ’na ua lumela hore ho ba motsoalle ho akarelletsa ho fetang feela ho ’na u ba amohela k’homphieutheng kapa fonong ea hao. U batla motsoalle ea joang? U ka etsa’ng hore u be motsoalle oa sebele? Ho theha setsoalle se tšoarellang ho akarelletsa’ng?

Hlahloba melao-motheo e latelang e mene ’me u hlokomele kamoo likeletso tsa Bibele li ka u thusang hore u be motho eo ba bang ba ka ratang ha u ka ba motsoalle oa bona.

 1. Bontša Hore ka Sebele ua Tsotella

Setsoalle sa sebele se akarelletsa boitelo. Ka mantsoe a mang, motsoalle oa sebele o ikutloa a ikarabella bakeng sa hao ’me o u tsotella e le kannete. Ke ’nete hore boitelo bo joalo bo lokela ho bontšoa ke metsoalle ka bobeli ’me e hloka hore e sebetse ka thata e be e itele. Ho etsa joalo ho tla le tsoela molemo. Ipotse, ‘Na ke ikemiselitse ho tela nako ea ka le lintho tsa ka molemong oa motsoalle oa ka?’ Hopola, e le hore u be le motsoalle oa sebele, u lokela u qale pele ka ho ba motsoalle oa sebele.

SEO BATHO BA SE BATLANG HO MOTSOALLE

Irene: “Ho theha setsoalle ho hloka nako le tlhokomelo, joaloka ho hlaolela serapa se setle. Qala ka ho batla hore u be motsoalle oa sebele. E ba mosa ho batho bohle ’me u ba thahaselle e le kannete. Hape u ikemisetse ho tela nako ea hao ha ho hlokahala.”

Luis Alfonso: “Batho ba mehleng ena ba khothalletsa ho iketelletsa pele ho e-na le ho itella batho ba bang. Kahoo, hoa khothatsa ha motho e mong a bontša hore oa u tsotella a bile a sa lebella letho ho tsoa ho uena.”

KE’NG SEO BIBELE E SE RUTANG?

“Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang. Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa.” (Luka 6:31, 38) Mona Jesu o buella ho hloka boithati le ho fana ka seatla se bulehileng. Ho fana ho joalo ho tiisa maqhama a setsoalle sa sebele. Haeba u ikitlaelletsa ho thusa metsoalle ea hao u sa lebella hore ba u fe se itseng, ba tla nolofalloa ho atamela haufi le uena.

2. Tseba ho Buisana le Batho

Setsoalle sa sebele se ke ke sa hōla ntle le hore le buisane khafetsa. Kahoo, buisanang ka lintho tseo le li ratang le le babeli. Mamela ha motsoalle oa hao a bua ’me u hlomphe maikutlo a hae. Neng le neng ha ho hlokahala u ’ne u mo babatse le ho mo khothatsa. Ka linako tse ling, motsoalle a ka hloka ho eletsoa kapa ho khalemeloa ’me hangata ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa joalo. Leha ho le joalo, motsoalle ea tšepahalang o tla ba le sebete sa ho u bontša phoso e tebileng ’me ka masene a u eletse.

SEO BATHO BA SE BATLANG HO MOTSOALLE

Juan: “Motsoalle oa sebele o lokela ho khona ho bua maikutlo a hae ka bolokolohi ’me a se ke a koata haeba ke sa lumellane le eena.”

Eunice: “Metsoalle eo ke e ratang haholo ke e qetang nako le ’na ’me e ’mamela, haholo-holo ha ke e-na le mathata.”

Silvina: “Metsoalle ea sebele e tla u joetsa ’nete kamehla—esita leha e tseba hore e tla u utloisa bohloko—hobane e u batlela se molemo.”

KE’NG SEO BIBELE E SE RUTANG?

“Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua, a liehe ho halefa.” (Jakobo 1:19) Kamehla metsoalle ea sebele e thabela ho u mamela. Leha ho le joalo, ha e le uena feela ea buang, seo se bontša hore u nka maikutlo a hao e le oona a bohlokoa ho feta a ba bang. Kahoo mamela ka hloko ha motsoalle a batla ho u phetlela sefuba sa hae. U se ke ua utloa bohloko ha a u joetsa ’nete. Liproverbia 27:6 e re, “Maqeba a bakoang ke moratuoa aa tšepahala.”

 3. U se ke Ua Lebella Mohlolo

Ha setsoalle sa lōna se ntse se hōla, ke hona u tla bona bofokoli ba motsoalle oa hao. Rōna le metsoalle ea rōna ha rea phethahala. Kahoo, ha rea lokela ho lebella kapa ho batla hore batho bao re batlang hore e be metsoalle ea rōna ba phethahale. Ho e-na le hoo, ke hantle hore re ananele makhabane a bona ’me re lebelle hore ba tla re hata litorong.

SEO BATHO BA SE BATLANG HO MOTSOALLE

Samuel: “Hangata re lebella lintho tse khōlō ho ba bang ho feta ho rōna. Haeba re hlokomela liphoso tsa rōna le hore re hloka ho tšoareloa, re tla ikemisetsa ho tšoarela batho ba bang.”

Daniel: “Amohela ntlha ea hore metsoalle ea hao e tla etsa liphoso. Re etsa hantle haeba re rarolla mathata kapele ha a hlaha ’me re leka ka matla ho a lebala.”

KE’NG SEO BIBELE E SE RUTANG?

Na u ikemiselitse ho tšoarela?—Bakolose 3:13, 14

“Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae.” (Jakobo 3:2) Ho ananela mantsoe ana a ’nete ho tla re thusa hore re utloele metsoalle ea rōna. Ka lehlakoreng le leng, seo se tla re thusa ho hlokomoloha liphoso tse sa reng letho le bofokoli bo ka ’nang ba re halefisa. Bibele e re: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. . . . Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”Bakolose 3:13, 14.

 4. Theha Setsoalle le Batho ba Eketsehileng

Ke ’nete hore re tlameha ho khetha metsoalle ea rōna ka hloko. Empa seo hase bolele hore re lokela ho khetha metsoalle e lilemong tse itseng feela kapa e hōlisitsoeng ka tsela e itseng feela. Ho thahasella batho ba lilemo tsohle, ba merabe eohle le ba linaha tsohle ho ka re matlafatsa haholo bophelong.

SEO BATHO BA SE BATLANG HO MOTSOALLE

Unai: “Ho etsa setsoalle le lithaka tsa rōna le bao re ratang lintho tse tšoanang le bona, ho tšoana le ho apara liphahlo tsa ’mala oo u o ratang kamehla. Ho sa tsotellehe hore na u rata ’mala oo haholo hakae, ha nako e ntse e ea u ka ’na ua qetella u se u sa u rate.”

Funke: “Ho eketsa metsoalle ea ka ho mphile monyetla oa hore ke hōle. Ke ithutile hore ke utloane le batho ba lilemo tsohle le ba limelo tsohle ’me seo se nthusitse hore ke phutholohe ke be ke tenyetsehe. Metsoalle ea ka e ananela seo haholo.”

Na u atolohela ho batho ba mefuta eohle?—2 Bakorinthe 6:13

KE’NG SEO BIBELE E SE RUTANG?

“Kahoo, e le puseletso—ke bua joalokaha ho buuoa le bana—le lōna, le atolohe.” (2 Bakorinthe 6:13) Bibele e re khothalletsa hore re atolohele ho batho ba mefuta eohle. Tsela ena e pharaletseng ea ho ba le metsoalle ea mefuta eohle e ka u ruisa molemo ka litsela tse fapaneng hammoho le ho u atametsa haufi le ba bang.