Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Sebelisa Lisebelisoa Tsa Theknoloji ka Bohlale?

Na U Sebelisa Lisebelisoa Tsa Theknoloji ka Bohlale?

Jenni ke lekhoba la lipapali tsa video. O re: “Ke li bapala lihora tse robeli ka letsatsi ’me seo se fetohile bothata bo boholo.”

Dennis o ile a leka ho qeta matsatsi a supileng a sa sebelise lisebelisoa tsa hae tsa elektronike le Inthanete. O ile a atleha ho etsa seo ka lihora tse 40 feela.

Jenni le Dennis hase bacha. Jenni, ke ’mè oa bana ba bane ’me o lilemo li 40. Dennis eena o lilemo li 49.

NA U sebelisa lisebelisoa tsa theknoloji? * Batho ba bangata ba ka re e, ’me e le ka lebaka le utloahalang. Lisebelisoa tsa elektronike li sebelisoa haholo litabeng tse amanang le mosebetsi, ho buisana le metsoalle le boithabisong.

Leha ho le joalo, joaloka Jenni le Dennis, ho bonahala batho ba bangata ba rata lisebelisoa tse itseng tsa elektronike ka ho feteletseng. Ka mohlala, Nicole ea lilemo li 20 o re: “Ho bua ’nete feela, ha ke khone ho phela kantle ho selefouno ea ka. Ke etsa bonnete ba hore e lule e le haufi. Ke kopana hlooho haeba ke le sebakeng seo ho se nang network ho sona, ka mor’a metsotso e 30 feela se ke batla ho bala melaetsa ea ka hape. Ke ntho e se nang kelello!”

Batho ba bang ba sheba hore na ha ba romeloa melaetsa lisebelisoeng tsa bona le ho sheba litaba tsa morao-rao esita le har’a mpa ea bosiu. Ba ka ’na ba kula ha ba sa khone ho sebelisa lisebelisoa tsa bona tsa elektronike. Litsebi tse ling li hlalosa boikutlo boo e le bokhoba—ebang ke ba ho sebelisa lisebelisoa tsa elektronike kapa Inthanete kapa sesebelisoa se itseng ka ho khetheha, se kang smartphone. Batho ba bang ba qoba ho sebelisa lentsoe “bokhoba” ’me ba khetha ho hlalosa boitšoaro boo e le bothata kapa temallo.

Ho sa tsotellehe seo ba se khethang, ho sebelisa lisebelisoa tsa elektronike ka tsela e seng bohlale ho ka baka mathata. Maemong a mang ho butse lekhalo pakeng tsa litho tsa lelapa. Ka mohlala, ngoanana e mong ea lilemo li 20 o re: “Ntate ha a sa tseba se etsahala’ng bophelong baka. O lula ka kamoreng ea ho phomola ebe o ngola li-e-mail ha a ntse a bua le ’na. O lula a le founong. Mohlomong Ntate o oa nthata, empa ka linako tse ling ha ho bonahale joalo.”

Setsi sa Makhoba a Theknoloji

E le ho thusa batho ba sebelisang theknoloji hampe, linaha tse kang Chaena, Korea Boroa, United Kingdom le United States, li butse litsi tsa ho thusa makhoba a theknoloji, moo motho a haneloang ho sebelisa Inthanete kapa lisebelisoa tse ling tsa elektronike ka matsatsi a ’maloa. Ka mohlala, nahana ka Brett, e leng mohlankana ea ileng a re ho kile ha e-ba le nako eo a neng a qeta lihora tse 16 ka letsatsi a bapala lipapali tsa Inthanete. O re: “Nako le nako ha ke kena Inthaneteng, e ne eka ke tlas’a tšusumetso ea lithethefatsi.” Ha Brett a ea setsing sa makhoba a theknoloji, o ne a se a lelekiloe mosebetsing, a sa hloeka ’meleng a bile a se na metsoalle. U ka etsa’ng e le hore u se ke ua hlaheloa ke se tšoanang?

HLAHLOBA TSELA EO U SEBELISANG THEKNOLOJI KA EONA. Sheba hore na ho sebelisa theknoloji ho ama bophelo ba hao joang. Ipotse lipotso tse latelang:

  • Na ke ferekana ho sa hlokahale, esita le ho ba sefela-peloana ha ke sa khone ho kena Inthaneteng kapa ho sebelisa sesebelisoa sa ka sa elektronike?

  • Na ke ntse ke sebelisa Inthanete le hoja ho se ho fetile nako eo ke neng ke ipehetse eona ea hore ke khaotse?

  • Na ha ke robale ka ho lekaneng hobane ke sitoa ho khaotsa ho bala melaetsa e kenang?

  • Na tsela eo ke sebelisang theknoloji ka eona e ntšitisa ho hlokomela lelapa la ka? Na litho tsa lelapa la ka li tla lumellana le karabo ea ka potsong ee?

Haeba tsela eo u sebelisang theknoloji ka eona e etsa hore u hlokomolohe “lintho tsa bohlokoa haholo”—tse akarelletsang lelapa la hao le boikarabelo ba hao—u lokela ho etsa liphetoho hona joale. (Bafilipi 1:10) Joang?

ITHUTE HO LEKANYETSA LINTHO HANTLE. Ho sa tsotellehe hore na ntho e itseng e molemo hakae, e ka ba kotsi ha e sa sebelisoe hantle. Ebang u sebelisa lisebelisoa tsa elektronike bakeng sa khoebo kapa sa boithabiso, ho ka ba molemo hore u lekanyetse hore u tla li sebelisa nako e kae, ’me u tšepahalle nako eo.

Tlhahiso: Kōpa thuso ho setho se seng sa lelapa kapa ho motsoalle. Bibele e re: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong, . . . etsoe haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.”—Moeklesia 4:9, 10.

U se ke ua lumella ho khahloa ke lisebelisoa tseo hore ho u etse “lekhoba”

Ha lisebelisoa tse ncha li ntse li etsa hore ho be bonolo ’me ho potlake ho bala boitsebiso ba elektronike le ho bo romela, ha ho pelaelo hore palo ea batho ba sebelisang theknoloji hampe e tla eketseha. Empa u se ke ua lumella ho khahloa ke lisebelisoa tseo hore ho u etse “lekhoba.” Ha u ‘ithekela nako,’ u ka qoba ho sebelisa lisebelisoa tsa theknoloji hampe.—Baefese 5:16.

^ ser. 5 Lisebelisoa tsa theknoloji tseo ho buuoang ka tsona sehloohong sena ke tse amohelang boitsebiso ba elektronike le ho bo romela, bo akarelletsang li-e-mail, lifouno tse kenang, melaetsa ea founo, livideo, ’mino, lipapali tsa video le lifoto.