Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | HO HŌLISA BANA

Kamoo U ka Babatsang Bana

Kamoo U ka Babatsang Bana

BOTHATA

Batho ba bang ba re ho ke ke ha khoneha hore u babatse ngoana oa hao ho feta tekanyo. Ba bang ba re ho lula u babatsa ngoana ho ka mo senya ’me ha etsa hore a ikhohomose a be a nahane hore a ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang.

Ho phaella tabeng ea hore na u babatsa ngoana oa hao hakae, u boetse u lokela ho nahana ka hore na u mo babatsa joang. Ke mokhoa ofe oa ho mo babatsa o tla mo khothatsa? Ke ofe o ka ’nang oa mo sitisa ho leka ho etsa lintho tse ling? U ka babatsa ngoana oa hao joang e le hore a tsoele pele ho etsa lintho tse molemo?

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Mekhoa ea ho babatsa ngoana ha e tšoane. Nahana ka lintlha tse latelang.

Ho ka ba kotsi ho babatsa ngoana ho tlōla tekanyo. Batsoali ba bang ba babatsa bana ho sa hlokahale e le hore bana ba itšepe. Leha ho le joalo, Dr. David Walsh o re bana ba bohlale ’me baa hlokomela ha ba babatsoa ho feta tekanyo, kahoo ba etsa qeto ea hore motsoali o mpa a bua feela. O boetse o re bana baa tseba ha ba sa lokeloe ke ho babatsoa ’me sena se ka ’na sa etsa hore ba se ke ba u tšepa. *

Ho molemo ho babatsa ngoana ka lebaka la bokhoni ba hae. A re nke hore ngoana oa hao o rata ho toroea. Ke ha tlhaho hore u mo babatse, e leng se tla etsa hore a ikitlaetse le ho feta. Leha ho le joalo, seo se ka baka bothata bo itseng. Ha u babatsa ngoana ka lebaka la talenta ea hae feela, seo se ka etsa hore a nahane hore o lokela ho etsa lintho tseo a nolofalloang ho li etsa feela. A ka ba a tšaba ho etsa lintho tse ncha hobane a tšaba hore o tla hlōleha. A ka ’na a ipehela mabaka a re: “Haeba ho ka ba thata ho etsa ntho e itseng, e tlameha ebe ha kea bōpeloa ho e etsa, kahoo nkeke ka itšoenya.”

Ho molemo ho babatsa ngoana ha a ikitlaetsa. Bana ba babatsoang ha ba ikitlaetsa ho e-na le hore ba babatsoe ka lebaka la litalenta tsa bona, baa hlokomela hore e le hore ba tsebe ho etsa ntho e itseng, ho hlokahala mamello le boiteko. Buka ea Letting Go With Love and Confidence e re ha bana ba tseba seo, “baa ikitlaetsa e le hore ba finyelle se hlokahalang. Esita le ha ba hlōleha, ha ba inke ba hlōlehile, empa ba nka hore ba ithutile ho hong.”

SEO U KA SE ETSANG

Babatsa ngoana ka boiteko boo a bo etsang, eseng feela ka talenta ea hae. Ho molemo hore u re ho ngoana oa hao: “Kea bona hore u entse boiteko bo matla ho toroea setšoantšo sena,” ho feta hore u re: “Ho toroea ho maling a hao.” Ke ’nete hore lipolelo tsena ka bobeli li babatsa ngoana. Empa polelo ea bobeli e fana ka maikutlo a hore lintho tseo ka tlhaho ngoana a li etsang hantle, ke tsona feela tseo a ka khonang ho li etsa.

Ha u babatsa ngoana ka boiteko ba hae, u mo ruta hore haeba a ikitlaetsa, a ka atleha. Kahoo, ngoana oa hao a ka ’na a thabela ho etsa lintho tse ncha.Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 14:23.

Thusa ngoana oa hao hore a se ke a nyahama ha a hlōleha. Batho ba tsebang ho etsa lintho tse itseng hantle, le bona ba etsa liphoso, mohlomong ka makhetlo. (Liproverbia 24:16) Empa le ka mor’a hore ba etse liphoso, ha ba tele, ho e-na le hoo ba ithuta liphosong tsa bona ebe ba tsoela pele. U ka thusa ngoana oa hao joang hore a etse se tšoanang?

U boetse u lokela ho sheba boiteko boo a bo etsang. Nahana ka mohlala ona: A re re kamehla u ee u re ho morali oa hao, “Thuto ea lipalo e maling a hao,” ebe oa e feila. A ka ’na a ikutloa eka o hlōlehile ho etsa ntho eo a bōpetsoeng ho e etsa, kahoo a ke ke a hlola a itšoenya.

Leha ho le joalo, ha u sheba boiteko boo ngoana a bo etsang, u mo thusa hore a mamelle. U mo thusa hore a hlokomele hore ha se hore ha a na thuso. Kahoo, ho e-na le hore a tele, a ka ’na a sebetsa ka thata kapa a leke leqheka le leng.—Molao-motheo oa Bibele: Jakobo 3:2.

Mo bontše hore na a ka lokisa hokae. Ha u bontša ngoana oa hao hore na a ka lokisa hokae, seo se ke ke sa mo nyahamisa, ho e-na le hoo, se tla mo thusa. Hape, haeba u babatsa ngoana oa hao ka tsela e nepahetseng, ho ka ba bonolo hore a amohele ha u mo fa keletso hore na a ntlafatse hokae. Kahoo, o tla thaba ha a finyella ntho itseng ’me le uena u tla thaba.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 13:4.

^ ser. 8 Boitsebiso bona bo nkiloe bukeng ea No: Why Kids—of All Ages—Need to Hear It and Ways Parents Can Say It.