Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bophelo ke Mpho ea Bohlokoa

Bophelo ke Mpho ea Bohlokoa

Ntate Faizal o ile a hlokahalloa ke molekane eaba selemo hamorao o tlameha ho etsa opereishene ea pelo. O re: “Ha ke bala Lengolo la Jobo kea bona hore na ke hobane’ng ha Molimo a entse hore le be teng ka Bibeleng. Molimo o thoba lipelo tsa rona ka lipale tsa batho ba hlahetsoeng ke lintho tse re hlahelang. Taba ena e mpontša hore bophelo bo ntse bo le bohlokoa.”

Tarsha o hlokahaletsoe ke ’mè a sa le monyane haholo. O re: “Ho ithuta ka ’Mopi oa rona ho etsa hore ke thabele ho phela ke be ke lule ke e-na le tšepo ho sa tsotellehe hore na mathata a ka a boima hakae. Kaha Jehova o matla haholo, a ka re thusa ha re e-na le mathata.”

MAKASINENG ena re se re hlokometse hore mathata a ka etsa hore bophelo bo be boima. Ha mathata a u hloele setha, u ka ’na oa ipotsa hore na ho sa na le thuso ea ho phela kapa na ebe ho sa na le motho ea u tsotellang. Ho sa tsotellehe mathata a hao a boima ao u tobaneng le oona, lula u tseba hore Molimo oa u tsotella ebile oa u rata.

Mongoli oa Pesaleme ea 86 o ne a tšepa Molimo, o ile a re: “Letsatsing la mahlomola a ka, ke tla ipiletsa ho uena, etsoe u tla nkaraba.” (Pesaleme ea 86: 7) Mohlomong oa ipotsa hore na Molimo o tla u araba joang ‘letsatsing la mahlomola a hao.’

Le hoja Molimo a ke ke a felisa mathata a rona kapele kamoo re batlang kateng, Lentsoe la hae le re thusa hore re be le khotso e be re khona ho mamella. Bibele e re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe Molimo ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lona le matla a lona a kelello.” (Bafilipi 4:​6, 7) Re kopa u bale mangolo a latelang, a tla u kholisa hore Molimo o fela a re tsotella.

Kannete Molimo oa U Tsotella

“Ha ho le se seng sa [lirobele] se lebaloang ka pel’a Molimo. . . . Le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.”​Luka 12:​6, 7.

NAHANA KA TABA ENA: Ka linako tse ling linonyana tse nyane joaloka lirobele ha li re letho ho batho, empa ho Molimo li bohlokoa. Ha ho le e ’ngoe ea tsona eo a e lebalang. Hakaakang ka batho! Ba bohlokoa ho Molimo. Har’a lintho tsohle tseo Molimo a li bopileng ha ho le e ’ngoe ea tsona e molemo ho feta batho hobane re bopiloe ka “setšoantšo” sa hae ’me re khona ho mo etsisa.​—Genese 1:​26, 27.

“Jehova, u ntlhahlobisisitse ka hohle, ’me oa ntseba. . . . U etse hloko monahano oa ka.  .  Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka.”​Pesaleme ea 139:​1, 2, 23.

NAHANA KA TABA ENA: Jehova o u tseba hantle, o tseba le lintho tseo ho se nang motho ea li tsebang ka uena esita le hore na u ikutloa joang. Ka linako tse ling batho ba ke ke ba utloisisa mathata a hao hantle empa Jehova eena oa utloisisa ebile o batla ho u thusa. Taba ena ea re tšelisa ha re e-na le mathata.

Bophelo ke Taemane

“Jehova, u utloe thapelo ea ka, e se eka mohoo oa ka o kopang thuso o ka tla ho uena. . . Ntšekehele tsebe, letsatsing leo ka lona ke hooang, u potlake, u nkarabe. . . Ka sebele o tla retelehela thapelong ea ba nketsoeng ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”​Pesaleme ea 102:​1, 2, 17.

NAHANA KA TABA ENA: Ha u siame, u utloile bohloko, likhapha li keleketla marameng a hao, Jehova oa u bona. (Pesaleme ea 56:8) Khapha e ’ngoe le e ’ngoe ea hao ha e oele fatše ho eena, o hopola mathata a hao hobane u lehakoe la pelo ea hae.

“U se ke ua tšoha, kaha . . . ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa. ’Na, Jehova Molimo oa hao, . . . ke ’na ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’ ”​Esaia 41:​10, 13.

NAHANA KA TABA ENA: Molimo o ikemiselitse ho u tšehetsa. Haeba u na le mathata o tla u thusa.

Bokamoso Boa Khanya

“Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”​Johanne 3:16.

NAHANA KA TABA ENA: Jehova o u rata hoo a ileng a ba a tela mora oa hae Jesu molemong oa hao. Ka lebaka la lefu la hae re na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng re thabile. *

Le haeba u siame, u bona ho se na ntho e tsamaeang hantle bophelong ba hao, ithute Bibele hobane u tla lumela hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. Hape u tla thaba ebile u tla bona hore bophelo ke ntho ea bohlokoa.

^ ser. 19 Shebella video ea Ikhopotse Lefu la Jesu e ho www.mt711.com/st e le hore u bone kamoo lefu la Jesu le re tsoelang molemo kateng. E hlaha ho LINGOLILOENG > LIVIDEO > LIBOKA TSA RONA LE TŠEBELETSO