Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho Inyenyefatsa?

Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho Inyenyefatsa?

“Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.”—LIPROV. 11:2.

LIPINA: 38, 69

1, 2. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a lahla Saule? (Sheba setšoantšo se qalong.)

HA MORENA SAULE oa Iseraele a qala ho busa, o ne a ikokobelitse a bile a hlompheha. (1 Sam. 9:1, 2, 21; 10:20-24) Empa ka mor’a nakoana a qalile ho busa, o ile a etsa lintho tse ngata tse bontšang hore o ne a se a ikhohomosa. Ha moprofeta oa Molimo Samuele a lieha ho fihla Gilgale, Saule o ile a fela pelo. Bafilista ba ne ba itokisetsa ntoa, ’me Baiseraele ba fetohela Saule. E tlameha ebe o ile a nahana a re: ‘Ke tlameha ho etsa ho hong ka potlako.’ Kahoo o ile a etsetsa Molimo sehlabelo, e leng ntho eo a neng a sa lumelloa ho e etsa. Jehova ha aa ka a thabela seo.—1 Sam. 13:5-9.

2 Ha Samuele a fihla Gilgale, o ile a khalemela Saule. Ho fapana le hore Saule a amohele khalemelo, o ile a ipehela mabaka, a ba a nyenyefatsa phoso eo a e entseng. (1 Sam. 13:10-14) Ka mor’a moo, ho ile ha etsahala lintho tse ngata tse mpe hoo qetellong Saule a ileng a tlosoa boreneng, ’me Jehova a mo lahla. (1 Sam. 15:22, 23) Le hoja Saule a qalile lintho hantle, o ile a ba le qetello e bohloko.—1 Sam. 31:1-6.

3. (a) Batho ba bangata ba nahana’ng ka ho ikokobetsa? (b) Re tla araba lipotso life?

3 Batho ba bangata kajeno ba nahana hore ba ke ke ba atleha bophelong haeba ba ikokobelitse. Kahoo, ba a iphahamisa le ho inka ba le bohlokoa ho feta batho ba bang. Ka mohlala, motho e mong ea tummeng lifiliming eo hamorao e ileng ea e-ba ralipolotiki, o ile a re: “Ha kea ikokobetsa, ebile ke lumela hore ha ho mohla ke tla ikokobetsa.” Empa ke hobane’ng ha e ntse e le habohlokoa ho ikokobetsa? Ho ikokobetsa kapa ho inyenyefatsa ho bolela’ng? Re ka etsa’ng hore re lule re ikokobelitse ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ’ona kapa khatello e tsoang ho ba bang? Sehloohong sena, re tla araba lipotso tse peli tse qalang. Potso ea boraro e tla arajoa sehloohong se latelang.

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA HO INYENYEFATSA?

4. Ho iketelletsa pele ho bolela’ng?

4 Bibele e bontša phapang pakeng tsa ho inyenyefatsa le ho iketelletsa pele. (Bala Liproverbia 11:2.) Davida o ile a kopa Jehova hore a mo “thibe . . . liketsong tsa ho iketelletsa pele.” (Pes. 19:13) “Ho iketelletsa pele” ho bolela’ng? Ha motho a potlakela ho etsa ntho eo a sa lumelloang ho e etsa, o iketelletsa pele. Kaha ha rea phethahala, kaofela ha rona re iketelletsa pele ka linako tse ling. Empa joalokaha re bone mohlaleng oa Morena Saule, haeba re tloaela ho iketelletsa pele, Molimo a ke ke a re amohela. Pesaleme ea 119:21 e re Jehova o ‘khalemela ka matla ba iketelletsang pele.’ Ke hobane’ng ha a ba khalemela?

5. Ke hobane’ng ha ho iketelletsa pele ho fosahetse?

5 Ho iketelletsa pele ha ho tšoane le ho etsa ntho ka phoso. Motho ea iketelletsang pele, o hloleha ho fa Jehova tlhompho e mo tšoanelang joaloka ’Musi. Ho feta moo, haeba re etsa lintho tseo re sa lumelloang ho li etsa, re tla qabana le batho ba bang. (Liprov. 13:10) Hape, haeba ho totobala hore re entse lintho ka ho iketelletsa pele, seo se ka re soabisa sa ba sa re theola seriti. (Luka 14:8, 9) Ha ho mohla ho iketelletsa pele ho fellang hantle. Empa joalokaha Mangolo a bontša, ho ikokobetsa ho fella hantle ka linako tsohle.

HO INYENYEFATSA HO AKARELLETSA’NG?

6, 7. Ho inyenyefatsa ho akarelletsa’ng?

6 Ka Bibeleng, ho inyenyefatsa ho bolela ho hloka boikhohomoso. Ho hlalosoa e le “ho ikokobetsa kelellong.” (Bafil. 2:3) Motho ea ikokobelitseng o lumela liphoso tsa hae, o amohela keletso ’me o ikemiselitse ho ithuta ho ba bang. Jehova o rata batho ba ikokobelitseng.

7 Bibele e boetse e bontša hore motho ea inyenyefatsang o tseba moo matla a hae a fellang teng, ebile o tseba lintho tseo a sa lumelloang ho li etsa. Sena se mo thusa hore a hlomphe batho ba bang a be a ba tšoare ka mosa.

8. Re ka hlokomela joang haeba re se re qala ho ikhohomosa?

8 Re ka hlokomela joang haeba re se re qala ho ikhohomosa? Nahana ka lintlha tse latelang. Re ka ’na ra inkela holimo hobane re na le litokelo tse itseng ka phuthehong, kapa re tloaelane le batho ba nang le tsona. (Bar. 12:16) Kapa ra etsa lintho tse hapang tlhokomelo ea batho ho sa hlokahale. (1 Tim. 2:9, 10) Kapa mohlomong ra hatella ba bang hore ba mamele maikutlo a rona hobane feela re na le boemo bo itseng ka phuthehong kapa re tsebana le ba nang le bona. (1 Bakor. 4:6). Hangata, ha re itšoara ka tsela ena, ho ka etsahala hore re se ke ra lemoha hore re se re qalile ho ikhohomosa.

9. Ke lintho life tse ileng tsa etsa hore ba bang ba ikhohomose? Fana ka mehlala e hlahang ka Bibeleng.

9 Re ka ikhohomosa haeba re rata lintho tsa lefatše. Ho inahana ho tlola, mona le bohale bo fetelletseng li entse hore ba bang ba ikhohomose. Ba bang ba batho ba ileng ba etsa seo ba tlalehiloeng ka Bibeleng ke Absalome, Uzia le Nebukadnezare. Jehova o ile a ba kokobetsa hobane ba ne ba ikhohomosa.—2 Sam. 15:1-6; 18:9-17; 2 Likron. 26:16-21; Dan. 5:18-21.

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho ahlola ba bang? Fana ka mehlala e hlahang ka Bibeleng.

10 Empa ho na le mabaka a mang a ka ’nang a etsa hore motho a iketelletse pele. Nahana ka mehlala e hlahang ka Bibeleng ho Genese 20:2-7 le ho Matheu 26:31-35. Na lintho tseo Abimeleke le Petrose ba ileng ba li etsa li ne li susumetsoa ke boikhohomoso? Kapa mohlomong ba ne ba sa tsebe lintlha tsohle kapa ba entse lintho ba sa nahana? Kaha ha re khone ho bona se ka lipelong tsa batho, e ka ba hantle hore re se ke ra potlakela ho ahlola ba bang.—Bala Jakobo 4:12.

ANANELA BOEMO BA HAO KA PHUTHEHONG

11. Motho ea ikokobelitseng o ikutloa joang ka boemo ba hae ka phuthehong ea Molimo?

11 Motho ea ikokobelitseng o ananela boemo ba hae ka phuthehong ea Molimo. Kaha Molimo o hlophisehile, o fa e mong le e mong karolo eo a lokelang ho e phetha. Re etsa lintho tse sa tšoaneng ka phuthehong, empa kaofela ha rona re ba bohlokoa. Jehova o re bontšitse mosa ka ho re fa lineo le bokhoni bo sa tšoaneng. (Bar. 12:4-8) Re ka sebelisa limpho tsena ho mo tlotlisa le ho thusa ba bang.—Bala 1 Petrose 4:10.

Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu ha re fuoa kabelo e ncha? (Sheba serapa sa 12-14)

12, 13. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala ha likabelo tsa rona phuthehong li fetoha nako le nako?

12 Empa boemo ba rona ka phuthehong ea Molimo bo ka ’na ba fetoha. Nahana ka mohlala oa Jesu. Qalong, o ne a lula le Ntate oa hae feela leholimong. (Liprov. 8:22) Eaba o thusa Jehova ho bopa mangeloi a mang le lintho tse ling tsohle, ho akarelletsa le batho. (Bakol. 1:16) Hamorao Jesu o ile a fuoa kabelo e ncha ea hore a tle lefatšeng, a tsoaloa e le lesea ’me a hola ho fihlela e e-ba motho e moholo. (Bafil. 2:7) Ka mor’a hore Jesu a shoe, o ile a khutlela leholimong e le sebopuoa sa moea hore e il’o ba Morena oa ’Muso oa Molimo ka 1914. (Baheb. 2:9) Empa leo e ne e se lekhetlo la ho qetela a fuoa kabelo e ncha. Ka mor’a puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete, Jesu o tla khutlisetsa puso ho Jehova, e le hore “Molimo e ka ba lintho tsohle ho e mong le e mong.”—1 Bakor. 15:28.

13 Le rona re ka ’na ra lebella ho fumana likabelo tse ncha nako le nako, mohlomong ka lebaka la liqeto tseo re li etsang. Ka mohlala, na mohlomong u ne u le lesoha, empa joale u se u nyetse? Na u se u na le bana? Na morao tjee u ile oa nolofatsa bophelo ba hao e le hore u kenele tšebeletso ea nako e tletseng? Qeto ka ’ngoe ho tsena, e u tliselitse litokelo le boikarabelo bo itseng. Ha maemo a rona a fetoha, a ka re nolofalletsa kapa a re thatafalletsa ho etsa lintho tse ling. Na u sa le mocha, kapa u se u holile? Na u phetse hantle ’meleng kapa oa kula? Jehova oa tseba hore na a ka re sebelisa joang ho latela maemo a rona. Ha aa lebella hore re etse seo re ke keng ra se khona, ebile o ananela seo re mo etsetsang sona.—Baheb. 6:10.

14. Ho ikokobetsa ho ka re thusa joang hore re khotsofale re be re thabe maemong ’ohle?

14 Jesu o ile a thabela likabelo tsohle tseo a ileng a li fuoa, ’me le rona re ka thabela tsa rona. (Liprov. 8:30, 31) Motho ea ikokobelitseng o khotsofalla litokelo le likabelo tseo a li fuoang ka phuthehong. Ha a khathatsehe ka ho fumana tse eketsehileng kapa hona ho khalla tsa ba bang. Ho e-na le hoo, o etsa sohle seo a ka se khonang hore a thabele litokelo tseo a li fuoeng, kaha o li talima li tsoa ho Jehova. O boetse o hlompha litokelo tseo Jehova a li fileng batho ba bang. Motho ea ikokobelitseng o hlompha ba bang, ebile o thabela ho ba tšehetsa.—Bar. 12:10.

HO TALIMA BOINYENYEFATSO KA TSELA E LOKETSENG

15. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Gideone oa boikokobetso?

15 Gideone o behile mohlala o motle tabeng ea ho inyenyefatsa. Ha lengeloi la Jehova le hlaha ho eena, Gideone o ile a itlhalosa hore ke motho oa boemo bo tlaase. (Baahl. 6:15) Ka mor’a hore Gideone a amohele kabelo e tsoang ho Jehova, o ile a etsa bonnete ba hore o utloisisa seo a lokelang ho se etsa, ’me a itšetleha ka tataiso ea Jehova. (Baahl. 6:36-40) Gideone o ne a le matla, ebile a le sebete. Empa o ile a etsa lintho ka masene. (Baahl. 6:11, 27) Ha aa ka a sebelisa kabelo ea hae hore a iphumanele botumo. Ho e-na le hoo, ha a phethile kabelo eo Jehova a mo fileng eona, o ile a khutlela moo a tsoang teng.—Baahl. 8:22, 23, 29.

16, 17. Motho ea ikokobelitseng o nahana ka lintho life pele a amohela likabelo tse ling tse eketsehileng?

16 Ho inyenyefatsa ha ho bolele hore re ke ke ra hahamalla ho fumana litokelo tse eketsehileng tsa tšebeletso, kapa ra li amohela. Mangolo a re khothalletsa hore re hatele pele. (1 Tim. 4:13-15) Empa na ho hlokahala hore re fumane kabelo e ncha e le hore re hatele pele? Che. Jehova a ka re thusa hore re hatele pele likabelong tseo re sebeletsang ho tsona hona joale. Re lokela ho tsoela pele ho ntlafatsa bokhoni boo Molimo a re fileng bona hore re etse mesebetsi e metle.

17 Motho ea ikokobelitseng o hlahloba pele hore na kabelo e ncha e akarelletsa’ng pele a e amohela. Ebe ka mor’a moo o hlahloba maemo a hae ho bona hore na o tla khona ho e phetha. Ka mohlala, na o tla khona ho etsa mosebetsi o eketsehileng a sa hlokomolohe ho etsa lintho tse ling tsa bohlokoa? Na mesebetsi e meng eo a neng a e etsa e ka fuoa batho ba bang? Haeba karabo ea lipotso tsena e le che, mohlomong kabelo e ncha eo a neng a lokela ho e fuoa e ka fetisetsoa ho motho e mong eo maemo a hae a mo lumellang. Ho kopa tataiso ea Jehova ka thapelo le ho hlahlobisisa maemo hantle ho tla re thusa hore re qobe ho ikimetsa. Motho ea ikokobelitseng a ke ke a lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe.

18. (a) Re lokela ho nahana ka eng ha re amohela kabelo e ncha? (b) Baroma 12:3 e re thusa joang?

18 Haeba re amohela kabelo e ncha, mohlala oa Gideone o lokela ho re hopotsa hore re ke ke ra atleha ntle ho tlhohonolofatso le tataiso ea Jehova. Ho feta moo, Bibele e re mema hore ‘re inyenyefatse ha re tsamaea le Molimo oa rona.’ (Mik. 6:8) Kahoo, nako le nako ha re amohela kabelo e ncha, re lokela ho nahana ka hloko ka seo Jehova a re bolellang sona a sebelisa Bibele le mokhatlo oa hae. Re lokela ho lokisa monahano oa rona e le hore o lumellane le oa Jehova. A re hopoleng hore ha se ka matla a rona re khonang ho finyella lintho tse itseng, empa Jehova ke eena ea re phahamisang ka lebaka la boikokobetso ba hae. (Pes. 18:35) Ho tsamaea le Molimo ka boinyenyefatso ho tla re thusa hore re se ke ra inkela holimo kapa ra inkela tlaase haholo.—Bala Baroma 12:3.

19. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikokobetsa?

19 Motho ea ikokobelitseng o fa Jehova tlhompho e mo tšoanelang, kaha ke ’Mopi le ’Musi oa Bokahohle. (Tšen. 4:11) Boikokobetso bo re thusa hore re khotsofale re be re atlehe hohle moo re sebeletsang teng mokhatlong oa Molimo. Bo boetse bo re thusa hore re hlomphe maikutlo a ba bang, e leng se tla etsa hore re momahane. Motho ea ikokobelitseng o nahana ka hloko pele a etsa lintho, ’me o qoba ho etsa liphoso. Ke kahoo bahlanka ba Molimo ba ntseng ba nka ho inyenyefatsa e le habohlokoa, ’me Jehova o thabisoa ke seo haholo. Empa na re ka ikokobetsa leha re le tlas’a khatello? Sehloohong se latelang, re tla ithuta hore na re ka ikokobetsa joang le ha maemo a le thata.