Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Asa, Josafate, Ezekiase, Josiase

Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng!

Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng!

“Ka kōpo, hopola kamoo ke tsamaileng ka pel’a hao ka ’nete le ka pelo e feletseng.”2 MAR. 20:3.

LIPINA: 52, 65

1-3. Ho sebeletsa Jehova “ka pelo e feletseng” ho akarelletsa’ng? Fana ka mohlala.

KAHA ha rea phethahala re etsa liphoso. Empa ho thabisang ke hore Jehova ha a re shebe “ho ea ka libe tsa rona.” Ho feta moo, haeba re bakela liphoso tsa rona, Jehova oa re tšoarela ka lebaka la sehlabelo sa Jesu. (Pes. 103:10) Leha ho le joalo, e le hore Jehova a mamele lithapelo tsa rona, re lokela ho mo ‘sebeletsa ka pelo e feletseng,’ joalokaha Davida a ile a bolella Solomone. (1 Likron. 28:9) Re ka etsa seo joang empa re sa phethahala?

2 Se ka re thusang ke ho bapisa bophelo ba Morena Asa le ba Morena Amazia. Marena ao a Juda ka bobeli a ile a sebeletsa Jehova, empa Asa o ile a mo sebeletsa ka pelo eohle. (Liprov. 17:3; 2 Likron. 15:16, 17; 25:1, 2) Ba ne ba sa phethahala, kahoo ba ne ba etsa liphoso. Leha ho le joalo, Asa ha aa ka a kheloha litsela tsa Molimo, hobane o ne a inehetse ho Molimo ka pelo e “feletseng.” (1 Likron. 28:9.) Amazia eena o ne a sa inehela ho Jehova ka ho feletseng. Ka mor’a ho hlola lira tsa Molimo, o ile a khutla le melimo ea lira tseo ’me a qala ho e rapela.—2 Likron. 25:11-16.

3 Ho sebeletsa Molimo “ka pelo e feletseng” ho bolela ho inehela ho eena ka pelo eohle. Hangata ka Bibeleng lentsoe “pelo” le bolela seo motho a leng sona ka hare. Ho akarelletsa seo a se batlang, a se nahanang, tsela eo a itšoarang ka eona, bokhoni ba hae, lintho tse mo khothatsang, le lintho tseo a batlang ho li finyella. Kahoo motho ea sebeletsang Jehova ka pelo eohle ha a etse seo ka boikaketsi. Ha a sebeletse Jehova bakeng sa ho itlosa bolutu. Ho thoe’ng ka rona? Joalokaha le rona re sa phethahala, haeba feela re sebeletsa Molimo re sa ikhakanye, re tla be re mo sebeletsa ka pelo eohle.2 Likron. 19:9.

4. Re tlo tšohla’ng?

4 E le hore re utloisise se boleloang ke ho sebeletsa Molimo ka pelo e feletseng, a re ke re tšohleng bophelo ba Asa le ba marena a mang a Juda a ileng a sebeletsa Molimo ka lipelo tse feletseng, e leng—Josafate, Ezekiase, le Josiase. Kaofela ha bona ba ile ba etsa liphoso empa Jehova o ile a tsoela pele a ba amohela. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a etsa joalo, hona re ka ithuta’ng ho bona?

PELO EA ASA “E NE E FELETSE HO JEHOVA”

5. Ke lintho life tseo Asa a ileng a li etsa?

5 Asa e ne e le morena oa boraro oa Juda ka mor’a hore ’muso o ka leboea oa meloko e leshome o arohane. O ile a felisa borapeli ba litšoantšo a ba a tebela banna ba matekatse ba neng ba sebeletsa tempeleng. O ile a ba a tlosa le nkhono oa hae Maaka hore e se ke ea e-ba “mofumahali, hobane o ne a etselitse palo e halalelang setšoantšo se rapeloang.” (1 Mar. 15:11-13) Ho feta moo, Asa o ile a khothalletsa Bajuda hore “ba batle Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona ’me ba phethe Molao le taelo.” Kannete o ile a ba thusa hore ba rapele Jehova.—2 Likron. 14:4.

6. Asa o ile a etsa’ng ha Baethiopia ba hlasela motse?

6 Ka lilemo tse leshome Asa a busa Juda, ha hoa ka ha e-ba le lintoa. Ha morao Zera oa Moethiopia o ile a hlasela Juda ka masole a 1 000 000 le ka lipere tse 300 tsa ntoa. (2 Likron. 14:1, 6, 9, 10) Asa o ile etsa’ng? O ile a itšetleha ka Jehova. (Bala 2 Likronike 14:11.) Molimo o ile a arabela thapelo ea Asa, ’me a hlola masole a Ethiopia. (2 Likron. 14:12, 13) Leha marena a ne a sa tšepahalle Jehova ka ho feletseng, o ne a ba thusa ho hlola lintoeng tsa bona molemong oa lebitso la hae. (1 Mar. 20:13, 26-30) Leha ho le joalo, Asa o ile a tsoela pele a itšetlehile ka Molimo, ’me Jehova a arabela lithapelo tsa hae. Ka masoabi, ha morao Asa o ile a etsa lintho ka booatla. Ka mohlala o ile batla thuso ho morena oa Syria ho e-na le ho e batla ho Jehova. (1 Mar. 15:16-22) Leha ho le joalo, “pelo ea Asa e ne e feletse ho Jehova ka matsatsi ‘ohle a hae.” Joale re ka etsisa mohlala oa Asa joang ka ho etsa lintho tse ntle?—1 Mar. 15:14.

7, 8. U ka etsisa Asa joang?

7 E mong le e mong oa rona a ka khona ho itlhahloba hore na o inehetse ho Molimo ka pelo eohle kapa che. Ipotse, ‘Na ke ikemiselitse ho thabisa Jehova, ho emela borapeli ba ’nete le ho se silafatse phutheho ea Molimo?’ Nahana ka sebete seo Asa a ileng a se bontša ha a ne a ema khahlanong le Maaka “mofumahali” oa motse. E ka ’na eaba ha u e-s’o kopane le motho ea tšoanang le mofumahali eo, empa ho na le boemo boo ho bona u ka etsisang Asa. Ka mohlala, u ka etsa’ng haeba motsoalle oa hao kapa setho sa lelapa se etsa sebe ebile se sa bake ’me qetellong se khaoloa? Na u tla tlohela ho buisana le eena? Kapa u tla etsa’ng?

8 Kahoo, joaloka Asa u ka bontša hore pelo ea hao e feletse ho Molimo ka ho mo tšepa ha u le tlas’a maemo a thata. U ka ’na oa tšoaroa hampe sekolong ka lebaka la hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Kapa mohlomong basebetsi-’moho le uena ba ka ’na ba u nka u le sephoqo ka ho nka matsatsi mosebetsing, hobane u batla ho ea kopanong le ha u sa sebetse ka linako tseo e seng tsa mosebetsi molemong oa chelete. Maemong a joalo, etsisa Asa ka hore u kope thuso ho Molimo. Ka sebete tšepa Jehova, ’me u emele se nepahetseng. Kholiseha hore Molimo o tla u matlafatsa joalokaha a ile a matlafatsa Asa.

9. Ha re buisana le batho ka molaetsa oa Bibele, re ka bontša joang hore re sebeletsa Molimo ka pelo eohle?

9 Bahlanka ba Molimo ha ba ichebe bobona feela. Empa ba etsisa Asa, ’me ba thusa batho ba bang ho tla borapeling ba ’nete . Le rona re lokela ho thusa batho “ho batla Jehova.” Ho feta moo, Jehova oa thaba ha a bona re buisana le batho ka molaetsa oa hae, ’me re etsa seo hobane re mo rata ebile re amehile ka bophelo ba batho ba bang.

JOSAFATE O ILE A BATLA JEHOVA

10, 11. Re ka etsisa Josafate joang?

10 Josafate mora oa Asa o ile “a ’na a tsamaea tseleng ea ntata’e Asa.” (2 Likron. 20:31, 32) Hobane’ng ha re bua joalo? Joaloka ntata’e, Josafate o ile a khothalletsa batho ho batla Jehova. O ile a etsa seo ka ho hlophisa hore Bajuda ba rutoe ho sebelisa “buka ea Molao oa Jehova.” (2 Likron. 17:7-10) O ile a ba a etela karolong e ka leboea ea Iseraele ho batho ba sebakeng se lithaba sa Efraime, ho ba “khutlisetsa ho Jehova.” (2 Likron. 19:4) Josafate e ne e le morena “ea ileng a batla Jehova ka pelo eohle ea hae.”—2 Likron. 22:9.

11 Kaofela ha rona re ka kenya letsoho mosebetsing oo Jehova a o hlophisitseng kajeno oa ho bolela litaba tse molemo. Na u ikemiselitse ho ruta batho Lentsoe la Molimo khoeli le khoeli, le ho ba khothalletsa ho sebeletsa Molimo? Na ke ntho eo u e rapellang? Ha u sebetsa ka thata hore u be le thuto ea Bibele, Molimo o tla u hlohonolofatsa. Na u nka seo e le sa bohlokoa hoo u ka telang nako ea hao? Hape, joalokaha Josafate a ile a ea Efraime ho ea thusa batho hore ba khutlele borapeling ba ’nete , le rona re ka leka ho thusa ba seng ba khaolitse ho sebeletsa Jehova. Ho ekelletsa moo, baholo ba etela batho ba khaotsoeng ho ba thusa ho khutlela ho Jehova.

12, 13. (a) Josafate o ile a etsa’ng ha a tobana le maemo a thata? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho etsisa Josafate ka ho lumela hore re na le bofokoli?

12 Joaloka ntata’e Asa, Josafate o ile a itšetleha ka Jehova le nakong eo lira li mo hlaselang. (Bala 2 Likronike 20:2-4.) Josafate o ne a tšohile. Leha ho le joalo o ile a ‘batla Jehova.’ Ka boikokobetso thapelong ea hae o ile a lumela hore ha ba na “matla ka pel’a bongata bona bo boholo,” ’me eena le batho ba hae ba ne ba sa tsebe seo ba ka se etsang. O ile a tšepa Jehova ka ho feletseng, ’me a re: “Mahlo a rona a talimile ho uena.”—2 Likron. 20:12.

13 Ka linako tse ling, le rona joaloka Josafate, re ka ’na ra tšoha, le ho se tsebe seo re lokelang ho se etsa. (2 Bakor. 4:8, 9) Empa hopola hore Josafate o ile a bontša phatlalatsa thapelong ea hae kamoo eena le batho ba hae ba ikutloang ba fokola ka teng. (2 Likron. 20:5) Ba nang le boikarabelo ba ho hlokomela malapa a bona tumelong, ba ka etsisa Josafate ka ho kopa tataiso le matla ho Jehova ha ba hloka thuso bothateng bofe kapa bofe boo ba ka kopanang le bona. U se ke oa soabela hore lelapa la hao le utloe ha u kopa sena. Lelapa la hao le tla hlokomela hore u tšepa Jehova. Molimo o tla u thusa joalokaha a ile a thusa Josafate.

EZEKIASE O ILE A TSOELA-PELE A ETSA SE NEPAHETSENG

14, 15. Ezekiase o ile a bontša joang hore o tšepile Molimo ka pelo eohle?

14 Ezekiase o ile a tsebahala e le morena ea ileng “a ’na a khomarela Jehova” ho sa tsotellehe liketso tse mpe tsa ntate oa hae ea neng a rapela litšoantšo. Ezekiase o ile “a tlosa libaka tse phahameng ’me a roba litšiea tse halalelang likoto eaba o rema palo e halalelang ’me o silakanya noha ea koporo eo Moshe a neng a e entse,” e neng e se e sebelisetsoa borapeling ba litšoantšo ka nako eo. O ne a inehetse ho Jehova kahoo feletseng, hoo a ileng “a tsoela pele a boloka litaelo tsa hae tseo . . . a neng a li laetse Moshe.”—2 Mar. 18:1-6.

15 Le nakong eo ka eona Baassyria ba neng ba le matla lefatšeng ka nako eo, ba hlasela Juda ebile ba tšosetsa ho timetsa Jerusalema, Ezekiase o ile a ’na a lula a tšepile Jehova ka pelo eohle ea hae. Sankeribe morena oa Assyria o ile a nyefola Jehova, ’me a leka ho tšosa Ezekiase e le hore a inehele. Leha ho le joalo, thapelong ea hae Ezekiase o ile a bontša kamoo a tšepang Jehova kateng. (Bala Esaia 37:15-20.) Molimo o ile a arabela thapelo ea hae ka ho romela lengeloi le ileng la bolaea Baassyria ba 185 000.—Esa. 37:36, 37.

16, 17. U ka etsisa Ezekiase joang?

16 Hamorao Ezekiase o ile a kulela lefu. O ile a kopa Jehova hore a hopole nako eo a ileng a mo sebeletsa ka eona. (Bala 2 Marena 20:1-3.) Rea tseba hore re phela linakong tseo ka tsona re ke keng ra lebella hore Molimo a re thuse ka mohlolo haeba re kula kapa re batla ho lelefatsa bophelo ba rona. Kahoo, joaloka Ezekiase re ka rapela Jehova ra re: “hopola kamoo ke tsamaileng ka pel’a hao ka ’nete le ka pelo e feletseng.” Na oa lumela hore Jehova a ka u thusa leha u kula?—Pes. 41:3.

17 Ha u nahana ka mohlala oa Ezekiase, na u bona e ka ho na le ntho eo u tlamehang ho e tlosa e le hore e se ke ea senya kamano ea hao le Molimo? Ho hlakile hore ha re batle ho tšoana le batho ba lefatše lena ba sebelisang mecha ea puisano hampe, ’me ba nkela batho ba bang holimo. Ke ’nete , Bakreste ba bang ba ka bona ho le molemo ho sebelisa mecha ena ho buisana le metsoalle le litho tsa lelapa. Empa batho ba bang ba e sebelisa hampe ka ho buisana le batho bao ba sa ba tsebeng. Kapa ba qeta nako ba shebane le litšoantšo tsa batho kapa ba bala ka bona. Seo se ka senya nako e ngata haholo. Mokreste a ka ikhohomosa hobane batho ba rata lintho tseo a li behang mecheng eo ea puisano, hape a ka ’na a hloka thabo haeba ba sa li rate. Ak’u nahane feela moapostola Pauluse kapa Akuila le Prisilla ba qeta nako ea bona ba kenya linepe tsa bona mecheng ea puisano kapa ba sheba-shebana le seo ba bang ba se kentseng mecheng eo. Bibele e re Pauluse o ne a ‘tšoarehile ka matla haholo ka lentsoe.’ Hape Prisilla le Akuila ba ile sebelisa nako ea bona ba hlalosetsa ba bang “tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane”. (Lik. 18:4, 5, 26) Re ka ipotsa, ‘Na ke qoba ho nkela batho ba bang holimo le ho qeta nako e ngata ke etsa lintho tse se nang thuso?’Bala Baefese 5:15, 16.

JOSIASE O ILE A MAMELA LITAELO TSA JEHOVA

18, 19. Ke ka litsela life u ka etsisang Josiase?

18 Josiase, setloholo sa morena Ezekiase le eena o ile a mamela litaelo tsa Jehova “ka pelo eohle ea hae.” (2 Likron. 34:31) Bocheng ba hae o ile “a qala ho batla Molimo oa moholo-holo oa hae Davida.” Ha a le lilemo li 20 o ile a qala ho felisa borapeli ba litšoantšo Juda. (Bala 2 Likronike 34:1-3.) Josiase o ne a thabela ho khahlisa Molimo ho feta marena a mang kaofela a Juda. Le nakong eo a ileng a balloa Molao oa Moshe, o ile a bona ho hlokahala hore a sebeletse Molimo le ho feta. O ile a khothalletsa ba bang hore ba sebeletse Jehova. Kahoo bophelong bohle ba hae batho “ha baa ka ba kheloha ho latela Jehova”.2 Likron. 34:27, 33.

19 Joaloka Josiase, ba bacha ba lokela ho sebeletsa Jehova bocheng ba bona. Morena Manase ea neng a bakile, e ka ’na eaba o ne a se a boleletse Josiase ka mohau oa Molimo. Bacha ithuteng ho ba seng ba holile ka malapeng a lona le ka phuthehong, ’me le bone kamoo Jehova a ileng a ba thusa ka teng. Hopola hore Josiase o ile a thusoa ke ho bala Mangolo ’me seo se ile sa etsa hore a etse liphetoho. Ho bala Lentsoe la Molimo ho ka etsa hore u etse liphetoho tse tla etsa hore u thabe, u matlafatse kamano ea hao le Molimo le tse tla etsa hore u batle ho thusa ba bang hore ba batle Molimo. (Bala 2 Likronike 34:18, 19.) Ho ka boetse ha re thusa ho ntlafatsa tšebeletso ea rona ho Molimo, haeba re ikitlaetsa joaloka Josiase.

SEBELETSA JEHOVA KA PELO E FELETSENG

20, 21. (a) Ke ntho efe eo marena ana a mane ao re buileng ka ’ona a tšoanang ka eona? (b) Re tlo bua ka’ng sehloohong se latelang?

20 Na u bona melemo ea ho sebeletsa Jehova ka pelo e feletseng ha u hopola marena a mane ao re buileng ka oona a Juda, a ileng a mo sebeletsa ka pelo eohle? Ba ne ba chesehela ho etsa thato ea Molimo ’me ba ne ba inehetse ho Molimo ka ho feletseng. Ba ile ba tsoela pele ba etsa seo Molimo a se batlang. Ba ile ba etsa seo le linakong tse thata. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore ba ne ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.

21 Joalokaha re tla bona sehloohong se latelang, marena ao re seng re buile ka ’ona a ile a etsa liphoso. Leha ho le joalo Mohlahlobi oa lipelo o ile a bona hore lipelo tsa bona li feletse ho eena. Le rona ha rea phethahala. Na ha Jehova a re hlahloba, o khona ho bona hore re mo sebeletsa ka pelo e feletseng? A re ke re boneng taba ena sehloohong se latelang.