Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke’ng E Ka Re Thusang Ho Mamella Mathata?

Ke’ng E Ka Re Thusang Ho Mamella Mathata?

Na mathata a lefatše a mangata haholo hoo a u amang ho feta pele? Na lintho tsee tse latelang lia etsahala moo u phelang?

  • lintoa

  • mafu a seoa

  • likoluoa tsa tlhaho

  • bofutsana

  • khethollo

  • tlolo ea molao

Ha mathata a hlaha batho ba bangata baa tšoha ebile ba felloa ke tšepo. Batho ba bang bona ha ba hlaheloa ke lintho tse ba utloisang bohloko ba felloa ke matla. Leha ho le joalo, ha re tobana le mathata, ho tšoha le ho felloa ke matla ho ka mpefatsa maemo le ho feta.

Ha ho hlaha mathata, u tlameha ho etsa qeto hang-hang ’me u sireletse lintho tsa bohlokoa ho uena e leng batho bao u ba ratang, bophelo ba hao, mokhoa oa boipheliso le hore u lule u thabile.

U ka etsa’ng e le ho fokotsa litla-morao tsa mathata a u hlahelang?