Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

TSOHA! No. 2 2018 | Lintho Tse 12 Tse ka Thusang Malapa ho Thaba

Lintho Tse 12 Tse ka Thusang Malapa ho Thaba

Mathata ke kobo-anela malapeng a mangata. Ebe ho ka etsoa’ng hore a thabe?

  • Pakeng tsa 1990 le 2015, naheng ea Amerika palo ea banyalani ba hlalaneng e ile ea eketseha. Ea banyalani ba ka holimo ho lilemo tse 50 e ile ea imena ka makhetlo a mabeli, athe ea ba ka holimo ho lilemo tse 65 e ile ea imena ka makhetlo a mararo.

  • Batsoali ba eme lihlooho: Litsebi tse ba eletsang li bua lintho tse sa tšoaneng. Tse ling li re ba lokela ho lula ba babatsa bana leha ho sa hlokahale, ha tse ling tsona li re ba tlameha ho tšoara bana ka thata hore ba tle ba be le boikarabelo.

  • Bacha ba bang ba hola ba sa tsebe hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba tle ba be le boikarabelo ha ba se ba le baholo.

Leha ho le joalo . . .

  • Batho ba nyalaneng ba ka phela ba thabile bophelo bohle.

  • Batsoali ba ka khona ho khalemela bana ba bona ka lerato.

  • Bacha ba ka ithuta hona joale hore na ba etse’ng hore ba be le boikarabelo ha ba se ba le baholo.

Tsoha! ena e na le likeletso tse 12 tse ka thusang malapa ho thaba.

 

1 Boikemisetso

Likeletso tse tharo tse ka thusang banyalani ho lula ’moho.

2 Ho Sebelisana ’Moho

U se ke oa tšoara molekane oa hao joalokaha eka ke motho eo u mpang u lula le eena feela.

3 Ho Hlomphana

Ithute hore na u ka buisana le molekane oa hao joang le hore na u ka mo buisa joang e le ho bontša hore oa mo hlompha.

4 Ho Tšoarelana

Ke’ng e ka u thusang hore u se ke oa sheba liphoso tsa molekane oa hao?

5 Ho Buisana

Ho na le lintho tse tharo tse ka u thusang hore uena le bana ba hao le phetlelane lifuba.

6 Ho Laea Bana

Na ho laea bana ho etsa hore ba ikutloe eka ha ba na thuso?

7 Mekhoa e Metle

U lokela ho ruta bana ba hao ho ba le mekhoa e joang?

8 Mohlala o Motle

Haeba u batla hore bana ba hao ba u mamele, u lokela ho phela ntho eo u ba bolellang eona.

9 Ho Itseba

Bacha ba ka etsa’ng e le ho emela lintho tseo ba li lumelang?

10 Ho Tšepahala

U tla hola haeba u etsa lintho tse tla etsa hore batsoali ba hao ba u tšepe.

11 Ho Sebetsa ka Thata

Haeba u ithuta ho sebetsa ka thata hona joale ha u sa le mocha, u tla atleha nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u tla e etsa bophelong.

12 Merero

Ho fihlela lintho tseo esale u li labalabela ho ka etsa hore u thabe, u itšepe haholoanyane ebile setsoalle seo u nang le sona le metsoalle ea hao se tla tiea.

Likeletso Tse Ling Tse Ka Thusang Malapa

Likeletso tsa Bibele li ka etsa hore lelapa la hao le thabe.