Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sebetsana le Likoluoa Tsa Tlhaho

Ho Sebetsana le Likoluoa Tsa Tlhaho

Ka lebaka la ho eketseha ha likoluoa tsa tlhaho hammoho le tšenyo eo li e bakang, motho a ka sebetsana joang le boemo boo? A re ke re hlahlobe mehato e ’maloa e thusang eo motho a ka e nkang.

Tloha sebakeng se ka ’nang sa hlaheloa ke koluoa.

Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.” (Liproverbia 22:3) Keletso ena e molemo e ka thusa ha koluoa e hlaha. Haeba ho lemosoa ka ho foqoha ha seretse se chesang, likhohola, leholiotsoana kapa sefefo se tlang, e ka ba bohlale hore ba sebakeng se kotsing ba balehele moo ho sireletsehileng. Bophelo ke ba bohlokoa ho feta ntlo kapa lintho tse ling tseo u nang le tsona.

Ho ka ba molemo hore ba khonang ba se ke ba lula sebakeng seo kotsi e ka hlahang neng kapa neng ho sona. Setsebi se seng se re: “Libaka tse ling li na le menyetla e meholo ea ho ba le likoluoa. Lefatšeng, ke libaka tse ’maloa feela tse kotsing ea ho ba le likoluoa ’me nakong e tlang likoluoa tse bakang tšenyo e khōlō li tla etsahala le hona libakeng tseo.” Ka mohlala, sena se ka etsahala libakeng tse haufi le leoatle kapa moo lefatše le petsohileng teng ka hare. Haeba u ka khona ho qoba ho lula libakeng tse kotsing joalo, kapa ho fallela sebakeng se seng se sireletsehileng, u ka ’na ua iphokoletsa likotsi tse neng li ka u hlahela ha ho e-ba le koluoa.

Lula u itokisitse.

Le haeba u lekile ka hohle ho mamela litemoso, u ntse u ka ’na ua iphumana u hlahetsoe ke koluoa e sa lebelloang. Empa haeba u itokiselitse koluoa esale pele, ho ka ba bonolo hore u sebetsane le boemo. Sena se tumellanong le keletso e hlahang ho Liproverbia 22:3, e qotsitsoeng pejana. Na u na le mokotla o lutseng e le malala-a-laotsoe, o tšetseng lintho tseo u tla li hloka maemong a tšohanyetso? Buka e bitsoang 1-2-3 of Disaster Education e khothalletsa batho hore ka mokotleng oo ba be le lintho tse latelang: Lintho tse sebelisoang thusong ea pele, metsi a ka libotlolong, lijo tse sa boleng le litokomane tsa bohlokoa. Hape e ka ba bohlale hore uena le ba lelapa la hao le buisane hore na ke likoluoa tsa mofuta ofe tse ka bang teng sebakeng sa lōna le hore na le lokela ho etsa’ng ha li ka ba teng.

Lula u e-na le kamano e haufi le Molimo.

Sena se ka thusa boemong bo bong le bo bong. Bibele e re Molimo ke “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.” Temana e ’ngoe e mo hlalosa e le Molimo “ea tšelisang ba behiloeng tlaase.”—2 Bakorinthe 1:3, 4; 7:6.

Ka sebele, Molimo o bona boemo bo bong le bo bong boo ba mo tšepang ba fetang ho bona. Ke Molimo ea lerato, ea fanang ka matšeliso ka litsela tse sa tšoaneng. (1 Johanne 4:8) Ho rapella moea o halalelang o matla oa Molimo, eseng ho rapella hore ho etsahale mehlolo, ke hona ho ka thusang boemong leha e le bofe. Moea o halalelang o ka hopotsa ba mahlomoleng litemana tsa Bibele tse tšelisang le tse thobang pelo. Ruri bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba ka ikutloa joaloka Davida, morena oa Iseraele ea boholo-holo, ea ileng a re: “Esita le haeba ke tsamaea phuleng ea moriti o lefifi, ha ke tšabe letho le lebe, kaha u na le ’na; molamu oa hao le lere la hao ke lintho tse ntšelisang.”—Pesaleme ea 23:4.

Bakreste-’moho baa thusana.

Lekholong la pele la lilemo, moprofeta oa Mokreste ea bitsoang Agabase o ile a bontša hore “tlala e khōlō e ne e le mothating oa ho tlela lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; eo, kamoo ho bileng kateng, e ileng ea fela ea e-ba teng nakong ea Claudiase.” Tlala eo e khōlō e ile ea ama barutuoa ba bangata ba Jesu ba Judea habohloko. Barutuoa ba libakeng tse ling ba ile ba etsa’ng ha ba utloa ka mahlomola a Bakreste-’moho le bona? Tlaleho e re: “Barutuoa ba etsa qeto, e mong le e mong oa bona ho ea kamoo leha e le mang a neng a ka ho khona, ho romela tšebeletso ea lithuso ho barab’abo rōna ba lulang Judea.” (Liketso 11:28, 29) Ba ile ba arabela ka lerato ka ho ba phallela ka tseo ba li hlokang.

Ha ho e-na le likoluoa tse khōlō kajeno, bahlanka ba Molimo ba arabela ka tsela e tšoanang. Lipaki Tsa Jehova li tsebahala haholo ka ho thusa balumeli-’moho le tsona. Ka mohlala, ka mor’a hore ho be le tšisinyeho e khōlō ea lefatše Chile ka la 27 February, 2010, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa potlakela ho thusa ba amehileng. Karla, eo ntlo ea habo e ileng ea hoholoa ke tsunami, o ile a re: “Ho ile ha re tšelisa ha ba ha re khothatsa ho bona [Lipaki tsa habo rōna] tse tsoang libakeng tse ling li fihla letsatsing le latelang ho tla re thusa. Ha ho pelaelo hore Jehova o ile a re tšelisa ka mosa oa baithaopi bao. Ke ile ka ikutloa ke ratoa ke bile ke sireletsehile.” Ntate-moholo oa hae eo e seng Paki o ile a hlokomela thuso eo ba e fuoang. O ile a re: “Sena se fapane hōle le seo ke ’nileng ka se bona ka lilemo-lemo kerekeng ea heso.” Seo a ileng a se bona se ile sa etsa hore a kōpe Lipaki Tsa Jehova hore li ithute Bibele le eena.

Ho kopanela le batho ba ratang Molimo ho ka thusa haholo linakong tsa litlokotsi. Leha ho le joalo, na ho tla ke ho be le nako eo ka eona lefatše le ke keng la hlola le e-ba le likoluoa tsee tse re bakelang mahlomola? A re ke re boneng hore na Bibele e re’ng tabeng ena.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Na u na le mokotla o lutseng e le malala-a-laotsoe, o tšetseng lintho tseo u tla li hloka maemong a tšohanyetso?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho rapella moea o halalelang o matla, eseng ho rapella hore ho etsahale mehlolo, ke hona ho ka thusang boemong leha e le bofe

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bakreste-’moho baa thusana e le hore ba sebetsane ka katleho le liphello tsa likoluoa

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

“Ke ile ka ikutloa ke ratoa ke bile ke sireletsehile”