Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BIBELE E FETOLA BATHO

Ke Ithutile Hore Jehova o Mohau Ebile oa Tšoarela

Ke Ithutile Hore Jehova o Mohau Ebile oa Tšoarela
  • KE HLAHILE KA: 1954

  • NAHA EA HESO: CANADA

  • PELE: KE NE KE LE TSOTSI KE BILE KE RATA HO BECHA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hōletse sebakeng se futsanehileng motseng oa Montreal. Ntate o ile a hlokahala ha ke le likhoeli li tšeletseng, kahoo ’Mè a sala a jere boikarabelo ba lelapa a le mong. Lapeng re ne re le bana ba robeli ’me e le ’na oa ho fela.

Ha ke ntse ke hōla ke ne ke sebelisa lithethefatsi, ke becha, ke rata ntoa ke bile ke tsamaea le masholu. Ha ke le lilemo li leshome, ke ile ka qala ho sebeletsa matekatse le bo-machonisa. Ke ne ke tloaetse ho bua leshano ’me ke rata ho qhekella batho neng le neng ha monyetla o hlaha. E ne e se e le ntho e maling ho ’na.

Ha ke le lilemo li 14, ke ne ke se ke ipabola mekhoeng ea ho qhekella batho. Ka mohlala, ke ne ke reka lioache, masale le lireng tse ngata tseo e seng tsa khauta ebe ke li ngola hore li entsoe ka khauta ea boleng bo holimo (ea lik’harete tse 14) ’me ke li rekisa seterateng le moo ho pakoang makoloi. Ke ne ke thabela ho etsa chelete ka matšoephenene. Ka nako e ’ngoe nkile ka etsa lidolara tse 10 000 ka letsatsi!

Ha ke le lilemo li 15 ke ile ka lelekoa sekolong se thusang bana ba litlokotsebe ’me ka sala ke se na lehae. Ke ne ke robala seterateng, liphakeng kapa habo metsoalle ea ka.

Mapolesa a ne a lula a ntlhoma lipotso ka lebaka la tloaelo ea ka ea ho qhekella batho. Kaha ke ne ke sa rekise lintho tse utsoitsoeng ha ho mohla nkileng ka tšoaroa. Leha ho le joalo, ke ne ke lula ke lefisoa chelete e ngata ka lebaka la ho qhekella, la bolotsana le la ho rekisa ke se na mangolo. Kaha ho ne ho se motho eo ke mo tšabang ke ne ke thusa bo-machonisa ho lata chelete ea bona ho batho ba ba kolotang. Mosebetsi oo o ne o le kotsi ’me ka linako tse ling ke ne ke tsamaea ka sethunya. Ka linako tse ling ke ne ke sebetsa le lequloana la masholu.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ke ile ka qala ho bona Bibele ha ke le lilemo li 17. Ke ne ke lula le kharebe ea ka ha e ne e qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Empa ke ne ke sa lumellane le melao ea Bibele ea boitšoaro, eaba kea mo siea ’me ka ea lula le mosali e mong eo ke neng ke ratana le eena.

Ke ile ka fetoha ha le eena a qala ho ithuta le Lipaki! O ile a fetola tsela eo a neng a phela ka eona eaba ke khahloa ke hore ebe o ne a se a le bonolo a bile a e-na le mamello. Ke ile ka lumela ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova tse tšoareloang Holong ea ’Muso. Ha ke fihla li ile tsa nkamohela ka mofuthu. Li ne li fapane hōle le batho ba bang! Lelapa leso le ne le sa nthate; ho tloha bongoaneng ha ho motho ea kileng a nkutloela bohloko kapa a nthata. Lerato leo ke ileng ka le bontšoa ke Lipaki Tsa Jehova ke seo ke neng ke se labalabela. Ke ile ka lumela ha Lipaki li ithaopela ho ithuta Bibele le ’na.

Mohlomong seo ke neng ke ithuta sona Bibeleng se ile sa pholosa bophelo ba ka. Ke ne ke ntse ke rera ho qheketsa banka le metsoalle e meng ea ka e ’meli e le hore ke khone ho lefa sekoloto sa ka sa ho becha se neng se etsa lidolara tse fetang 50 000. Ke motlotlo hore ebe ke ile ka ikhula! Metsoalle eo ea ka e ile ea tsoela pele ka morero oo. E mong o ile a tšoaroa ’me e mong a bolaoa.

Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka hlokomela kamoo ke neng ke hloka ho etsa liphetoho tse ngata kateng. Ka mohlala, Ke ile ka hlokomela seo Bibele e se buang ho 1 Bakorinthe 6:10, ha e re: “Masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” Temana ena e ile ea nkama habohloko pelong hoo ke ileng ka lla. Ke ile ka hlokomela hore ke tlameha ho fetola bophelo ba ka ka ho feletseng. (Baroma 12:2) Ke ne ke rata ntoa ke bile ke le bohale ’me ke rata ho bua leshano.

Leha ho le joalo, ke ile ka boela ka ithuta ka Bibeleng hore Jehova o mohau ebile oa tšoarela. (Esaia 1:18) Ke ile ka rapela ka tieo, ka kōpa Jehova hore a nthuse hore ke khutle mekhoeng. O ile a nthusa hore hanyane ka hanyane ke be motho ea molemo. Mohato oa bohlokoa oo ke ileng ka o nka ke oa ha ’na le kharebe ea ka re nyalana ka molao.

Nka be ke shoele hoja e se ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele

Ke nyetse ke le lilemo li 24 ’me ke se ke e-na le bana ba bararo. Ke ne ke batla mosebetsi o nepahetseng. Empa ke ne ke sa ruteha ebile ho se na batho ba ka mpakang. Ke ile ka boela ka rapela Jehova ka tieo. Eaba ke il’o batla mosebetsi. Ke ne ke bolella batho bao ke kōpang mosebetsi ho bona hore ke batla ho fetola bophelo ba ka ke sebetse. Ka linako tse ling, ke ne ke ba hlalosetsa hore ke ntse ke ithuta Bibele le hore ke lakatsa ho ba motho ea molemo. Bahiri ba bangata ba ile ba hana ho nkhira. Qetellong, ka mor’a hore ke phetele mohiri e mong pale e bohloko ea bophelo ba ka o ile a re: “Ho na le ntho e reng ke u hire, le hoja ke sa tsebe hore na ke eng.” Ke lumela hore e ne e le karabo ea lithapelo tsa ka. Ha nako e ntse e ea, ’na le mosali oa ka re ile ra kolobetsoa ’me ra ba Lipaki Tsa Jehova.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Nka be ke shoele hoja e se ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele le ho phela ka tsela ea Bokreste. Lelapa la ka le thabile. Ke na le letsoalo le hloekileng hobane ke kholisehile hore Jehova o ntšoaretse.

Ke se ke qetile lilemo tse 14 ke etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele kamehla ’me mosali oa ka o sa tsoa qala ho sebetsa le ’na. Lilemong tse fetang 30 tse fetileng, ke thusitse basebetsi-’moho le ’na ba 22 hore ba sebeletse Jehova. Ke ntse ke ea mabenkeleng—empa eseng ho ea qhekella batho joaloka pele. Hona joale ha ke ea moo ke atisa ho pakela batho ba bang. Ke batla ho ba fa tšepo ea ho phela lefatšeng le lecha leo ho lona ho tla beng ho se na litsotsi.—Pesaleme ea 37:10, 11.