Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lefatšeng le Lecha

Lefatšeng le Lecha
  1. 1. Ak’u nahane u se u le moo,

    U shebeletse bana ba bapala,

    Ba bina ba tšeha,

    Ho se ho se na bohloko ho hang.

    Lefatše le se le hlokomeloa

    Ke batho ba ratang Jehova feela,

    Hape ba mo mamela,

    Hohle e se e le khotso feela.

    Re tla thabela

    Ho busoa ke Mora oa hae

    Lefatšeng le lecha.

    (K’HORASE)

    Re na le tšepo ena.

    Ke tšepo e re matlafatsang

    Le e re khothatsang haholo

    Ha re lebeletse

    Lefatše le lecha.

  2. 2. Nahana ka sebaka se setle

    Pel’a lithaba le linoka tse phallang,

    Joale u lula teng.

    Nahana u le Paradeiseng,

    Joale bafu ba tsosoa,

    Re ba amohela ka thabo.

    Ho tla ba monate

    Ha re se re phela le bona hape.

    Rato la ’Mopi

    Re tla le bona

    Lefatšeng le lecha.

    (K’HORASE)

    Re na le tšepo ena.

    Ke tšepo e re matlafatsang

    Le e re khothatsang haholo

    Ha re lebeletse

    Lefatše le lecha.

    (BOROKHO)

    Tšepiso tsohle tsa hae

    Lia phethahala kaofela.

    Seo Jehova a se batlang

    Ke hore kaofela re thabe.

    (K’HORASE)

    Re na le tšepo ena.

    Ke tšepo e re matlafatsang

    Le e re khothatsang haholo

    Ha re lebeletse

    Lefatše le lecha,

    Lefatše le lecha,

    Lefatše le lecha,

    Lefatše le lecha.