Fetela boitsebisong

Na Basali le Bona Baa Ruta?

Na Basali le Bona Baa Ruta?

E, baa ruta. Lipaki tsohle Tsa Jehova lia ruta, kapa ke basebeletsi—ho akarelletsa le basali ba limilione. Joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele, “basali ba bangata ba bolela litaba tse molemo.”—Pesaleme ea 68:11, NET Bible.

Basali ba Lipaki Tsa Jehova ba etsisa basali ba mehleng ea Bibele. (Liproverbia 31:10-​31) Le hoja ba sa etelle pele ka phuthehong, ba kopanela ka botlalo tšebeletsong ea boboleli. Ba boetse ba ruta bana ba bona melao-motheo ea Bibele. (Liproverbia 1:8) Basali ba Lipaki ba leka ka matla hore seo ba se buang le seo ba se etsang se tsoele ba bang molemo.—Tite 2:3-5.