Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka Tsela eo Malumeli a Mang a Etsang ka Eona?

Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka Tsela eo Malumeli a Mang a Etsang ka Eona?

 Re latela seo Bibele e se rutang mabapi le Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, tseo hape li tsebahalang e le “lijo tsa Morena tsa shoalane,” Lijo Tsa ho Qetela Tsa Shoalane le Sehopotso sa lefu la Jesu. (1 Bakorinthe 11:20; King James Version) Ho na le litloaelo le litumelo tse ngata tse sa thehoang Bibeleng mabapi le ho ikhopotsa lefu la Jesu.

Morero

 Morero oa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke ho ikhopotsa Jesu, le ho bontša kananelo hore e be o ile a re shoela. (Matheu 20:28; 1 Bakorinthe 11:24) Mokete ona ha se oa sakaramente kapa letsatsi la ho bontša mohau le tšoarelo ea libe joalokaha malumeli a mang a bolela. a Bibele e ruta hore re ka tšoareloa libe ka ho ba le tumelo ho Jesu feela, eseng ka mekete ea bolumeli.​—Baroma 3:25; 1 Johanne 2:1, 2.

O lokela ho ketekoa hakae?

 Jesu o ile a laela barutuoa ba hae ho ikhopotsa lefu la hae, empa haa ka a ba bolella hore na hakae. (Luka 22:19) Batho ba bang ba re le lokela ho ketekoa khoeli le khoeli, ba bang ba re beke le beke, ba bang ba re letsatsi le leng le le leng, ba bang ba re ka makhetlo a ’maloa ka letsatsi, kapa hangata ka mokhoa oo motho a batlang. b Leha ho le joalo, ho na le lintlha tseo re lokelang ho li tseba ka sena.

 Jesu o ile a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka letsatsi la Paseka ea Bajuda, ’me o ile a shoa ha morao letsatsing lona leo. (Matheu 26:1, 2) Ketsahalo ena ha ea etsahala ka tšohanyetso. Mangolo a bapisa sehlabelo sa Jesu le konyana ea Paseka. (1 Bakorinthe 5:7, 8) Paseka e ne e ketekoa hanngoe ka selemo. (Exoda 12:1-6; Levitike 23:5) Bibele e bontša hore Bakreste ba pele ba ne ba ikhopotsa lefu la Jesu hanngoe ka selemo, c ’me Lipaki Tsa Jehova li latela sona seo.

Letsatsi le nako

 Mokete ona oo Jesu a o thehileng ha o re thuse feela ho hlokomela hore na re lokela ho o keteka hakae, hape o re thusa ho bona letsatsi le nako ea ho tšoara mokete ona. Jesu o ile a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka mor’a hore letsatsi le likele ka la 14 Nisane, 33 C.E., ho latela k’halendara ea Bajuda. (Matheu 26:18-20, 26) Re tsoela pele ho tšoara Sehopotso ka letsatsi lena selemo le selemo joalokaha Bakreste ba pele ba ne ba etsa. d

 Le hoja la 14 Nisane, 33 C.E. e ne e le Labohlano, ho ka etsahala hore letsatsi la Sehopotso le be ka letsatsi le fapaneng selemo le selemo. Re sebelisa mokhoa o neng o sebelisoa mehleng ea Jesu ho bona hore na letsatsi la la 14 Nisane le la bokae, ho e-na le ho sebelisa k’halendara ea mehleng ea kajeno ea Bajuda. e

Bohobe le veine

 Jesu o ile a theha mokete ona a sebelisa bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu e neng e setse moketeng oa Paseka. (Matheu 26:26-28) Re latela mohlala oa Jesu ka hore re sebelise bohobe bo sa lomosoang le bo sa tšeloang letho le veine e khubelu e sa tsoakoang ka letho, eseng seno-mapholi sa morara, veine e natefisitsoeng kapa e tšetsoeng linoko.

 Batho ba bang ba sebelisa bohobe bo entsoeng ka tomoso, empa hangata ka Bibeleng tomoso e tšoantšetsa sebe kapa ho bola. (Luka 12:1; 1 Bakorinthe 5:6-8; Bagalata 5:7-9) Ke bohobe bo sa lomosoang feela le bo sa tšeloang letho bo ka tšoantšetsang ’mele oa Kreste o se nang sebe. (1 Petrose 2:22) Tloaelo e ’ngoe e sa lumellaneng le Bibele ke ea ho sebelisa seno-mapholi sa morara bakeng sa veine. Likereke tse ling li etsa sena hobane li le khahlanong le ho noa joala, empa mokhoa ona o khahlanong le mangolo.​—1 Timothea 5:23.

Litšoantšetso ha se nama le mali a sebele

 Bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu tse sebelisoang Sehopotsong, li tšoantšetsa ’mele oa Kreste le mali a hae. Ha se hore ka mohlolo li fetoha nama le mali a hae joalokaha batho ba bang ba nahana. Bona hore na Bibele e re’ng ka sena.

  •   Haeba Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba noe mali a hae, o ne a tla be a re ba tlole molao oa Molimo oa hore ba se ke ba ja mali. (Genese 9:4; Liketso 15:28, 29) Jesu o ne a ke ke a laela batho ba bang hore ba tlole molao oa Molimo ka hore ba je mali.​—Johanne 8:28, 29.

  •   Haeba baapostola ba Jesu ba ne ba noa mali a hae, o ne a ke ke a re mali a hae ‘a tla tšolloa,’ e leng se bontšang hore e ne le hona a tl’o nehela sehlabelo sa hae.​—Matheu 26:28.

  •   Sehlabelo sa Jesu se nehetsoe hanngoe ’me se ke ke ‘sa phetoa.’ (Baheberu 9:25, 26) Haeba Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena bohobe le veine li fetoha nama le mali a Jesu, sena se bolela hore batho ba jang litšoantšetso ba tla be ba pheta sehlabelo.

  •   Jesu o ile a re: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola,” eseng “ho nketsetsa sehlabelo.”​—1 Bakorinthe 11:24.

 Batho ba lumelang mohlolo oa hore bohobe le veine li ile tsa fetoha nama le mali a Jesu, ba thehile thuto ena mantsoeng a hlahang litemaneng tse itseng tsa Bibele. Ka mohlala, liphetolelong tse ngata tsa Bibele, Jesu ha a bua ka veine o ile a re: “Ana ke mali a ka.” (Matheu 26:28) Leha ho joalo, mantsoe a Jesu a ka boela a fetoleloa e le: “Sena se bolela mali a ka,” “Sena se emela mali a ka,” kapa “Sena se tšoantšetsa mali a ka.” f Hangata Jesu ha a ruta o ne a sebelisa lipapiso.​—Matheu 13:34, 35.

Ke bo-mang ba jang litšoantšetso?

 Ha Lipaki Tsa Jehova li tšoere Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, e ba batho ba ’maloa feela ba jang bohobe le veine. Hobane’ng?

 Mali a Jesu a ile a theha “selekane se secha” se neng se hlakola selekane seo Jehova Molimo a ileng a se etsa le sechaba sa Iseraele. (Baheberu 8:10-13) Bao e leng karolo ea selekane se secha ke bona ba jang litšoantšetso Sehopotsong. Selekane sena ha se ame Bakreste bohle, empa se ama feela “ba bitsitsoeng” ka tsela e khethehileng ke Molimo. (Baheberu 9:15; Luka 22:20) Bana ke ba tla busa le Kreste leholimong ’me Bibele e re ke ba 144 000 ba tla fumana tokelo ena.​—Luka 22:28-30; Tšenolo 5:9, 10; 14:1, 3.

 Ntle le “mohlatsoana” e leng ba tla busa le Kreste leholimong, ho na le batho ba bangata bao e leng karolo ea “bongata bo boholo” ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng mona lefatšeng. (Luka 12:32; Tšenolo 7:9, 10) Le hoja bana ba bangata ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba sa je litšoantšetso ka Sehopotso, ba ba teng Sehopotsong e le hore ba bontše kananelo sehlabelong sa Jesu.​—1 Johanne 2:2.

a McClintock and Strong’s Cyclopedia, Volume IX, leqephe la 212, e re: “Lentsoe sakaramente ha le eo Testamenteng e Ncha; le lentsoe la Segerike μυστήριον [my·steʹri·on] ha le ea sebelisoa moo ho buuoang ka kolobetso kapa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, kapa boemong bofe moo ho buuoang ka Sehopotso.”

b Liphetolelo tse ling tsa Bibele li sebelisa lentsoe “ho tsoela pele” ha li bua ka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, ’me mantsoe ana a ’nile a hlalosoa a bontša hore na Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena li lokela ho ketekoa hakae. Leha ho le joalo, moelelo o nepahetseng oa lentsoe lena ho latela puo eo le neng le ngotsoe ka eona qalong ke “neng le neng” kapa “nako le nako.”​—1 Bakorinthe 11:25, 26; New International Version; Good News Translation.

c Sheba The New Schaff-Herzog Encyclopedia of Religious Knowledge, Volume IV, leqephe la 43-44, le McClintock and Strong’s Cyclopedia, Volume VIII, leqephe la 836.

d Sheba The New Cambridge History of the Bible, Volume 1, leqephe la 841.

e K’halendara ea Sejuda ea mehleng ea kajeno e bontša hore na khoeli ea Nisane e qala neng ba sebelisa bolepi ba linaleli ba khoeli e ncha, empa ho ne ho sa sebelisoe mokhoa ona mehleng ea pele. Ho e-na le hoo, khoeli e ne e qala ha khoeli e tolokile Jerusalema, sena se ne se ka etsahala letsatsi kapa matsatsi hamorao ka mor’a bolepi ba linaleli ba khoeli e ncha.

Phapang ena ke eona e etsang hore Lipaki Tsa Jehova li se ke tsa tšoara Sehopotso li ipapisitse le k’halendara ea Sejuda ea Paseka ea mehleng ea kajeno.

f Sheba A New Translation of the Bible, ea James Moffatt; The New Testament​—A Translation in the Language of the People, ea Charles B. Williams; le The Original New Testament, ea Hugh J. Schonfield.