Fetela boitsebisong

Liphutheho Tsa Lōna li Hlophisitsoe Joang?

Liphutheho Tsa Lōna li Hlophisitsoe Joang?

Sehlopha sa baholo se tsamaisa phutheho ka ’ngoe. Liphutheho tse ka bang 20 li etsa potoloho, ’me lipotoloho tse ka bang 10 li etsa setereke. Liphutheho li lula li eteloa ke baholo ba tsamaeang, ba tsejoang ka hore ke balebeli ba potoloho le balebeli ba setereke.

Sehlopha se Busang se entsoeng ka Lipaki tsa khale seo hona joale se sebeletsang ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York, se fana ka tataiso le thupelo e thehiloeng Bibeleng.—Liketso 15:23-29; 1 Timothea 3:1-7.