Fetela boitsebisong

Na ho na le Lifilimi, Libuka Kapa Lipina Tseo le li Hanelang?

Na ho na le Lifilimi, Libuka Kapa Lipina Tseo le li Hanelang?

Che. Mokhatlo oa rōna ha o hlahlobe lifilimi, libuka, kapa lipina tse itseng ebe o beha molao oa hore na litho tsa oona li qobe life. Hobane’ng?

Bibele e khothalletsa motho ka mong hore a koetlise ‘matla a hae a ho lemoha’ e le hore a tsebe ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng.—Baheberu 5:14.

Mangolo a na le melao-motheo ea bohlokoa eo Mokreste a ka e hlahlobang ha a khetha boithabiso. a Joaloka likarolong tsohle tsa bophelo, sepheo sa rōna ke ho ‘nepisisa hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.’​—Baefese 5:10.

Bibele e ruta hore bao e leng lihlooho tsa malapa ba na le boikarabelo bo itseng ba ho laola lintho, kahoo ba ka ’na ba khetha hore ba hanele litho tsa malapa a bona ka boithabiso bo itseng. (1 Bakorinthe 11:3; Baefese 6:1-4) Leha ho le joalo, ka ntle ho lelapa, ha ho na motho ea nang le matla a ho hanela litho tsa phutheho ho shebella lifilimi, ho mamela lipina kapa ho mamela libini tse itseng.​—Bagalata 6:5.

a Ka mohlala, Bibele e nyatsa ntho leha e le efe e khothalletsang tšebelisano le meea, boitšoaro bo litšila ba thobalano, kapa liketso tse mabifi.​—Deuteronoma 18:10-13; Baefese 5:3; Bakolose 3:8.