Fetela boitsebisong

SE KA THUSANG LELAPA | HO HOLISA BANA

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore le Tloaetse Bana ho Bala?​—Karolo ea Pele: Theknoloji Kapa Libuka?

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore le Tloaetse Bana ho Bala?​—Karolo ea Pele: Theknoloji Kapa Libuka?

 Nakong eo bana ba hao ba phomotseng, na ba thabela ho shebella livideo kapa ho bala? Ke eng seo ba se ratang, lifouno kapa libuka?

 Ho theosa le lilemo, batho ba ’nile ba felloa ke thahasello ea ho bala ka lebaka la TV le lintho tseo ba khonang ho li etsa Inthaneteng. Bukeng ea hae ea Endangered Minds (1990) Jane Healy o ile a re: “Ha nako e ntse e ea, batho ba ka ’na ba khaotsa ho bala.”

 Mehleng eo, u ne u ke ke oa nahana hore batho ba ne ba ka khaotsa ho bala. Leha ho le joalo, lilemo tse 30 hamorao, matichere a ile a hlokomela hore ka lebaka la theknoloji, bacha ba bangata ha ba tsebe ho bala joaloka batho ba mehleng ea pele.

Seo re tl’o ithuta sona sehloohong sena

 Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore le tloaetse bana ho bala?

  •   Ha u bala, u khona ho sebelisa monahano oa hao. Ka mohlala, ha u bala pale, na u khona ho utloa lentsoe la motho eo u balang ka eena? U shebahala joang? Moo a leng teng ho joang? Mongoli o hlalosa lintho tse ling empa motho ea balang o lokela ho iketsetsa setšoantšo se felletseng.

     ’Mè e mong ea bitsoang Laura o re: “Ha re shebella lifilimi kapa livideo, re bona tsela eo motho e mong a nahanang ka eona. Le hoja re ka thabela seo, ho na le ntho e ikhethang ka ho bala hobane u khona ho inahanela seo motho e mong a se ngotseng.”

  •   Ho bala ho thusa bana hore ba be le makhabane a matle. Ho bala ho thusa bana hore ba be le bokhoni ba ho rarolla mathata. E le hore bana ba khone ho bala, ba lokela ho tsepamisa mehopolo ea bona. Ha ba etsa joalo, ba ba le makhabane a kang mamello, boitšoaro le kutloelo-bohloko.

     Ho ba kutloelo-bohloko? E! Bafuputsi ba bang ba lumela hore ha bana ba bala lipale ka hloko, seo se ba thusa hore ba nahane ka maikutlo a batho bao ba balang ka bona. Seo se ka thusa bana hore ba bontše batho bao ba ba tsebang kutloelo-bohloko.

  •   Ho bala ho etsa hore motho a nahanisise. Batho ba balang ka hloko, ba bala ka lebelo le ba loketseng ebile ba ka ba ba pheta moo ba ntseng ba bala haeba ho hlokahala e le ho utloisisa hore na mongoli o re’ng. Ha ba etsa joalo, ba tla nolofalloa ke ho hopola seo ba ntseng ba se bala le ho rua molemo ho sona.​—1 Timothea 4:15.

     Ntate ea bitsoang Joseph o re: “Ha u bala u nolofalloa ke ho nahanisisa ka seo u se balang le ho se bapisa le seo u se tsebang ebe u lemoha seo u ithutang sona. Ha se kamehla livideo le lifilimi li re khothalletsang ho nahanisisa ka tsela ena.”

 ’Nete ea taba: Le hoja livideo le lintho tse ling li ka thusa bana ka tsela e itseng, ba ka lahleheloa ke ho hongata haeba ba sa iphe nako ea ho bala.

 U ka ba khothalletsa ho bala joang?

  •   Ba qale ba sa le banyenyane. ’Mè Chloe ea nang le bana ba babeli o re: “Re ile ra qala ho balla bana ba rona le pele ba hlaha ’me ra tsoela pele re ntse re ba balla le ka mor’a hore ba hlahe. Rea thaba hore ebe ha rea ka ra khaotsa. Ha nako e ntse e ea, ba ile ba thabela ho bala.”

     Bibele e re: “Ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang.”​—2 Timothea 3:15.

  •   Etsa hore bana ba hao ba thabele ho bala. Etsa hore ho be le libuka ka tlung e le hore bana ba hao ba ka thahasella ho bala. ’Mè Tamara ea nang le bana ba bane o re: “E-ba le libuka tseo bana ba hao ba ka thabelang ho li bala ebe u li beha pel’a libethe tsa bona.”

     Bibele e re: “Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng, esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.”​—Liproverbia 22:6.

  •   Fokotsa tšebeliso ea Inthanete. Ntate ea bitsoang Daniel o re malapa a ka ba le bosiu bo le bong bekeng moo e mong le e mong a sa sebeliseng sesebelisoa sa elektronike. O re: “Hanngoe ka beke re ne re ba le bosiu boo re sa shebelleng TV. Re ne re sebelisa nako eo ho bala hammoho kapa ka bomong.”

     Bibele e re: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”​—Bafilipi 1:10.

  •  Ba behele mohlala. ’Mè Karina ea nang le bana ba babeli o re: “Ha u ntse u balla bana ba hao lipale, etsa hore li phele ’me u bontše le ka tsela eo u balang ka eona hore u thabela ho bala. Bana ba hao ba ka latela mohlala oa hao haeba u rata ho bala.”

     Bible e re: “U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa.”​—1 Timothea 4:13.

 Ha se bana bohle ba tla rata ho bala. Leha ho le joalo, haeba u ba khothalletsa ho bala, seo se ka tsosa thahasello ea bona. Ntate David ea nang le barali ba babeli o etsa ho fetang hoo. O re: “Ke ne ke atisa ho bala seo bana ba ka ba se balang e leng se neng se nthusa hore ke bone hore na ba ne ba thahasella eng. Hape, se ne se nthusa hore ke be le lintho tseo nka buang le bona ka tsona. Re ne re se re e-na le sehlophanyana sa rona sa ho bala. Ho ne ho le monate haholo.”