Fetela boitsebisong

Nka Rapella Eng?

Nka Rapella Eng?

Karabo ea Bibele

U ka rapella ntho leha e le efe e lumellanang le melao ea Molimo joalokaha e boletsoe ka Bibeleng. “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea [Molimo], oa re utloa.” (1 Johanne 5:14) Na u ka rapella lintho tse u tšoenyang? E, Bibele e re: “Tšollelang lipelo tsa lōna ka pel’a [Molimo].”—Pesaleme ea 62:8.

Mehlala ea lintho tseo u ka li rapellang

  • Ho ba le tumelo ho Molimo.—Luka 17:5.

  • Moea o halalelang, kapa matla a sebetsang a Molimo, e le hore a u thuse ho etsa lintho tse nepahetseng.—Luka 11:13.

  • Matla a ho tobana le mathata le ho hanela teko.—Bafilipi 4:13.

  • Ho khaotsa ho tšoenyeha kapa ho ba le khutso.—Bafilipi 4:6, 7.

  • Bohlale ba ho etsa liqeto tse molemo.—Jakobo 1:5.

  • Ho thusoa ka lintho tseo u li hlokang letsatsi ka leng.—Matheu 6:11.

  • Ho tšoareloa libe.—Matheu 6:12.