Fetela boitsebisong

Tsoho ea Bafu Ke’ng?

Tsoho ea Bafu Ke’ng?

Karabo ea Bibele

Ka Bibeleng, lentsoe “tsoho” le tsoa lentsoeng la Segerike a·naʹsta·sis le bolelang “ho phahama” kapa “ho ema.” Motho ea tsositsoeng bafung o khutlisetsoa bophelong e le motho eo e neng e le eena pele a e-shoa.—1 Bakorinthe 15:12, 13.

Le hoja lentsoe “tsoho” le le sieo ka Mangolong a Seheberu, ao hangata a bitsoang Testamente ea Khale, thuto ena ea hlaha ka mangolong ao. Ka mohlala, ha Molimo a bua le moprofeta Hosea, o ile a re: “Ke tla ba lopolla letsohong la Sheole; ke tla ba lokolla lefung”—Hosea 13:14; Jobo 14:13-15; Esaia 26:19; Daniele 12:2, 13.

Batho ba tla tsosetsoa hokae? Batho ba bang ba tsosetsoa leholimong ’me ba tla busa le Kreste e le marena. (2 Bakorinthe 5:1; Tšenolo 5:9, 10) Ha Bibele e bua ka tsoho ena e re ke ‘tsoho ea pele’ le “tsoho ea pejana” e leng se bontšang hore ho na le tsoho e ’ngoe e tla latela. (Tšenolo 20:6; Bafilipi 3:11) Tsoho ena e tla etsahala lefatšeng, moo batho ba bangata ba tla tsosoa ’me ba phele ba thabile.—Pesaleme ea 37:29.

Batho ba tla tsosoa joang? Molimo o file Jesu matla a ho tsosa bafu. (Johanne 11:25) Jesu o tla tsosa “bohle ba mabitleng a khopotso,” e mong le e mong a e-na le botho ba hae bo mo khethollang a bile a ntse a e-na le mehopolo ea hae. (Johanne 5:28, 29) Ba tsosetsoang leholimong ba amohela ’mele oa moea, athe ba tsosetsoang lefatšeng bona ba tla fumana ’mele oa nama, o phethahetseng.—Esaia 33:24; 35:5, 6; 1 Bakorinthe 15:42-44, 50.

Ke bo-mang ba tla tsosoa? Bibele e re: “ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Ba lokileng ba akaretsa batho ba tšepahalang ba kang Noe, Sara le Abrahama. (Genese 6:9; Baheberu 11:11; Jakobo 2:21) Ba sa lokang ke batho ba hlōlehileng ho latela melao ea Molimo hobane ba sa ka ba fumana monyetla oa ho ithuta melao eo le ho e latela.

Leha ho le joalo, batho ba khopo hoo ba ke keng ba fetoha ba ke ke ba tsosoa. Ha batho ba joalo ba e-shoa, ho se ho felile ka bona, ha ho na tšepo ea hore ba tla tsosoa.—Matheu 23:33; Baheberu 10:26, 27.

Tsoho e tla etsahala neng? Bibele e ile ea bolela hore tsoho ea leholimo e tla etsahala nakong ea ho ba teng ha Kreste, e qalileng ka 1914. (1 Bakorinthe 15:21-23) Tsoho ea lefatšeng e tla etsahala nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete ea Jesu Kreste, ha lefatše le tla be le fetoloa paradeise.—Luka 23:43; Tšenolo 20:6, 12, 13.

Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang hore re lumele tsohong? Bibele e fana ka litlaleho tse robong tsa batho ba ileng ba tsosoa ’me ho na le batho ba ileng ba li bona ha li etsahala kaofela. (1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:32-37; 13:20, 21; Luka 7:11-17; 8:40-56; Johanne 11:38-44; Liketso 9:36-42; 20:7-12; 1 Bakorinthe 15:3-6) Tsoho e ikhethang ke ea Lazaro, kaha o ne a se a e-na le matsatsi a mane a shoele ’me Jesu o ile a etsa mohlolo oo ka pel’a batho ba bangata. (Johanne 11:39, 42) Esita le bahanyetsi ba Jesu ha baa ka ba latola hore seo se etsahetse, ke kahoo ba ileng ba rera ho bolaea Jesu le Lazaro.—Johanne 11:47, 53; 12:9-11.

Bibele e bontša hore Molimo o na le matla a ho tsosa bafu ebile o labalabela ho etsa seo. Kaha o na le mohopolo o se nang moeli, o lula a bolokile tlaleho ea motho e mong le e mong eo a tla mo tsosa, ka matla a hae a maholo ka ho fetisisa. (Jobo 37:23; Matheu 10:30; Luka 20:37, 38) Molimo o khona ho tsosa bafu ’me o batla ho etsa joalo! Ha Bibele e bua ka hore Molimo o tla tsosa bafu, e re: “U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.”—Jobo 14:15.

Mashano a mabapi le tsoho

Leshano: Tsoho ke ho kopana ha moea le ’mele.

’Nete: Bibele e ruta hore moea ke motho, eseng ntho e tsoang ho motho ha a e-shoa. (Genese 2:7, Ezekiele 18:4) Motho ea tsosoang ha a kopanngoe le moea oa hae; o bōptjoa hape e le moea o phelang.

Leshano: Batho ba bang ba tla tsosoa ebe ba timetsoa hang-hang ka mor’a moo.

’Nete: Bibele e re, “ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe,” ba tla ea “tsohong ea kahlolo.” (Johanne 5:29) Leha ho le joalo, ba tla ahloloa ho ea ka seo ba se etsang ka mor’a hore ba tsosoe, eseng pele. Jesu o ile a re: “Bafu ba tla utloa lentsoe la Mora oa Molimo ’me ba etseng hloko ba tla phela.” (Johanne 5:25) Batho ba ‘elang hloko’ kapa ba mamelang lintho tseo ba tla ithuta tsona ka mor’a tsoho, mabitso a bona a tla ngoloa ‘moqolong oa bophelo.’—Tšenolo 20:12, 13.

Leshano: Ha motho a tsosoa, o tla tsosoa ka ’mele oo a neng a e-na le oona pele a e-shoa.

’Nete: Ka mor’a hore motho a shoe, ’mele oa hae oa senyeha ’me oa fela.—Moeklesia 3:19, 20.