Fetela boitsebisong

NA E ENTSOE?

Tšintši e Thinyang ka ho Panya ha Leihlo

Tšintši e Thinyang ka ho Panya ha Leihlo

Mang le mang ea kileng a leka ho bolaea tšintši, oa tseba hore ha ho bonolo ho etsa joalo. Tšintši e bitsoang fruit fly e khona ho qoba mekhoa e mengata ea ho tšoasoa kaha e lebelo le kang la lehalima.

Bo-rasaense ba fumane hore mofuta ona oa tšintši, o khona ho thinya joaloka lifofane tsa sesole tsa jete, empa oona o thinya ka motsotsoana feela. Moprofesa Michael Dickinson o re: “Ho tloha ha li qeta ho hlaha feela li se li ntse li fofa ka lebelo. Ho tšoana le ha u ka kenya lesea ka har’a sefofane sa ntoa, ebe li sa tloha feela le se le ntse le tseba ho se khanna.”

Bafuputsi ba fumane hore tšintši ena e otlanya mapheo a eona ka makhetlo a ka bang 200 feela ka motsotsoana. Empa lekhetlo le le leng feela leo e a otlanyang ka lona, le lekane hore e khone ho thinya ’me e balehe.

Empa e nka nako e kae hore e thinye? Le hoja, leihlo le khona ho panya kapele, bafuputsi ba fumane hore tšintši ena e khona ho thinya kapele ho feta ho panya ha lona. E thinya ka makhetlo a 50 pele leihlo le ka panya. Moprofesa Dickinson o boetse o re: “Tšintši ena e bohlale haholo kaha e khona ho lemoha kotsi kapele, e be ka ho panya ha leihlo feela e khona ho bona hore na e ka balehela hokae.”

Bafuputsi ha ba e-so fumane hore na ho tla joang hore ebe tšintši e nyane tjena e thinya kapele hakana.

Tšintši ena e khona ho thinya ka motsotsoana feela hore e qobe kotsi

U nahana joang? Na ho itletse feela hore ebe tšintši ee e khona ho thinya kapele hakaale? Kapa na e entsoe?