Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

WATCHTOWER LIBRARY

Ntlafatsa Watchtower Library

Ntlafatsa Watchtower Library

U ka etsa hore Watchtower Library e ipatlele lintlafatso inthaneteng, kapa u ka intlafalletsa lingoliloeng le lihlooho tse hlahang tlas’a Article Series ho Watchtower Library u sebelisa faele ea update.

Etsa Hore Watchtower Library ea Hao e u Bolelle ha ho e-na le Lintlafatso

Latela methati ena hore Watchtower Library ea hao e khone ho u bolella ha ho e-na le lingoliloeng tse ncha le ha ho e-na le lintlafatso tse entsoeng lingoliloeng tse se ntse li le teng

  1. Ka har’a Watchtower Library, penya Laebrari, ebe u penya Properties ho bula lebokose la Libopeho tsa Laebrari.

  2. Ka har’a lebokose la Libopeho tsa Laebrari, penya Lintlafatso, ebe u khetha lebokose le reng E Daonloudele Lintlafatso.

  3. Kamehla ha ho e-na le lintlafatso tsa morao-rao inthaneteng, u tla fumana molaetsa oo u botsang na u batla ho li daonlouda. Penya Yes ho lumella Watchtower Library ho daonlouda le ho kenya lintlafatso tse ncha tšebetsong.

Ikenyetse Lintlafatso Tsa Watchtower Library

U ka Ikenyetsa Lintlafatso tsa Watchtower Library ka ho kenya faele ea update. E le hore u be le faele eo,u ka e nka k’homphieutheng e nang le ea morao-rao kapa oa e daonlouda leqhepheng lena moo ho ngotsoeng daonlouda.

Inkele Faele ea Update K’homphieutheng e ’Ngoe

Iketsetse faele ea update ka ho latela methati ena:

  1. Ka har’a Watchtower Library, penya Thuso, u penye Ikenyetse Lintlafatso ebe u penya Etsa Lintlafatso.

  2. Khetha moo u tla boloka Faele ea Update K’homphieutheng ea hau, ebe u penya Save. Watchtower Library e tla iketsetsa faele e qetellang ka“.updatepkg”.

Daonlouda Faele ea Update

Penya konopo e ka tlaase e ngotsoeng daonlouda ho fumana hore na lintlafatso tsa morao-rao li teng ka puo ea hau. Haeba li teng, latela litaelo tsa ho kenya Watchtower Library hore u be le faele k’homphieutheng ea hau.

Kenya Lintlafatso Tsa Morao-rao

Ho ntlafatsa Watchtower Library u sebelisa faele ea lintlafatso tsa morao-rao latela methati ena:

  1. Ka har’a Watchtower Library, penya Thuso, u penye Ikenyetse Lintlafatso ebe u penya Kenya Lintlafatso.

  2. Lebokoseng le tla hlaha e ea Faeleng e qetellang ka“ updatepkg”. Khetha faele eo ebe u penya open ho ntlafatsa Watchtower Library.